Ho Chesa Libano—Na ho na le Sebaka Borapeling ba ’Nete?
“MELIMO e rata menko e monate.” Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba atisa ho rialo. Ho bona, ho chesa libano e ne e le karolo e khōlō ea borapeli ba bona. Ba e-na le tumelo ea hore melimo e haufi, Baegepeta ba ne ba chesa libano letsatsi le leng le le leng litempeleng tsa bona le lialetareng tsa matlo a bona esita le ha ba etsa mesebetsi ea khoebo. Lichaba tse ling li ne li e-na le meetlo e tšoanang.
Libano ke eng? Lentsoe lena le ka bolela mosi kapa ntho e chesitsoeng. Li etsoa ka bōka le boroku bo monko o monate, joaloka libano tse tšoeu le balsame. Lintho tsena lia siloa hore e be phofo ’me hangata li tsoakoa le lintho tse kang linōko, makhapetla a sefate le lipalesa ho hlahisa menko e itseng e sebelisetsoang merero e khethehileng.
Libano li ne li ratoa haholo, kahoo e ne e le ntho ea bohlokoa mehleng eo ea boholo-holo hoo metsoako ea tsona e ileng ea fetoha thepa ea bohlokoa e rekisoang. Bahoebi ba hahlaulang ba ne ba isa thepa ena linaheng tse hōle ba tsamaea ka litsela tsa khoebo. U tla hopola hore mora oa Jakobo e monyenyane, e leng Josefa, o ile a rekisetsoa bahoebi ba Baishmaele ba “tsoang Gileade, ’me likamele tsa bona li ne li jere labdaname le balsame le makhapetla a nang le boroku ba sefate, ba le tseleng ea ho li isa Egepeta.” (Genese 37:25) Palo ea batho ba sebelisang libano e ile ea eketseha ho fihlela moo ho rekisa libano tse tšoeu, hoo ntle ho pelaelo ho qaliloeng ke bahoebi ba libano, ho ileng ha bula litsela tsa khoebo pakeng tsa Asia le Europe.
Meketeng le litšebeletsong tsa malumeli a mangata kajeno ho ntse ho chesoa libano. Ho feta moo, batho ba ntseng ba eketseha ba khetha ho chesa libano malapeng a bona e le hore ba thabele monko oa tsona o monate. Bakreste ba lokela ho talima ho chesa libano joang? Na Molimo oa ho amohela borapeling? A re hlahlobe seo Bibele e se buang tabeng ena.
Ke “Ntho e Halalelang ho Jehova”
Iseraeleng ea boholo-holo, ho chesa libano ho ne ho phetha karolo ea bohlokoa mesebetsing ea baprista ka tabernakeleng. Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Ha e le hantle, ho bonahala eka Baheberu ba ne ba nka ho chesa libano e le ketso ea bohlokoa haholo ea borapeli kapa e le nyehelo e halalelang hoo ho seng kae kapa kae moo re balang ka hore ba ne ba sebelisa libano ntle ho moo.”
Jehova Molimo o ne a laetse hore ho tsoakoe metsoako e mene ’me e chesoe tabernakeleng: “Inkele litlolo tse nkhang hamonate: marotholi a stakte le onyka le galbaname e nkhang hamonate le libano tse tšoeu tse hloekileng. Ho lokela hore ho be le karolo e lekanang ea se seng le se seng sa tsona. U li etse libano, motsoako oa linōko, e le mosebetsi oa moetsi oa mafura, o nōkiloeng ka letsoai, o hloekileng, ntho e halalelang. U tule o mong oa oona hore e be phofo e thumisehileng ’me u behe o mong oa oona ka pel’a Bopaki tenteng ea pokano.” (Exoda 30:34-36) Litsebi tse ling li bolela hore hamorao bo-rabi ba Bajuda ba ile ba li eketsa ka metsoako e meng hore li sebelisoe tempeleng.
Ho chesa libano tabernakeleng ho ne ho halalela, ho sebelisoa feela borapeling ba Molimo. Jehova o ile a laela a re: “Libano tseo u tla li etsa ka motsoako ona, le se ke la iketsetsa tsona. Ho lōna li lokela ho tsoela pele e le ntho e halalelang ho Jehova. Mang kapa mang ea etsang o tšoanang le oona bakeng sa ho thabela monko oa oona o tla felisoa sechabeng sa habo.” (Exoda 30:37, 38) Baprista ba ne ba chesa libano habeli ka letsatsi aletareng e khethiloeng. (2 Likronike 13:11) ’Me ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a chesa libano ka Sehalalelisisong.—Levitike 16:12, 13.
Molimo o ne a sa amohele linyehelo tsohle tsa libano. O ile a otla batho bao e neng e se baprista ba neng ba iketelletsa pele ka ho nyehela libano joalokaha eka ke baprista. (Numere 16:16-18, 35-40; 2 Likronike 26:16-20) Libano tseo sechaba sa Bajuda se ileng sa li nyehela ha ka nako e tšoanang se ne se kopanela liketsong tsa borapeli ba bohata le ho tlatsa matsoho a sona ka tšollo ea mali, li ne li nyonyeha ho Jehova. Boikaketsi ba sona bo ile ba etsa hore Jehova a phatlalatse hore: “Libano—li manyala ho ’na.” (Esaia 1:13, 15) Baiseraele ba ile ba hlokomoloha borapeli boo Jehova a bo laetseng hoo ba ileng ba koala tempele ’me ba chesa libano lialetareng tse ling. (2 Likronike 28:24, 25) Lilemo hamorao libano tse halalelang li bile tsa sebelisoa borapeling bo silafetseng ba melimo ea bohata. Mekhoa e joalo e ne e nyonyeha ho Jehova.—Ezekiele 16:2, 17, 18.
Libano le Bakreste ba Pele
Selekane sa Molao, se neng se akarelletsa taelo ea hore baprista ba nyehele libano tse halalelang, se ile sa fela ha Kreste a ne a theha selekane se secha ka 33 C.E. (Bakolose 2:14) Ha ho tlaleho e bontšang hore Bakreste ba pele ba ne ba chesa libano ka morero oa borapeli. Mabapi le sena, Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Ke ’nete hore [Bakreste ba pele] ba ne ba sa sebelise libano. Ha e le hantle ho li sebelisa e ne e le pontšo ea bohetene . . . Lithollo tse seng kae tsa libano tseo molateli ea mafolofolo a neng a li akhela aletareng ea bohetene li ne li emela ketso ea borapeli.”
Bakreste ba pele ba ne ba boetse ba hana ho chesa libano ho amohela “bomolimo” ba moemphera oa Roma, le hoja seo se ne se ka ’na sa etsa hore ba lahleheloe ke bophelo. (Luka 4:8; 1 Bakorinthe 10:14, 20) Ka lebaka la ho sebelisoa ha libano borapeling ba litšoantšo mehleng eo, ha ho makatse hore ebe Bakreste bao ba pele ba ne ba bile ba sa kopanele khoebong ea libano.
Ho Chesoa ha Libano Kajeno
Libano li sebelisoa joang kajeno? Likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li nyehela libano meketeng le litšebeletsong tsa bolumeli. Malapa a mangata a batho ba Asia a chesa libano litempeleng kapa lialetareng tsa matlo e le ho hlompha melimo ea ’ona le ho sireletsa bafu. Libano li ’nile tsa sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng litšebeletsong tsa bolumeli, bakeng sa ho kubetsa, ho phekola, ho hloekisa le ho sireletsa.
Morao tjena libano li boetse li atile esita le bathong ba sa reng letho ka bolumeli. Ba bang ba chesa libano ha ba thuisa. Buka e ’ngoe e khothalletsa hore ho sebelisoe libano “ho sibolla liphiri tsa monahano” le “matla” a ka nģ’ane ho a lefatše la tlhaho. E boetse e khothalletsa litšebeletso tsa ho chesa libano tse amanang le ho kopana le “matla a phahametseng tlhaho,” bakeng sa ho rarolla mathata a bophelo. Na mekhoa e joalo e loketse Bakreste?
Jehova o nyatsa ka ho feletseng ba lekang ho tsoaka mekhoa ea bolumeli ba bohata le borapeli bo hloekileng. Moapostola Pauluse o ile a qotsa boprofeta ba Esaia ’me a bo sebelisa ho Bakreste, a ba phehella hore ba lule ba hloekile tšusumetsong e sa hloekang ea bolumeli ba bohata. O ile a ngola a re: “‘Tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ke tla le amohela.’” (2 Bakorinthe 6:17; Esaia 52:11) Bakreste ba ’nete ba hlokolosi ho qoba ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata kapa matla a phahametseng tlhaho.—Johanne 4:24.
Na ’nete ea hore libano li sebelisoa meketeng ea bolumeli le tšebelisanong le meea e bolela hore ho chesa libano ho fosahetse ka ho feletseng? Che. E ka ’na eaba motho o lakatsa ho chesa libano ho nkhisa lehae la hae hamonate e le feela ho thabela monko oa tsona o monate. (Liproverbia 27:9) Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho nahanela lintlha tse itseng ha a khetha ho chesa libano. Na ba bang sebakeng seo u phelang ho sona ba tla amahanya ho sebelisoa ha libano le mokhoa o itseng oa bolumeli ba bohata? Na tikolohong ea lōna, libano li atisa ho amahanngoa le litšebeletso tsa ho sebelisana le meea? Kapa na li atisa ho sebelisetsoa merero eo e seng ea bolumeli?
Haeba motho a khetha ho chesa libano, qeto ea hae e lokela ho nahanela letsoalo la hae le maikutlo a ba bang. (1 Bakorinthe 10:29) Mantsoe a moapostola Pauluse ho Baroma aa sebetsa. O ile a ngola a re: “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona. Khaotsang ho qhaqha mosebetsi oa Molimo feela ka lebaka la lijo. Ke ’nete, lintho tsohle li hloekile, empa ho kotsi ho motho ea jang ha ho e-na le boemo bo bakang ho khoptjoa. Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.”—Baroma 14:19-21.
Lithapelo Tse ‘Lokisitsoeng Joaloka Libano’
Ho Baiseraele ho nyehela libano ho ne ho tšoantšetsa ka ho loketseng lithapelo tseo Molimo a li utloang. Ke kahoo mopesaleme Davida a ileng a binela Jehova a re: “E se eka thapelo ea ka e ka lokisoa joaloka libano ka pel’a hao.”—Pesaleme ea 141:2.
Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba sa nke ho nyehela libano e le mokhoa feela o se nang thuso. Ba ne ba le hlokolosi ho lokisa libano le ho li chesa ka tsela eo Jehova a e laetseng. Bakreste kajeno ha ba sebelise libano tsa sebele, ho e-na le hoo ba nyehela lithapelo tse bontšang ho ananela Ntate oa rōna oa leholimo le ho mo hlompha ka ho tebileng. Ho tšoana le libano tse monko o monate tseo baprista ba tempele ba neng ba li nyehela, Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “Thapelo ea ba lokileng ea mo khahlisa.”—Liproverbia 15:8.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Libano tse neng li chesoa tabernakeleng le tempeleng li ne li halalela
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Na ho chesa libano ha motho a thuisa ho loketse Bakreste?