“E Tlositse Lenyora la Ka”
“KE LE leboha ka pelo ea ka kaofela ka mpho ena e ntle ea buka ea Atamela ho Jehova. E tlositse lenyora leo ke neng ke e-na le lona la ho batla ho utloa hore Jehova oa nthata ebile o nkuka ke le oa bohlokoa. Hona joale ke ikutloa ke le haufi-ufi le Jehova le Mora ea ratoang oa hae. Ke batla ho bolella e mong le e mong ka buka ena, hape ke batla ho e fa baratuoa bohle ba ka.” E mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a ikutloa ka tsela ena ka buka ena e ncha e nang le maqephe a 320 e lokolotsoeng Likopanong Tsa Setereke Tsa “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang” tse neng li tšoeroe ka 2002/03. A re hlahlobeng litšobotsi tse ling tsa buka ena e ncha le hore na ke hobane’ng ha e ile ea hatisoa.
Litšobotsi Tse Ling Tsa Buka Ena e Ncha
Buka ee e ncha e bua ka eng? E bua ka boitsebiso bohle bo lihloohong tse peli tse ithutoang tse tokollong ena—le bo bong bo bongata! Buka ena e na le likhaolo tse 31, ’me e ’ngoe le e ’ngoe e batla e lekana le sehlooho se ithutoang sa Molula-Qhooa. Ka mor’a selelekela le likhaolo tsa pele tse tharo, buka ena e arotsoe ka likarolo tse ’nè, karolo ka ’ngoe e tšohla tšobotsi ka ’ngoe ea Jehova e ka sehloohong. Karolo ka ’ngoe e qala ka kakaretso ea tšobotsi e itseng. Likhaolo tse seng kae tse latelang li tšohla kamoo Jehova a bonahatsang tšobotsi eo kateng. Karolo ka ’ngoe e na le khaolo e buang ka Jesu. Hobane’ng? Jesu o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Kaha Jesu o etsisa Jehova ka ho phethahetseng, o re fa mohlala o hlakileng oa kamoo litšobotsi tsa Molimo li sebetsang kateng. Karolo ka ’ngoe e phethela ka khaolo e re rutang kamoo re ka etsisang Jehova kateng ho bonahatseng tšobotsi e tšohliloeng. Buka ena e ncha ha e tšohla litšobotsi tsa Jehova, e qotsa libukeng tsohle tsa Bibele.
Buka ea Atamela ho Jehova e boetse e na le litšobotsi tse ling tse ikhethang. Ho qala ka khaolo ea 2, khaolo ka ’ngoe e na le lebokose le nang le sehlooho se reng “Lipotso Tsa ho Thuisa.” Litemana le lipotso tse lokiselitsoeng, ha lia rereloa ho hlahloba khaolo. Ho e-na le hoo, li reretsoe ho u thusa ho sebelisa Bibele ha u nahanisisa ka taba e tšohliloeng. U khothalletsoa hore u bale ka hloko Mangolo a bontšitsoeng. Ebe u nahanisisa ka potso e botsitsoeng, ’me u leke ho e sebelisa bophelong ba hao. Ho nahanisisa hoo ho ka susumetsa pelo ea hao, ha u thusa ho atamela haufi-ufi le Jehova.—Pesaleme ea 19:14.
Litšoantšo tse bukeng ea Atamela ho Jehova li sekasekiloe ka hloko le ho hlophisoa e le hore li ka ruta le ho susumetsa. Likhaolo tse 17 li na le litšoantšo tse ntle tse tletseng leqephe tsa liketsahalo tsa mehleng ea Bibele.
E Hatisitsoe ka Lebaka Lefe?
Ke hobane’ng ha buka ea Atamela ho Jehova e ile ea hatisoa? Morero o ka sehloohong oa buka ena e ncha ke ho re thusa hore re tsebe Jehova hamolemo e le hore re ka haha kamano e matla haholo ea botho le Molimo oa rōna.
Na ho na le motho eo u nahanang ka eena ea ka ruang molemo bukeng ea Atamela ho Jehova, e bang ke seithuti sa Bibele, mohlomong mora kapa morali oabo rōna ea khaolitseng ho kopanela? Na uena u se u qalile ho bala buka ee e ncha? Haeba ha u e-s’o qale, ke hobane’ng ha u sa behe nako, ’me u qale kapele kamoo u ka khonang? Iphe nako ea ho nahana ka seo u se balang. E se eka buka ena e ka u thusa ho atamela haufi-ufi le Jehova Molimo, e le hore u phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae ka thabo le cheseho tse eketsehileng!