Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/15 maq. 29-31
  • Eusebius—“Na ke Moqapi oa Histori e Ngotsoeng ea Kereke?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Eusebius—“Na ke Moqapi oa Histori e Ngotsoeng ea Kereke?”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libuka Tsa Hae Tsa Bohlokoa
  • Mabaka a Hae a Mabeli a ho Ngola
  • Lipatlisiso Tsa Hae Tse Batsi
  • Na o ne a Rata ’Nete?
  • Se ka Ithutoang
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Constantine e Moholo—Na ke Moloaneli oa Bokreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/15 maq. 29-31

Eusebius—“Na ke Moqapi oa Histori e Ngotsoeng ea Kereke?”

SELEMONG sa 325 C.E., Moemphera oa Roma ea bitsoang Constantine o ile a bitsetsa babishopo bohle Nicaea. Ka morero ofe? Oa ho rarolla khang e telele ea kamano ea Molimo le Mora oa hae. Eusebius oa Sesarea, e leng monna ea neng a nkoa a rutehile haholo mehleng ea hae, e ne e le e mong oa ba bitsitsoeng. Eusebius o ne a ile a khothalla ho ithuta Mangolo ’me hape e ne e le mosireletsi oa borapeli ba Bokreste ba molimo a le mong.

Encyclopædia Britannica e re Sebokeng sa Nicaea, “Constantine e ne e le eena ea okametseng, ka mafolofolo a tsamaisa lipuisano, ’me ka boeena a hlahisa . . . moralo oa bohlokoahali o bontšang kamano ea Kreste le Molimo molao-motheong o ntšitsoeng ke lekhotla, ‘oa boleng bo le bong le Ntate’ . . . Ka baka la khatello ea ’musi eo, babishopo, ntle ho ba babeli feela, ba saenela molao-motheo oo, ba bangata ba bona e le khahlanong le maikutlo a bona.” Na Eusebius ke e mong oa ba sa kang ba saena? Re ka ithuta eng ka seo a ileng a se etsa? A re hlahlobeng seo Eusebius a neng a le sona, thuto ea hae le mesebetsi ea hae.

Libuka Tsa Hae Tsa Bohlokoa

Ho ka etsahala hore ebe Eusebius o hlahetse Palestina hoo e ka bang ka 260 C.E. Bonyenyaneng, o ile a tloaelana le Pamphilus eo e neng e le molebeli kerekeng ea Sesarea. Eusebius o kene sekolo sa thuto ea bolumeli sa Pamphilus, ’me ea e-ba seithuti se tšepahalang. O ile a khothalla ho sebelisa laebrari e khōlōhali ea Pamphilus. Eusebius e ne e le seithuti se khothetseng, haholo-holo thutong ea Bibele. E ne e boetse e le motsoalle oa hlooho ea khomo oa Pamphilus, ’me hamorao o ile a ipitsa “Eusebius oa Pamphilus.”

Mabapi le hore na morero oa hae e ne e le eng, Eusebius o ile a re: “Morero oa ka ke ho ngola tlaleho ea tlhahlamano ea Baapostola ba halalelang le ea linako tsa ho tloha mehleng ea Mopholosi oa rōna ho fihlela ho ea rōna; ho bolela palo ea liketsahalo tse fetileng le tsa bohlokoa tseo ho boleloang hore li etsahetse historing ea kereke; le ho bolela ba ileng ba laola le ho okamela kereke lipharisheng tse khōlō le ba boletseng lentsoe la Molimo molokong o mong le o mong, ka molomo kapa ka ho ngola.”

Eusebius o hopoloa ka buka ea hae e nkoang e le ea bohlokoa haholo e bitsoang History of the Christian Church. Meqolo ea hae e leshome e hatisitsoeng hoo e ka bang ka 324 C.E. e nkoa e le histori ea bohlokoa ka ho fetisisa ea kereke e ngotsoeng mehleng ea khale. Ka lebaka la seo Eusebius a se finyeletseng, o tsejoa e le moqapi oa histori e ngotsoeng ea kereke.

Ntle ho Church History, Eusebius o ile a ngola meqolo e ’meli ea Chronicle. Moqolo oa pele e ne e le kakaretso ea histori ea lefatše. Lekholong la bone la lilemo o ile oa sebelisoa haholo ha ho batloa tatellano ea liketsahalo tsa lefatše ho ea ka nako ea tsona. Moqolo oa bobeli o ne o bontša nako ea liketsahalo tsa histori. Eusebius o ile a ngola litlaleho tse bapileng maqepheng tse bontšang tlhahlamano ea marena a lichaba tse sa tšoaneng.

Eusebius o ile a ngola libuka tse ling tse peli tsa histori tse bitsoang Martyrs of Palestine le Life of Constantine. Buka ea pele e akaretsa lilemo tsa 303-10 C.E. ’me e bua ka bashoela-tumelo ba nakong eo. Eusebius o phetse nakong ea liketsahalo tsena. Buka ea bobeli, e hatisitsoeng e le sehlopha sa libuka tse ’nè ka mor’a lefu la Moemphera Constantine ka 337 C.E., e na le histori ea bohlokoa. E ngotsoe ka mokhoa oa thoriso, eseng oa histori.

Libuka tsa Eusebius tse sireletsang bolumeli li akarelletsa e arabang ’musi oa Roma oa mehleng ea Eusebius ea bitsoang Hierocles. Ha Hierocles a ne a ngotse a etselletsa Bakreste, Eusebius o ile a ngola ho ba sireletsa. Ho feta moo, ha a tšehetsa hore Mangolo a ngotsoe ke Molimo, o ile a ngola libuka tse 35 tseo ho nkoang hore ke tsa bohlokoa le tse hlalosang taba hantle. Tse 15 tsa pele li paka hore Bakreste ba amohela mangolo a halalelang a Seheberu. Tse ling tse 20 li fana ka bopaki ba hore Bakreste ba nepile ha ba sa latele melao ea Sejuda ’me ba amohela melao e mecha le mekhoa. Libuka tsena tsohle li bua ka mokhoa o batsi ha li sireletsa Bokreste, kamoo Eusebius a neng a bo utloisisa kateng.

Eusebius o phetse lilemo tse ka bang tse 80 (hoo e ka bang 260-hoo e ka bang 340 C.E.), ’me ke e mong oa bangoli ba ngotseng haholo ba boholo-holo. Libuka tsa hae li akarelletsa liketsahalo tsa makholo a pele a mararo a lilemo ho fihlela mehleng ea Moemphera Constantine. Botsofaling, o ne a sebetsa e le mongoli ebile e le mobishopo oa Sesarea. Le hoja Eusebius a tsejoa e le rahistori, e ne e boetse e le mosireletsi oa bolumeli, moetsi oa limmapa, ’moleli, motšoaea-liphoso tsa bolumeli le mongoli oa libuka tsa bolumeli.

Mabaka a Hae a Mabeli a ho Ngola

Ke hobane’ng ha Eusebius a ile a qala ho ngola haholo hakaale? O ile a susumetsoa ke ho lumela hore o phela nakong ea liphetoho ea ho kena mehleng e mecha. O ne a nahana hore ho etsahetse lintho tse khōlō melokong e fetileng ’me ho hlokahala hore meloko e tlang e tlaleheloe liketsahalo tsena.

Morero o mong oa Eusebius e ne e le ho sireletsa tumelo. O ne a lumela hore Bokreste bo simolotsoe ke Molimo. Empa ba bang ba ne ba sa lumellane le khopolo ena. Eusebius o ile a ngola a re: “Morero o mong oa ka ke ho fana ka mabitso, palo le makhetlo ao ka ’ona batho bao ka lebaka la ho rata ho qapa ba ileng ba etsa liphoso tse khōlō, hape ba ipolela hore ke bona ba sibolotseng seo ka bohata se bitsoang tsebo, eaba ba harola mohlape oa Kreste.”

Na Eusebius o ne a ipitsa Mokreste? Ho hlakile hore o ne a ipitsa Mokreste hobane o ne a re Kreste ke “Mopholosi oa rōna.” O ile a re: “Ke ikemiselitse . . . ho bolela bomalimabe boo ka potlako bo ileng ba hlahela sechaba sohle sa Bajuda ka lebaka la mano ao se ileng sa a loha khahlanong le Mopholosi oa rōna, ke boetse ke ikemiselitse ho tlaleha litsela le makhetlo ao ka ’ona Balichaba ba hlasetseng lentsoe la Molimo kateng, le ho hlalosa botho ba ba ileng ba loanela lentsoe ka linako tse sa tšoaneng ho sa tsotellehe ho bolaoa le ho hlorisoa, hammoho le ho hlalosa se builoeng mehleng ea rōna le thuso e mosa le e mohau eo Mopholosi oa rōna a e fileng bohle.”

Lipatlisiso Tsa Hae Tse Batsi

Palo ea libuka tseo Eusebius a li balileng le tseo a neng a li qotsa, e khōlō haholo. Batho ba hlaheletseng ba phetseng makholong a pele a mararo a lilemo a Mehla e Tloaelehileng ba senoloa feela libukeng tsa Eusebius. Litlaleho tsa bohlokoa tse bolelang ka mekhatlo ea bohlokoa, li hlaha libukeng tsa hae feela. Li tsoa boitsebisong bo seng bo sa fumanehe.

Eusebius o ne a ikitlaetsa e bile a sa okōle ha a batla taba. Ho bonahala a ne a leka ka hloko ho khetholla pakeng tsa litlaleho tse tšepahalang le tse sa tšepahaleng. Leha ho le joalo, libakeng tse ling libuka tsa hae li na le liphoso. Ka linako tse ling, o ne a fana ka litlhaloso tse fosahetseng ’me hape a sa utloisise batho le liketso tsa bona. Ka linako tse ling o fosa tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona. Ntho e ’ngoe hape, Eusebius e ne e se mongoli ea hloahloa. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bofokoli bo bonahalang, libuka tsa hae tse ngata li nkoa e le letlotlo la bohlokoa.

Na o ne a Rata ’Nete?

Eusebius o ne a amehile ka khang e sa rarolloang ea hore na Ntate le Mora ba amana joang. Na Ntate o bile teng pele ho Mora, joalokaha Eusebius a ne a lumela? Kapa Mora le Ntate ke lithaka? O ile a botsa: “Haeba ke lithaka, Ntate e tla ba Ntate joang ’me Mora e be Mora joang?” O ile a tšehetsa tumelo ea hae ka Mangolo, a qotsa Johanne 14:28, e reng ‘Ntate o moholo ho Jesu,’ le Johanne 17:3, moo ho boleloang hore Jesu o ‘romiloe’ ke Molimo a le mong feela oa ’nete. Ha Eusebius a bua ka Bakolose 1:15 le Johanne 1:1, o ile a fana ka mabaka a hore Logos, kapa Lentsoe, ke “setšoantšo sa Molimo ea sa bonahaleng”—e leng Mora oa Molimo.

Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore ha ho koaloa Seboka sa Nicaea, Eusebius o ile a tšehetsa lehlakore la bohanyetsi. Ho fapana le pono ea hae ea Mangolo ea hore Molimo le Kreste hase lithaka, o ile a tšehetsa moemphera.

Se ka Ithutoang

Ebe ke hobane’ng ha Eusebius a ile a sekisetsa Sebokeng sa Nicaea eaba o tšehetsa thuto eo e seng ea Mangolo? Na o ne a shebile menyetla ea lipolotiki? Hona ke hobane’ng ha a ile a ea sebokeng seo? Le hoja ho ne ho bitsitsoe babishopo bohle, ke methoaela feela—ba 300—e ileng ea e-ba teng. Ebe mohlomong Eusebius o ne a amehile ka hore a se ke a itšenyelletsa? Hona ke hobane’ng ha Moemphera Constantine a ne a mo hlomphile? Eusebius o ne a lutse ka letsohong le letona la moemphera sebokeng sena.

Ho hlakile hore Eusebius o ile a hlokomoloha taelo ea Jesu ea hore balateli ba Hae e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16; 18:36) Morutuoa Jakobo o ile a botsa: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?” (Jakobo 4:4) Pauluse o fane ka keletso e loketseng haholo ha a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 6:14) E se eka re ke ke ra itsoakanya le lefatše ha re ntse re “rapela [Ntate] ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Fresco o tšoantša Seboka sa Nicaea

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Scala/Art Resource, NY

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

Courtesy of Special Collections Library, University of Michigan

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela