Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 9/1 maq. 19-22
  • Rorisa Jehova “Har’a Phutheho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rorisa Jehova “Har’a Phutheho”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolela Phatlalatsa
  • Litlhahiso Bakeng sa ho Ntlafatsa
  • Karolo e Phethoang ke ba Khannang Liboka
  • Ke Tokelo ho Araba
  • Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Rorisang Jehova Har’a Phutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Hahanang ka ho Fana ka Litlhaloso Libokeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 9/1 maq. 19-22

Rorisa Jehova “Har’a Phutheho”

LIBOKA tsa Bokreste ke tokisetso ea Jehova ea ho boloka batho ba hae ba le matla moeeng. Ka ho ba teng kamehla libokeng, re bontša hore re ananela litokisetso tsa Jehova. Ho feta moo, re nolofalletsoa ‘ho susumelletsa [barab’abo rōna] leratong le mesebetsing e metle,’ e leng tsela ea bohlokoa eo re bontšanang lerato ka eona. (Baheberu 10:24; Johanne 13:35) Leha ho le joalo, ke joang re ka susumetsang barab’abo rōna ha re le libokeng?

Bolela Phatlalatsa

Morena Davida o ile a ngola sena ka eena: “Ke tla bolela lebitso la hao ho barab’eso; ke tla u rorisa har’a phutheho. Ho tsoa ho uena thoriso ea ka e tla ba phuthehong e khōlō.” “Ke tla u roka phuthehong e khōlō; ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.” “Ke boletse litaba tse molemo tsa ho loka phuthehong e khōlō. Bona! Ha ke thibe molomo oa ka.”—Pesaleme ea 22:22, 25; 35:18; 40:9.

Mehleng ea moapostola Pauluse, ha Bakreste ba ne ba bokana bakeng sa borapeli, ka mokhoa o tšoanang ba ne ba bua ka tumelo ea bona ho Jehova le ka khanya ea hae. Ka tsela ena ba ne ba khothatsana ’me ba susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. Kajeno, lilemo tse makholo-kholo ka mor’a mehla ea Davida le Pauluse, ka sebele rea ‘bona hore letsatsi [la Jehova] le ntse le atamela.’ (Baheberu 10:24, 25) Tsamaiso ea lintho ea Satane e thekesella timetsong, ’me mathata a ntse a eketseha. Ho feta leha e le neng pele, “ho hlokahala hore [re] be le mamello.” (Baheberu 10:36) Haeba re sa khothatsoe ke barab’abo rōna, re ka khothatsoa ke bo-mang hore re mamelle?

Kajeno, joaloka linakong tsa pele, ho entsoe litokisetso tsa hore balumeli ka bomong ba bolele tumelo ea bona “har’a phutheho.” Monyetla o mong oo e mong le e mong a nang le oona ke oa ho araba lipotso tse botsoang bamameli libokeng tsa phutheho. Le ka mohla u se ke ua halala melemo e ka tlisoang ke ho araba. Ka mohlala, likarabo tse bontšang kamoo ho ka hlōloang kapa ha qojoa mathata kateng li matlafatsa boikemisetso ba barab’abo rōna ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Likarabo tse hlalosang litemana tsa Bibele tse bontšitsoeng le hoja li sa qotsoa kapa likarabo tse kenyelletsang boitsebiso bo fumanoeng ha motho ka mong a iketsetsa lipatlisiso li ka khothatsa ba bang hore ba hlaolele mekhoa e metle ea ho ithuta.

Ho tseba hore rōna le ba bang re tla rua molemo haeba re araba libokeng ho lokela ho susumetsa Lipaki tsohle Tsa Jehova hore li se ke tsa e-ba lihlong kapa tsa tsoafa ho araba. Ke habohlokoa haholo hore baholo le bahlanka ba sebeletsang ba arabe libokeng, kaha ho lebeletsoe hore ba etelle pele ho arabeng, esita le ho beng teng libokeng. Leha ho le joalo, motho a ka ntlafatsa joang haeba a fumana hore o na le bothata karolong ee ea mosebetsi oa Bokreste?

Litlhahiso Bakeng sa ho Ntlafatsa

Hopola hore Jehova oa ameha. Morali’abo rōna oa Mokreste ea lulang Jeremane o hlalosa kamoo a nkang likarabo tsa hae kateng. O re: “Ke kamoo ke arabelang kateng boitekong ba Satane ba ho thibela batho ba Molimo hore ba bolele tumelo ea bona.” Mor’abo rōna ea sa tsoa kolobetsoa ea kopanelang phuthehong eona eo, o re: “Ha ho tluoa tabeng ea ho araba, ke rapela haholo.”

Lokisetsa hantle. Haeba u hlōleha ho ithuta boitsebiso esale pele, u tla thatafalloa ho araba ’me likarabo tsa hao li ke ke tsa e-ba matla hakaalo. Ho fanoe ka litlhahiso tsa ho araba libokeng tsa phutheho bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 70.a

Ipehele pakane ea hore bonyane u arabe hanngoe sebokeng ka seng. Sena se bolela hore u lokela ho lokisetsa likarabo tse ngata, kaha ha u phahamisa letsoho khafetsa, ho na le monyetla o eketsehileng oa hore mor’abo rōna ea khannang thuto a u supe. Mohlomong u ka ba ua thabela ho mo tsebisa esale pele hore na u lokiselitse ho araba lipotso life. Sena se molemo ka ho khetheha haeba u sa qala. Kaha u ka ’na ua ba leqe ho phahamisa letsoho “phuthehong e khōlō,” ho tseba hore serapa sena ke sa hao le hore ea khannang seboka o tla be a shebile letsoho la hao ho tla u khothalletsa hore u arabe.

Araba li sa tloha feela. Mosebetsi o thata ha o nolofatsoe ke ho o behella ka thōko. Ho araba li sa tloha feela sebokeng ho ka thusa. U tla makala kamoo ho leng bonolo haholoanyane kateng ho araba ka lekhetlo la bobeli kapa la boraro hang ka mor’a hore u hlōle bothata ba ho araba ka lekhetlo la pele.

Lula sebakeng se loketseng. Ba bang ba fumana ho le bonolo haholoanyane ho araba haeba ba lutse ho elella ka pele Holong ea ’Muso. Ha ho na litšitiso tse ngata, ’me ho bonolo hore ea khannang thuto a bone matsoho. Haeba u leka sena, hopola ho phahamisa lentsoe ka ho lekaneng hore bohle ba utloe, haholo-holo haeba phutheho e sa sebelise libuela-hōle tse tsamaisoang.

Mamela ka hloko. Sena se tla u thusa hore u qobe ho pheta seo e mong a qetang ho se bua. Hape, likarabo tsa ba bang li ka ’na tsa u hopotsa lengolo kapa ntlha e ka atolosang khopolo e qetang ho boleloa. Ka linako tse ling, phihlelo e khutšoanyane e ka ’na ea fana ka mohlala oa ntlha eo ho buisanoang ka eona. Likarabo tse joalo li molemo haholo.

Ithute ho araba ka mantsoe a hao. Ho bala karabo e hlahang ho sengoliloeng se ithutoang ho ka ’na ha bontša hore u fumane karabo e nepahetseng, ’me e ka ’na ea e-ba tsela e molemo ea ho etsa hore u tloaele ho araba. Empa ho ntlafatsa sena ka ho araba ka mantsoe a hao ho bontša hore u utloisisa ntlha. Ha ho hlokahale hore ho qotsoe lentsoe le leng le le leng le hlahang ho lingoliloeng tsa rōna. Lipaki Tsa Jehova ha li phete feela li sa nahane se boleloang ke lingoliloeng tsa tsona.

U se ke ua tsoa lekoteng. Likarabo tse sa amaneng le taba eo ho buuoang ka eona kapa tse fapohang lintlheng tse khōlō tseo ho buisanoang ka tsona ha lia lokela. Sena se bolela hore likarabo tsa hao li lokela ho lumellana le taba eo ho ntseng ho buisanoa ka eona. Kahoo, li tla tlatsetsa puisanong e hahang moeeng ea taba e ntseng e tšohloa.

Sepheo sa hao e be ho khothatsa. Kaha lebaka le leholo la ho araba ke ho khothatsa ba bang, re lokela ho leka ho qoba ho bua lintho tse ka ’nang tsa ba nyahamisa. Ho feta moo, u se ke ua akaretsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe serapeng hoo ba bang ba salloang ke lintlha tse fokolang kapa ho seng ho se letho leo ba ka le buang. Hangata likarabo tse telele kapa tse rarahaneng li etsa hore taba e se ke ea hlaka. Likarabo tse khutšoanyane tse buuoang ka mantsoe a seng makae li ka ba molemo haholo, ’me li tla khothatsa ba sa tsoa kopanela hore ba fane ka likarabo tsa bona tse khutšoanyane.

Karolo e Phethoang ke ba Khannang Liboka

Ea khannang seboka o na le boikarabelo bo boholo ha ho tluoa tabeng ea ho khothatsa ba bang. O bontša hore o hlile o thahasella karabo e ’ngoe le e ’ngoe ka ho mamela ka hloko le ka ho sheba ka hlompho ea arabang ho e-na le ho phathahana ka ho hong. E ne e tla ba ho sa lokelang hakaakang haeba a sa ka a mamela ka hloko, ’me ebe ka ho sa hlokahaleng o pheta se sa tsoa boleloa kapa o botsa potso e sa tsoa arajoa!

Hape e ne e tla ba ho nyahamisang haeba nako le nako ea khannang seboka a pheta karabo e sa tsoa fanoa a sebelisa mantsoe a fapaneng hanyenyane le a sebelisitsoeng, joalokaha eka o fana ka maikutlo a hore karabo e fanoeng e ne e sa lekana ka tsela e itseng. Ka lehlakoreng le leng, ho khothatsa hakaakang ha litlhaloso li etsa hore ntlha ea bohlokoa e tšohloe ka ho eketsehileng. Lipotso tse kang, ‘Re ka sebelisa see joang phuthehong ea rōna?’ kapa, ‘Ke lengolo lefe serapeng le tšehetsang se qetang ho boleloa?’ ke mofuta oa lipotso tse khothalletsang hore ho fanoe ka likarabo tse molemo, tse tlatsetsang hamolemo puisanong.

Ke ’nete hore ba sa tsoa kopanela kapa ba lihlong ba lokela ho babatsoa ka ho khetheha ha ba fana ka karabo. Sena se ka ’na sa etsetsoa ka thōko ka mor’a thuto e le ho etsa hore mohlomong ba se ke ba soaba le ho fa mokhanni monyetla oa ho fana ka litlhahiso haeba ho loketse.

Moqoqong o tloaelehileng, motho ea buang haholo o sitisa puisano. Bamameli ba hae ha ba bone ho hlokahala hore ba bue. Haeba ba mametse, ba se ba mpa ba mametse ka tsebe e le ’ngoe feela. Ho ka etsahala se tšoanang haeba motho ea khannang seboka a bua haholo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ea khannang seboka a ka ’na a etsa hore bamameli ba bue ’me a ba khothalletsa hore ba nahane ka taba eo ho buisanoang ka eona ka ho sebelisa lipotso tse tlatsetsang. Lipotso tse joalo ha lia lokela ho sebelisoa haholo.

Ha ho hlokahale hore motho ea khannang seboka a supe motho oa pele ea phahamisang letsoho. Sena se ka nyahamisa ba hlokang nako e eketsehileng ea hore ba nahane ka seo ba tla se bua. Ka ho leta hanyenyane, o tla fa motho ea e-s’o arabe monyetla oa ho etsa joalo. Hape o tla bontša temoho ka ho se supe bana ba banyenyane hore ba arabe lipotso tse amang litaba tseo ba ke keng ba li utloisisa.

Ho thoe’ng haeba ho fanoa ka karabo e fosahetseng? Ea khannang seboka o lokela ho qoba ho soabisa motho ea arabileng. Likarabo, esita le haeba li fosahetse, hangata li na le ’nete e itseng. Ha ka masene ea khannang seboka a khetha seo e ka ’nang eaba se nepahetse, a botsa potso hape ka mantsoe a fapaneng, kapa a botsa potso e ’ngoe, a ka lokisa karabo e fosahetseng a sa bakele mang kapa mang lihlong tse sa hlokahaleng.

E le ho khothalletsa hore ho arajoe, ea khannang seboka o lokela ho qoba lipotso tse akaretsang, tse kang, ‘Na ho na le e mong ea nang le ntlha?’ Potso e reng, ‘Na ho na le ea e-s’o arabe? Ona ke monyetla oa hao oa ho qetela!’ e ka ’na ea botsoa ka maikutlo a matle, empa e ke ke ea khothalletsa motho hore a bue ka bolokolohi. Barab’abo rōna ha baa lokela ho etsoa hore ba ikutloe ba le molato ha ba sa araba qalong ea thuto. Ho e-na le hoo, ba lokela ho khothalletsoa hore ba abele ba bang seo ba se tsebang hobane ho abelana ke pontšo ea lerato. Ho phaella moo, ha ea khannang seboka a qeta ho supa motho hore a arabe, ho tla ba molemo hore a se ke a re, “Ha a qeta, re tla utloa karabo ea Mor’abo rōna ’Nyeo re ntan’o utloa karabo ea Morali’abo rōna ’Nyeo.” Ea khannang seboka o lokela ho qala pele ka ho mamela karabo ebe o etsa qeto ea hore na ebe ho sa hlokahala likarabo tse eketsehileng.

Ke Tokelo ho Araba

Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ke ntho e hlokahalang moeeng; ho araba ha re le libokeng ke tokelo. Haeba re kopanela mokhoeng ona o ikhethang oa ho rorisa Jehova “har’a phutheho,” re tla be re latela mohlala oa Davida le ho nka ka botebo keletso ea Pauluse. Ho araba libokeng ho paka hore re rata barab’abo rōna le hore re karolo ea phutheho e khōlō ea Jehova. Na ho na le sebaka se seng seo u neng u ka rata ho ba ho sona ha u ntse u “bona letsatsi le ntse le atamela”?—Baheberu 10:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Ho mamela le ho araba ke habohlokoa libokeng tsa Bokreste

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ea khannang seboka o bontša hore o hlile o thahasella karabo e ’ngoe le e ’ngoe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela