Alexander VI—Mopapa eo Roma e sa mo Lebaleng
“HO EA ka pono ea K’hatholike, ha ho na mantsoe a lekaneng a ho nyatsa ka matla Alexander VI.” (Geschichte der Päpste seit dem Ausgang des Mittelalters [Histori ea Bapapa ho Tloha Qetellong ea Mehla e Bohareng]) “Bophelo ba hae ba sekhukhung bo ne bo hlabisa lihlong ka ho feteletseng . . . Re lokela ho lumela hore mopapa enoa o tlotlolla Kereke. Ba phetseng mehleng ea lelapa la ha Borgia, le hoja ba tloaetse liketso tse nyarosang joalo, ba ne ba nka litlōlo tsa lona tsa molao e le tse tšosang haholo, tseo le ka mor’a lilemo tse makholo a mane liphello tsa tsona li ntseng li e-s’o nyamele.”—L’Église et la Renaissance (1449-1517)(Kereke le Tsosoloso).
Ke hobane’ng ha libuka tse nkeloang holimo tsa histori ea Kereke ea Roma e K’hatholike li hlalosa mopapa eo le ba lelapa la hae ka tsela e bohale joalo? Ba entse’ng hore ba tšoaneloe ke ho nyatsuoa joalo? Pontšo e neng e tšoaretsoe Roma (October 2002–February 2003), tlas’a sehlooho se reng I Borgia—l’arte del potere (Ba ha Borgia—Tsebo ea ho Laola), e ile ea fana ka monyetla oa ho nahana ka matla a ikhethang ao mopapa a reng o na le ’ona, haholo-holo ka tsela eo Rodrigo Borgia, kapa Alexander VI (mopapa 1492-1503) a ileng a a sebelisa ka eona.
Ho Hloa se Maratsoana
Rodrigo Borgia o hlahile ka 1431 a hlahela lelapeng le tummeng, Játiva, ’musong oa Aragon, moo hona joale e leng Spain. Malom’ae Alfonso de Borgia, mobishopo oa Valencia, o ile a ruta mochan’ae ’me a tiisa hore Rodrigo o hiroa ke kereke (o fuoa mosebetsi oa kereke o lefang) a sa le tlaase lilemong. Rodrigo o ile a fallela Italy a le lilemo li 18, moo a ileng a ithutela molao teng, a le tlas’a tšireletso ea Alfonso, eo ka nako eo e neng e le mok’hadinale. Ha Alfonso e e-ba Mopapa Calixtus III, o ile a etsa Rodrigo le mochan’ae e mong bak’hadinale. Pere Lluís Borgia o ile a fuoa matla a puso metseng e fapa-fapaneng. Ka mor’a nakoana Rodrigo o ile a khetheloa ho ba motlatsi oa mochanselara oa kereke, e leng boemo boo a ileng a sebeletsa ho bona tlas’a bapapa ba sa tšoaneng, bo ileng ba mo nolofalletsa ho etsa mesebetsi e mengata e lefang haholo, ho bokella leruo le leholo, ho sebelisa matla a maholo le ho phela bophelo bo mabothobotho joaloka khosana.
Rodrigo o ne a le bohlale, e le sebui se kheleke, a tšehetsa tsa bonono ka lichelete a bile a khona ho finyella lipakane tsa hae. Leha ho le joalo, o ne a e-na le likamano tse ’maloa tse seng molaong, o ile a ba le bana ba bane le mocheliete oa hae le bana ba bang ka basali ba bang. Le hoja Mopapa Pius II a ile a mo khalemella ho sekamela ha hae boithabisong “ba boitšoaro bo hlephileng” le “menyakeng e se nang moeli,” Rodrigo ha aa ka a fetola litsela tsa hae.
Ka mor’a lefu la Mopapa Innocent VIII ka 1492, bak’hadinale ba kereke ba ile ba kopana ho khetha mohlahlami oa hae. Ke ho tsebahalang hore Rodrigo Borgia o ile a reka livoutu tse lekaneng tsa bak’hadinale-’moho le eena ka ho ba tšepisa maruo le mesebetsi e lefang e le hore a tlohe sebokeng seo e le Mopapa Alexander VI. O ile a lefa livoutu tsa bak’hadinale joang? Ka ho ba fa maemo ka kerekeng, matlo a majabajaba, a sirelelitsoeng, metse, matlo a baitlami le maemo a babishopo a tsamaisanang le meputso e holimo. U tla utloisisa lebaka leo ka lona rahistori e mong oa kereke a ileng a re puso ea Alexander VI e ne e le “matsatsi a tlotlollang le a sekhobo Kerekeng ea Roma.”
O ne a sa Fapana le Likhosana Tse Ling
Ka lebaka la matla a hae bolumeling e le hlooho ea kereke, Alexander VI o ile a rarolla khang pakeng tsa Spain le Portugal ka libaka tse ncha tse neng li sa tsoa sibolloa Linaheng Tsa Amerika. Matla a hae ka ntle ho kereke a ile a mo etsa hlooho ea linaha tse ka tlas’a mopapa libakeng tse Italy bohareng, ’me o ile a tsamaisa ’muso oa hae feela joaloka ’musi leha e le ofe oa Mehleng ea Tsosoloso. Puso ea Alexander VI, ho tšoana le ea bapapa ba bileng teng pele ho eena le ka morao ho eena, e ile ea tšoauoa ka ho amohela tjotjo le ka ho isa mejo ho ba malapa abo bona le ho bolaoa ha batho ba itseng ka tsela e belaetsang.
Mebuso ea ba lireng e ile ea loanela libaka tsa Italy linakong tseo tse merusu, ’me mopapa o ile a kenella ka mafolofolo. Maqheka a hae le lilekane tsa lipolotiki tseo a neng a li theha a be a li senye, li ne li reretsoe ho mo fa matla a feletseng, ho ntšetsa pele thuto ea bana ba hae le ho phahamisetsa lelapa la ha Borgia ka holim’a a mang ’ohle. Mora oa hae Juan, ea ileng a nyala motsoala oa morena oa Castile, o ile a etsoa khosana ea Gandía, Spain. Mora oa hae e mong, Jofré, o ile a nyala setloholo sa morena oa Naples.
Ha mopapa a ne a hloka ho theha selekane ho matlafatsa likamano tsa hae le Fora, o ile a koenehela tšepiso ea lenyalo la morali oa hae ea lilemo li 13, Lucrezia, ho mohlomphehi oa Aragon ’me a mo nyalisa mong ka khosana ea Milan. Ha lenyalo leo le se le se na thuso ea letho lipolotiking, ho ile ha fumanoa leqheka la ho le felisa, ’me Lucrezia o ile a nyalisoa setho sa lesika la lireng, e leng Alfonso oa Aragon. Ho sa le joalo, khaitseli ea Lucrezia e makōkō le e sehlōhō, e leng Cesare Borgia, e ile ea theha selekane le Louis XII oa Fora, ’me taba ea khaitseli ea hae e sa tsoa nyaloa ke Moaragon ea e-ba mahlabisa-lihlong. Tharollo e ile ea e-ba efe? Mohloli o mong oa boitsebiso o bolela hore Alfonso, monna oa Lucrezia ea malimabe, “o ile a lematsoa ke batho ba bane ba neng ba leka ho mo bolaea litepising tsa St. Peter. Ha a ntse a hlaphoheloa, e mong oa bahlanka ba Cesare o ile a mo khama ho fihlela a e-shoa.” A lakatsa ho theha selekane se secha se tla atleha, mopapa o ile a lokisetsa hore Lucrezia, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 21, a nyaloe lekhetlo la boraro ke mora oa khosana e matla ea Ferrara.
Liketso tsa Cesare li ’nile tsa hlalosoa e le “tlaleho ea bolotsana, le tse khenathetseng mali.” Le hoja ntat’ae a ile a khetha Cesare ho ba mok’hadinale ha a le lilemo li 17, o ne a batla a tšoaneleha bakeng sa ntoa ho e-na le litabeng tsa kereke, a le maqiti, a le makōkō a bile a bolile joaloka ba bang ba seng bakae. Ka mor’a ho itokolla mosebetsing oa kereke, o ile a nyala khosatsana ea Mofora, kahoo ea e-ba khosana ea Valentinois. Ka mor’a moo, ka thuso ea mabotho a Fora, o ile a qala letšolo la ho hapa le ho bolaea e le hore karolo e ka leboea ea Italy e be tlas’a taolo ea hae.
E le ho tiisa hore mabotho a Fora a fana ka thuso e hlokahalang ho ntšetsa pele lipakane tsa Cesare, mopapa o ile a lumella mahlabisa-lihlong a Louis XII oa Fora ha a batla ho hlala ka mabaka a sa utloahaleng e le hore a nyale Anne oa Brittany le ho atolosa sebaka sa ’muso oa hae. Ha e le hantle, buka e ’ngoe ea litšupiso e re mopapa “o ile a tela botumo ba Kereke le melao-motheo e sa fetoheng e le hore a fumanele litho tsa lelapa la hae molemo.”
Ho Nyatsa Boitšoaro bo Feteletseng ba Bapapa
Boitšoaro bo feteletseng ba lelapa la ha Borgia bo ile ba le tsosetsa lira le ho nyatsuoa. Ha e le hantle mopapa o ile a hlokomoloha bahanyetsi ba hae, empa motho a le mong eo a neng a ke ke a mo hlokomoloha e ne e le Girolamo Savonarola. E ne e le moitlami oa Modominike, ’moleli ea bohale le moeta-pele oa lipolotiki oa Florence. O ile a nyatsa boitšoaro bo hlephileng ba lekhotla la mopapa hammoho le liketso tsa mopapa le lipolotiki tsa hae, a hatisa hore a tlosoe litulong le hore kereke e ntlafatsoe. Savonarola o ile a tletleba ka ho re: “Baeta-pele ba Kereke, . . . bosiu le ea linyatsing tsa lōna ebe hoseng le ea lisakramenteng.” Hamorao o ile a re: “[Baeta-pele bao] ba na le sefahleho sa seotsoa, botumo ba bona bo beha Kereke kotsing. Kea le bolella, bana ha ba na tumelo ea Bokreste.”
Moo a lekang ho mo koala molomo, mopapa o ile a fa Savonarola boemo ba ho ba mok’hadinale, boo a ileng a bo hana. Ebang e ne e le ka lebaka la lipolotiki tsa hae a hanyelitseng mopapa kapa ke ka lebaka la boboleli ba hae a ileng a tlosoa tseleng, qetellong Savonarola o ile a khaoloa, a tšoaroa, a hlorisoa hore a etse boipolelo, a ntan’o fanyehoa le ho chesoa.
Lipotso Tse Tebileng
Liketsahalo tsena tsa histori li hlahisa lipotso tsa bohlokoa. Bomenemene le boitšoaro bo joalo ba mopapa bo ka hlalosoa joang? Bo-rahistori ba bo hlalosa joang? Ba tšetleha mabaka ka litsela tse fapaneng.
Ba bangata ba lumela hore Alexander VI o lokela ho hlalosa ho latela histori ea nako eo a phetseng ka eona. Ba nka hore mesebetsi ea hae ea lipolotiki le ea kereke e ne e laoloa ke takatso ea ho sireletsa khotso, ho boloka botsitso pakeng tse linaha tse loantšanang, ho matlafatsa maqhama a botsoalle le linaha tsa selekane tse ka sireletsang mopapa le ho boloka babusi ba Bokreste-’mōtoana ba momahane khahlanong le tšokelo ea Turkey.
Empa ho thoe’ng ka boitšoaro ba hae? Setsebi se seng se re: “Ka linako tsohle Kereke e ’nile ea e-ba le Bakreste ba babe le baprista ba sa tšoaneleheng. E le hore ho se be le ea nyarosoang ke sena, Kreste o ile a bolela sena esale pele; o ile a ba a bapisa Kereke ea hae le tšimo eo ho eona ho hōlang koro e ntle le mofoka, kapa letlooa leo ka ho lona ho nang le litlhapi tse ntle le tse mpe, feela joalokaha a ile a mamella Judase har’a baapostola ba hae.”a
Setsebi sona seo se tsoela pele: “Feela joalokaha ho tšoekama ho itseng moetsong oa lebenyane ho sa theole boleng ba lona, ho joalo le ka boetsalibe ba moprista, ha ho hlokahale hore bo sekisetse . . . thuto eo a e rutang. . . . Khauta e sala e le khauta, ho sa tsotellehe hore na matsoho a e abang a hloekile kapa ha aa hloeka.” Rahistori e mong oa K’hatholike o tšetleha lebaka la hore tekanyetso eo Bak’hatholike ba sebele ba neng ba lokela ho e latela tabeng ea Alexander VI ke keletso eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae mabapi le bangoli le Bafarisi: ‘Le etse seo ba le bolellang sona, empa le se ke la etsa seo ba se etsang.’ (Matheu 23:2, 3) Leha ho le joalo, na lebaka le joalo le hlile lea utloahala?
Na Boo ke Bokreste ba ’Nete?
Jesu o ile a fana ka tataiso e bonolo ho hlahloba boleng ba ba ipolelang hore ke Bakreste: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona. Le ka mohla batho ha ba bokelle morara meutloeng kapa lifeiga hlabahlabaneng, na ha ho joalo? Ka ho tšoanang sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, kapa sefate se bolileng sa hlahisa litholoana tse ntle. Joale, ka sebele, le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.”—Matheu 7:16-18, 20.
Ha re akaretsa taba, baeta-pele ba bolumeli ba finyeletse tekanyetso ea tsela ea Bokreste ba ’nete bo thehiloeng ke Jesu le ho bonahatsoa ke balateli ba hae ba ’nete ho isa bohōleng bofe ho theosa le makholo a lilemo, hona kajeno ba e finyella ho isa bohōleng bofe? A re hlahlobeng likarolo tse peli feela—ho itšunya-tšunya lipolotiking le tsela ea bona ea bophelo.
Jesu e ne e se khosana ea lefatše. O ne a phela bophelo bo itekanetseng, o ile a ba a lumela hore o ne a bile a se na moo “a ka behang hlooho ea hae teng.” ’Muso oa hae e ne e se “karolo ea lefatše,” ’me barutuoa ba hae e ne e lokela ‘ho se be karolo ea lefatše, feela joalokaha [eena e ne e] se karolo ea lefatše.’ Ka hona Jesu o ile a hana ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki tsa mehleng ea hae.—Matheu 8:20; Johanne 6:15; 17:16; 18:36.
Leha ho le joalo, na hase ’nete hore ka makholo a lilemo mekhatlo ea bolumeli e ’nile ea itsoakanya le babusi ba lefatše e le hore e fumane matla le maruo, le hoja see se ile sa fella ka ho hlopheha ha batho feela ba tloaelehileng? Hape na hase ’nete hore baruti ba eona ba bangata ba phela bophelo bo mabothobotho, le hoja batho ba likete bao ba lokelang ho ba sebeletsa e ka ’na eaba ba futsanehile?
Jakobo, e leng ngoan’abo Jesu, o ile a re: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Ke hobane’ng ha e e-ba “sera sa Molimo”? Johanne oa Pele 5:19 e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”
Rahistori e mong oa mehleng ea Borgia, o ile a ngola mabapi le boitšoaro ba Alexander VI, a re: “Bophelo ba hae e ne e le ba boitšoaro bo hlephileng. O ne a se na lihlong, a se na ’nete, a bile a se na tumelo kapa borapeli. O ne a tsoile pelo ke meharo, a rata maemo a mo fetang, a le lonya a bile a chesoa ke tabatabelo ea hore bana ba hae ba bangata ba tsoele pele.” Bonneteng, Borgia e ne e se eena feela har’a litho tse phahameng tsa kereke ea ileng a itšoara ka tsela ena.
Mangolo a re’ng ka boitšoaro bo joalo? Moapostola Pauluse o ile a botsa a re: “Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa . . . bafebi, kapa . . . batho ba meharo . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.
O mong oa merero e ileng ea phatlalatsoa pontšong e sa tsoa tšoareloa Roma ka lelapa la ha Borgia e bile “ho hlalosa batho bana ba phahameng ho latela histori ea nako eo ba phetseng ka eona . . . , e le hore ba utloisisoe empa eseng hore ba hlohlolloe molato kapa hore ba nyatsuoe.” Ha e le hantle, ho ile ha sallana le baeti hore ba iketsetse liqeto. Joale uena u finyeletse qeto efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana litlhaloso tse nepahetseng tsa lipapiso tsena, bona Molula-Qhooa oa February 1, 1995, leqepheng la 5-6 le oa June 15, 1992, leqepheng la 17-22.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Rodrigo Borgia, Mopapa Alexander VI
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Borgia, ntate oa Lucrezia, o ile a mo sebelisetsa ho ikekeletsa matla
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Cesare Borgia o ne a rata maemo a mo fetang a bile a bolile
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Kaha Girolamo Savonarola o ne a ke ke a khutsisoa, o ile a fanyehoa ’me a chesoa