Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/1 leq. 8
  • Mofuta o Babatsehang ka ho Fetisisa oa Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mofuta o Babatsehang ka ho Fetisisa oa Lerato
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Latela “Tsela e Fetisisang” ea Lerato?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Seo Lerato (Agape)—Le Seng Sona le Seo le Leng Sona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Ka Holim’a Lintho Tsohle, le Bontšane Lerato le Matla Haholo”
    Le Lule le Lebetse!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/1 leq. 8

Mofuta o Babatsehang ka ho Fetisisa oa Lerato

HANGATA ka Mangolong a Segerike a Bakreste, kapa Testamenteng e Ncha, lentsoe “lerato” le fetolela lentsoe la Segerike a·gaʹpe.

Ha buka ea Insight on the Scripturesa e hlalosa lentsoe lena, e re: “[A·gaʹpe] hase maikutlo feela a thehiloeng kamanong eo motho a bang le eona le ba bang, joalokaha hangata batho ba nahana joalo, empa ke lerato le thehiloeng boikhethelong le laoloang ke molao-motheo, tlamo le se loketseng, ’me ka tieo le batlela ba bang se molemo tumellanong le se nepahetseng. A·gaʹpe (lerato) e hlōla bora, ha ho mohla e bo lumellang hore bo etse hore motho a lahle melao-motheo e lokileng ’me le eena a bontše bora ha ba bang ba bontša bora ho eena.”

A·gaʹpe e boetse e akarelletsa boikutlo bo tebileng. Moapostola Petrose o ile a fana ka keletso e reng: “Le bontšane lerato [a·gaʹpe] le matla haholo.” (1 Petrose 4:8) Kahoo, ho ka boleloa hore a·gaʹpe e ama pelo esita le kelello. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe mangolo a mang a bontšang matla le ho pharalla ha lerato lee le babatsehang ka ho fetisisa? Mangolo a latelang a ka ba molemo: Matheu 5:43-47; Johanne 15:12, 13; Baroma 13:8-10; Baefese 5:2, 25, 28; 1 Johanne 3:15-18; 4:16-21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela