Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 2/15 maq. 3-4
  • Bolumeli—Na ke Tšusumetso e Ntle Kapa e Mpe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli—Na ke Tšusumetso e Ntle Kapa e Mpe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bolumeli bo Phetha Karolo e Ntle Kapa e Mpe?
  • Na ho ne ho Tla ba Molemo ha Bolumeli bo le Sieo?
  • Na Bolumeli ke Motso oa Mathata a Moloko oa Batho?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Karolo 24—Hona Joale le ka ho sa Feleng—Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete
    Tsoha!—1990
  • Ho Hlahlobisisa Bolumeli
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 2/15 maq. 3-4

Bolumeli—Na ke Tšusumetso e Ntle Kapa e Mpe?

“KE TLAMEHA ho leboha Bokreste ka seo bo nketselitseng sona, ’me ke lumela hore le lefatše le anngoeng ke Bokreste ka lilemo tse 2000 tse fetileng le tlameha ho bo leboha.”—Selelekela sa buka ea Two Thousand Years—The First Millennium: The Birth of Christianity to the Crusades.

Eo ke phatlalatso e entsoeng ke mongoli oa Lenyesemane ebile e le seboholi Melvyn Bragg, ha a bua ka “Bokreste.” Mantsoe a hae a senola maikutlo a batho ba limilione lefatšeng bao ka ho tšoanang ba ikutloang ba tlameha ho leboha ka tieo bolumeli bo itseng kapa ho bo tšepahalla. Ba kholisehile hore bolumeli e ’nile ea e-ba tšusumetso e matla ho bona hore ba etse se setle bophelong. Ka mohlala, mongoli e mong o re Boislamo “bo tlisitse tsoelo-pele e khōlō . . . [e] ruisitseng lefatše lohle molemo.”

Na Bolumeli bo Phetha Karolo e Ntle Kapa e Mpe?

Leha ho le joalo, mantsoe a latelang a Bragg a hlahisa pelaelo e matla ea hore na ehlile bolumeli ka kakaretso e ’nile ea e-ba tšusumetso e ntle kapa che. O phaella ka ho re: “Bokreste le bona bo tlameha ho mpha tlhaloso.” O batla tlhaloso ea eng? O re: “Ea khethollo, bokhopo, bobatana le ho iphapanyetsa lintho ka boomo hoo le hona ho ’nileng ha tšoaea karolo e khōlō ea ‘histori’ ea bona.”

Batho ba bangata ba tla lumela hore khethollo, bokhopo, bobatana le ho iphapanyetsa lintho ka boomo e ’nile ea e-ba letšoao la malumeli a mangata a lefatše historing eohle. Ba nka hore bolumeli bo mpa bo itlhahisa eka bo thusa moloko oa batho—bo kene lekokong la hore bo molemo ebile boa halalela, empa ha e le hantle bo tletse boikaketsi le leshano. (Matheu 23:27, 28) A Rationalist Encyclopædia e re: “Mantsoe a hlahellang hohle ka har’a lingoliloeng tsa rōna ke a reng bolumeli ke ba bohlokoa ka ho khetheha ha ho tluoa tabeng ea tsoelo-pele.” E tsoela pele ho re: “Empa bonneteng liketsahalo tsa histori li shanofatsa seo habohloko.”

Nka koranta leha e le efe kajeno, ’me u tla fumana mehlala e mengata ea baeta-pele ba bolumeli ba rutang batho hore ba ratane, ba be le khotso le kutloelo-bohloko empa ba hlohlelletsa lehloeo ba bile ba sebelisa lebitso la Molimo ho lokafatsa lintoa tse sehlōhō. Hase feela batho ba bangata ba nkang hore hangata bolumeli ke tšusumetso e senyang bophelong!

Na ho ne ho Tla ba Molemo ha Bolumeli bo le Sieo?

Ba bang ba bile ba lumellana le rafilosofi oa Lenyesemane Bertrand Russell ka hore ho ne ho ka ba molemo haeba ha nako e ntse e ea “mofuta o mong le o mong oa tumelo ea bolumeli [o ne o ka] oa fela.” Ponong ea bona, ho felisoa ha bolumeli ke eona feela tharollo e tšoarellang mathateng ’ohle a moloko oa batho. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba rata ho hlokomoloha ’nete ea hore ba khesang bolumeli le bona ba ntse ba ka rotetsa lehloeo le ho hloka mamello feela joaloka ba bo tšepahallang. Mongoli oa litaba tsa bolumeli Karen Armstrong oa re hopotsa: “Bonyane Polao e Sehlōhō e bontšitse hore likhopolo tsa ba seng bolumeling le tsona [li ka] ba kotsi feela joaloka ntoa leha e le efe ea bolumeli.”—The Battle for God—Fundamentalism in Judaism, Christianity and Islam.

Kahoo na bolumeli ehlile ke tšusumetso e ntle, kapa na ha e le hantle ke motso oa mathata a moloko oa batho? Na tharollo ea mathata aa ke ho felisa bolumeli ka ho feletseng? Hlokomela seo Bibele e se buang ka taba ena sehloohong se latelang. Karabo e ka ’na ea u makatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela