Lebokose la Lipotso
◼ Re ka araba joang ka mokhoa o atlehang haholo libokeng?
Re lebella ka cheseho ho kopana hammoho libokeng tsa beke le beke tsa phutheho. Mona re ba le monyetla oa ho bontša tumelo ea rōna le ho khothatsa ba bang ka likarabo tsa rōna. (Liprov. 20:15; Ba-Heb. 10:23, 24) Re lokela ho talima ho araba e le tokelo ’me re hahamalle ho ba le seabo kamehla. Re ka etsa sena joang ka mokhoa o atlehang?
Ho lokisetsa ke mohato oa pele. Ho bala le ho nahana ka boitsebiso esale pele ke habohlokoa. Leka ho fumana moelelo oa se boleloang. Le hoja e ka ’na eaba taba eo ho se ho ile ha buisanoa ka eona nakong e fetileng, batla lintlha tse hōlisitsoeng kapa tse hlakisitsoeng tse fanoeng. Hopola sehlooho se akaretsang sa boitsebiso. Ha u lokisetsa likarabo ho sengoliloeng se nang le thuto e tebileng ea buka ea Bibele, joaloka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo, leka ho bona kamoo temana e itseng e amanang le litemana tse e potolohileng. Ho sebelisa litlhahiso tsena ho tla susumetsa matla a hao a ho nahana. Ho tla u thusa hore u lokisetse likarabo tse ntle ’me u thabisoe ke ho kopanela ha hao.
Likarabo tse molemohali li khutšoanyane, li behiloe ka mantsoe a bonolo, ’me li thehiloe ho sengoliloeng se ithutoang. Motho ea arabang pele o lokela ho araba potso ka ho toba, a siee lintlha tse ling bakeng sa likarabo tse eketsehileng. Qoba likarabo tse telele, tse hlahlathelang tse senyang nako ’me li sitisa ba bang ho araba. Bua ka mantsoe a hao, ho e-na le ho bala karabo ea hao lentsoe ka lentsoe ho tsoa ho sengoliloeng. Likarabo tse tlatsetsang li ka akarelletsa lintlha tse koahelang litemana tse qotsitsoeng tsa Lengolo. Mamela ka hloko se boleloang ke ba bang e le hore u ka qoba ho pheta-pheta ho sa hlokahaleng.
Ho molemo ho phahamisa letsoho ka makhetlo a mangata empa eseng serapeng se seng le se seng. Re khothalletsa bacha hore ba be le seabo ho faneng ka likarabo. Haeba u leqe tabeng ea ho araba, u ka tsebisa mokhanni esale pele hore na u tla thabela ho araba serapeng sefe, ’me mohlomong o tla khona ho u fa monyetla oa ho etsa joalo.
Kaofela ha rōna re lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ba le seo re tla se abela ba bang libokeng tsa phutheho ha ho hlokahala hore bamameli ba kopanele. Hopola, katleho ea liboka tse joalo e itšetlehile haholo ka boikemisetso ba rōna le katleho ea rōna ha re araba.—Pes. 26:12.