Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona hore na ebe u ka khona ho araba lipotso tse latelang:
• Litsela tse ling tseo ka tsona Ruthe e bileng mohlala o motle ke life?
E bile mohlala o motle tabeng ea ho rata Jehova, ea lerato la hae le tšepahalang ho Naomi le tabeng ea ho bonahatsa litšobotsi tsa ho ba mahlahahlaha mosebetsing le boikokobetso. Ke ka nepo batho ba neng ba mo talima e le “mosali ea khabane ka ho fetisisa.” (Ruthe 3:11)—4/15, leqepheng la 23-6.
• Re tseba joang hore Jehova o hlokomela batho ba tloaelehileng?
O ile a bolella Baiseraele, ba neng ba kile ba tšoaroa ka sehlōhō Egepeta, hore ba se ke ba tšoara mafutsana hampe. (Exoda 22:21-24) Jesu, ea neng a etsisa Ntate oa hae, o ile a bontša thahasello ea sebele ho batho ba tloaelehileng a ba a khetha batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng” hore e be baapostola ba hae. (Liketso 4:13; Matheu 9:36) Re ka etsisa Molimo ka ho bontša ho ameha ka batho ba bang, ba kang bacha.—4/15, leqepheng la 28-31.
• Re na le mabaka afe a ho lumela hore Jehova o hlokomela seo re se etsang?
Litlaleho tsa Bibele li bontša hore Jehova o hlokomela lintho tseo batho ba li finyeletseng. O ile a ela hloko sehlabelo seo Abele a ileng a fana ka sona, ’me o hlokomela ‘mahlabelo a rōna a thoriso, litholoana tsa melomo.’ (Baheberu 13:15) Jehova o ile a hlokomela hore Enoke o ne a ikitlaelletsa ho mo khahlisa ka ho phela bophelo bo hloekileng, le ka ho ba le boitšoaro bo botle. Molimo o ile a ba a hlokomela kamoo mohlolohali e mong oa motseng oa Zarefathe eo e neng e se Moiseraele a ileng a arolelana le moprofeta Elia lintho tse seng kae tseo a neng a e-na le tsona. Jehova o boetse o bona liketso tsa rōna tsa tumelo.—5/1, leqepheng la 28-31.
• Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Bajuda bao e ileng ea e ba Bakreste ba ne ba lokela ho inehela ho Molimo?
Ka 1513 B.C.E., Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba kena kamanong ea boinehelo le Jehova. (Exoda 19:3-8) Ka mor’a moo, Bajuda ba ile ba tsoalloa sechabeng seo se inehetseng tlas’a selekane sa Molao. Empa Jehova o ile a tlosa selekane sa Molao ka lefu la Kreste ka 33 C.E. (Bakolose 2:14) Ka mor’a moo, ho ne ho hlokahala hore Bajuda ba neng ba batla ho sebeletsa Molimo ka tsela e amohelehang ba inehele ho eena ’me ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.—5/15, leqepheng la 30-1.
• Na ho chesa libano ke karolo ea borapeli ba ’nete kajeno?
Ho sebelisa libano e ne e le karolo ea borapeli ba ’nete Iseraeleng ea boholo-holo. (Exoda 30:37, 38; Levitike 16:12, 13) Empa selekane sa Molao, ho kopanyelletsa le ho sebelisa libano, se ile sa felisoa ka lefu la Kreste. Bakreste ba ka iketsetsa qeto ea hore na ba chesa libano ka merero eo e seng ea bolumeli kapa che, leha ho le joalo, hase karolo ea borapeli ba ’nete kajeno. Ho lokela hore ho nahaneloe le maikutlo a ba bang e le ho qoba ho ba khopisa.—6/1, leqepheng la 28-30.
• Ke lintho life tse hlahang litabeng tsa morao tjee tse susumelelitseng batho ba bangata ho nahanisisa haholoanyane ka taba ea hore Jesu o kile a phela lefatšeng?
Ho ’nile ha etsoa liphatlalatso tse ngata ka lekesana le tšelang masapo a mofu le fumanoeng Iseraele. Le bonahala e le la ho tloha lekholong la pele la lilemo, ’me ho na le mongolo holim’a lona o balehang tjena: “Jakobo, mora oa Josefa, mor’abo Jesu.” Ba bang ba nka sena e le “bopaki ba khale ka ho fetisisa bo hlahang kantle ho Bibele” ba hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng.—6/15, leqepheng la 3-4.
• Motho o ithuta ho bontša lerato joang?
Ntlha ea pele, batho ba ithuta ho bontša lerato ka mohlala oa batsoali ba bona le ka koetliso ea bona. Ha monna le mosali ba bontšana lerato le tlhompho, bana ba ka ithuta ho bontša lerato. (Baefese 5:28; Tite 2:4) Esita le haeba motho a hōletse lelapeng leo ho lona ho se nang lerato, a ka ithuta ho bontša lerato ka ho amohela tataiso e kang ea ntate eo Jehova a fanang ka eona, ka ho fumana thuso ea moea o halalelang le ka ho rua molemo tšehetsong e mofuthu ea mokhatlo oa bara ba motho oa Bokreste.—7/1, leqepheng la 4-7.
• Eusebius e ne e le mang, hona ke thuto efe eo re ka ithutang eona bophelong ba hae?
Eusebius e ne e le rahistori oa mehleng ea pele ea ileng a qeta ho ngola buka e nang le meqolo e leshome e bitsoang History of the Christian Church ka 324 C.E. Le hoja a ne a lumela hore Ntate o bile teng pele ho Mora, Eusebius o ile a lumellana le pono e fapaneng sebokeng sa Nicaea. Ho hlakile hore o ile a hlokomoloha taelo ea Jesu ea hore balateli ba Hae e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16)—7/15, leqepheng la 29-31.
• Na Jehova o fetotse pono ea hae ka lenyalo la sethepu?
Che, Jehova ha aa fetola pono ea hae ka lenyalo la sethepu. (Malakia 3:6) Tokisetso ea Molimo bakeng sa monna oa pele e ne e le hore “a khomarele mosali oa hae” le hore e be nama e le ’ngoe le eena. (Genese 2:24) Jesu o ile a re ho hlala ka lebaka le leng kantle ho bohlola ebe motho o nyala hape ho etsa hore motho e be mofebi. (Matheu 19:4-6, 9) Ho mamella ha Jehova lenyalo la sethepu ho ile ha fela ha ho thehoa phutheho ea Bokreste.—8/1, leqepheng la 28.