Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/98 leq. 1
  • Hahanang ka ho Fana ka Litlhaloso Libokeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hahanang ka ho Fana ka Litlhaloso Libokeng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rorisang Jehova Har’a Phutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Rorisa Jehova “Har’a Phutheho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 11/98 leq. 1

Hahanang ka ho Fana ka Litlhaloso Libokeng

1 Ho Baheberu 10:24 re khothatsoa ka matla hore re “susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Sena se akarelletsa ho hahana ka ho fana ka litlhaloso tse utloahalang libokeng tsa phutheho. Ke hobane’ng ha re lokela ho fana ka litlhaloso? Re ka etsa see joang? Ke bo-mang ba ruang molemo?

2 Nahana ka makhetlo a mangata ao ka ’ona u ruang molemo ha u utloa ba bang ba fana ka litlhaloso tse bonolo, tse hlakileng tse eketsang kutloisiso ea hao le ho u matlafatsa moeeng. U na le tokelo ea ho ba etsetsa se tšoanang. Ha u kopanela, u bontša takatso ea hao ea ho ‘fana ka mpho e ’ngoe ea moea’ bakeng sa ho khothatsa bohle ba leng teng.—Baroma 1:11, 12.

3 Kamoo U ka Fanang ka Litlhaloso Tse Molemo: U se ke ua fana ka litlhaloso tse telele, tse akaretsang mohopolo o mong le o mong o serapeng. Hangata litlhaloso tse telele li hlōleha ho qoolla karabo e tobileng ’me li ka ’na tsa nyahamisa ba bang hore ba se ke ba kopanela. Tlhaloso ea pele serapeng e lokela hore e be karabo e khutšoanyane, e tobileng e arabelang potso e ngotsoeng. Ba fanang ka litlhaloso tse eketsehileng joale ba ka bontša tšebetso ea sebele ea boitsebiso boo kapa ba bontša kamoo mangolo a sebetsang kateng. Bona Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 90-2.

4 Haeba khopolo ea ho fana ka tlhaloso e u bakela matšoenyeho a itseng, lokisetsa tlhaloso e khutšoanyane esale pele, ’me u kōpe mokhanni hore a u supe bakeng sa serapa seo. Ka mor’a hore u etse sena libokeng tse seng kae, ho kopanela ho tla ba bonolo haholoanyane. Hopola hore Moshe le Jeremia ba ile ba bolela hore ba ne ba haelloa ke sebete matleng a bona a ho bua phatlalatsa. (Ex. 4:10; Jer. 1:6, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Empa Jehova o ile a ba thusa hore ba mo buelle, ’me ka ho tšoanang o tla u thusa.

5 Ke Bo-mang ba Tlang ho Rua Molemo Litlhalosong Tsa Hao? Uena ka bouena u rua molemo hobane litlhaloso tsa hao li hatisa ’nete ka ho eketsehileng kelellong le pelong ea hao, ’me ho u nolofalletsa hore u hopole boitsebiso boo hamorao. Hape, ba bang ba rua molemo ha ba utloa litlhaloso tsa hao tse hahang. Rea khothatsoa ha bohle, hore na ke ba nang le phihlelo, ba banyenyane, ba lihlong, kapa ba bacha ’neteng, ba etsa boiteko ba ho hlalosa tumelo ea bona libokeng tsa phutheho.

6 Ka sebele re tla fumana hore ‘mantsoe a buuoang ka nako ea ’ona e nepahetseng a molemo hakaakang’ ha a sebelisetsoa ho hahana libokeng!—Liprov. 15:23, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela