Pale ea Bophelo
Ho Tloha Mekoting e Lefifi ea Teronko ho ea Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland
JOALOKAHA HO BOLETSE LOTHAR WALTHER
Ka mor’a ho hula lilemo tse tharo tse telele mekoting e lefifi ea teronko ea Makomonisi, Jeremane Bochabela, ke ne ke tatetse ho ea ikutloisa tokoloho le ho thabela botsoalle bo mofuthu le ba lelapa la ka.
EMPA ke ne ke sa lebella ho bona sefahleho se maketseng sa mor’a ka ea lilemo li tšeletseng, Johannes. O ne a qetile lilemo tse tharo a sa bone ntat’ae. E ne eka o qala ho mpona.
Ho fapana le mor’a ka, ’na ke ile ka thabela kamano e lerato le batsoali ba ka. Heso Chemnitz, Jeremane, moo ke hlahetseng teng ka 1928, ho ne ho rena moea oa khotso. Ntate o ne a ipuela feela a sa pate hore bolumeli ha bo mo khotsofatse. O ne a hopola hore nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, masole a “Bakreste” lehlakoreng ka leng a ne a lakaletsa a ka lehlakoreng le leng “Keresemese e Monate” ka la 25 December, ebe ka le hlahlamang a boetse a qala ho bolaeana. Ho ea ka eena, bolumeli e ne e le boikaketsi bo feteletseng.
Ho Nyahama ho Nkeloa Sebaka ke Tumelo
Ka lehlohonolo, ha kea ka ka tleloa ke ho soetseha ho joalo. Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea emisa ha ke le lilemo li 17, ’me ho ne ho sale hanyenyane ke qobelloa ho kena sesoleng. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke tšoenngoa ke lipotso tse kang, ‘Ke hobane’ng ha batho baa bohle ba bolaeana? Nka tšepa mang? Nka fumana tšireletseho ea ’nete hokae?’ Jeremane Bochabela e ile ea e-ba tlas’a taolo ea Soviet Union, e leng moo ke neng ke lula teng. Boikemisetso ba Makomonisi ba ho finyella toka, ho lekana, kopano le likamano tsa khotso bo ile ba ipiletsa ho ba neng ba khathalitsoe ke tšenyo e bakiloeng ke ntoa. Ka mor’a nakoana ba bangata ba batho bana ba neng ba tšepile seo ka tieo ba ne ba tla soetseha habohloko—lekhetlong lena, ba sa soetsoe ke bolumeli, empa ba soetsoa ke lipolotiki.
Ha ke ntse ke batlisisa likarabo tse utloahalang e mong oa bo-ausi ba ’Mè, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a buisana le ’na ka tumelo ea hae. O ile a mpha khatiso e thehiloeng Bibeleng e ileng ea ntšusumelletsa hore ke bale—e le ka lekhetlo la pele—khaolo eohle ea Matheu 24. Ke ile ka khahloa ke litlhaloso tse utloahalang le tse kholisang tse fanoeng ka bukeng eo, e neng e khetholla mehla ea rōna e le “ea qetello ea tsamaiso ea lintho” ’me e supa motso o ka sehloohong oa mathata a moloko oa batho.—Matheu 24:3; Tšenolo 12:9.
Ka mor’a nakoana ke ile ka fumana likhatiso tse eketsehileng tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me ha ke ntse ke li bala ka tjantjello, ka elelloa hore ke fumane ’nete eo ke neng ke ntse ke e batla ka tieo. E ile ea e-ba ho hlasimollang ho ithuta hore Jesu Kreste o behiloe teroneng leholimong ka 1914 le hore haufinyane o tla hlōla mekhatlo e sa tšabeng Molimo e le hore a tlisetse moloko oa batho ba utloang litlhohonolofatso. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ke ileng ka e utloisisa ka ho hlaka ke thekollo. E ile ea nthusa hore ke retelehele ho Jehova Molimo ka thapelo e tlohang botebong ba pelo, ke kōpe tšoarelo. Ke ile ka angoa ka ho teba ke memo e mosa e fumanoang ho Jakobo 4:8, e reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”
Le hoja ke ne ke chesehela ka matla tumelo eo ke sa tsoa e fumana, qalong batsoali ba ka le ausi oa ka ba ne ba le leqe ho amohela seo ke ba bolellang sona. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa fokotsa takatso ea ka ea ho ba teng libokeng tsa Bokreste tseo sehlopha se senyenyane sa Lipaki se neng se li tšoarela haufi le Chemnitz. Ho makatsang ke hore batsoali ba ka le ausi ba ile ba ea le ’na sebokeng sa pele! E ne e le mariheng a 1945/46. Hamorao, ha sehlopha sa thuto ea Bibele se thehoa Harthau, e leng moo re neng re lula teng, lelapa leso le ile la qala ho kopanela kamehla.
“Ke sa le Moshanyana”
Ho ithuta linnete tsa bohlokoa tsa Bibele le ho kopanela kamehla le batho ba Jehova ho ile ha ntšusumelletsa hore ke nehele bophelo ba ka ho Jehova le ho kolobetsoa ka la 25 May, 1946. Ke ile ka thaba haholo ha litho tsa lelapa leso le tsona li tsoela pele moeeng, ’me qetellong kaofela ha bona ba le bararo e e-ba Lipaki tse tšepahalang. Ausi e ntse e le setho se mafolofolo sa phutheho e ’ngoe e Chemnitz. ’Mè le Ntate ba ile ba sebeletsa ka botšepehi ho fihlela ba hlokahala e mong ka 1965, ’me e mong ka 1986.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke kolobelitsoe, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng. Sena se ile sa tšoaea ho qaleha ha tšebeletso ea bophelo bohle “nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Timothea 4:2) Ka mor’a nakoana ho ile ha hlaha menyetla e mecha ea tšebeletso. Ho ile ha hlokahala baboleli ba evangeli ba nako e tletseng sebakeng se seng se ka thōko karolong e ka bochabela ea Jeremane. ’Na le mora e mong oabo rōna re ile ra etsa kōpo ea ho sebeletsa kabelong ena, empa ke ne ke nka hore ha ke na phihlelo le hore ha kea hōla ka ho lekaneng tsebong hore nka jara boikarabelo boo. Kaha ke ne ke le lilemo li 18 feela, ke ile ka ikutloa ka tsela eo Jeremia a ileng a ikutloa ka eona: “Oho, . . . Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jeremia 1:6) Le hoja ke ne ke ikhalala, ka mosa barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba etsa qeto ea ho re fa monyetla. Kahoo, re ile ra abeloa Belzig, e leng motsana o profinseng ea Brandenburg.
Ho etsa mosebetsi oa boboleli tšimong eo e ne e hlile e le phephetso, empa ho ile ha nkoetlisa ka tsela ea bohlokoa. Ha nako e ntse e ea, bahoebi ba ’maloa ba hlaheletseng ba basali ba ile ba amohela molaetsa oa ’Muso ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, khato eo ba ileng ba e nka e ne e fapane hōle le meetlo e metseng ka metso ho baahi ba motsana oo oa mahae le lintho tseo ba li tšabang. Baruti ba Mak’hatholike le ba Maprostanta ba ile ba re hanyetsa ka matla le ho re qosa ka liketselletso mosebetsing oa rōna oa boboleli. Empa ka ho itšetleha ka Jehova bakeng sa tataiso le tšireletso, re ile ra khona ho thusa batho ba ’maloa ba thabelang hore ba amohele ’nete.
Ho se Mamelle Maikutlo a ba Bang Hoa Eketseha
Selemo sa 1948 se ile sa ntlela le litlhohonolofatso le mathata a sa lebelloang. Sa pele, ke ile ka abeloa ho ea bula maliboho Rudolstadt, Thuringia. Ha ke le moo ke ile ka tloaelana le bara le barali babo rōna ba bangata ba tšepahalang, ’me ka thabela botsoalle ba bona. Tlhohonolofatso e ’ngoe ea bohlokoa e tlile ka July selemong sona seo. Ke ile ka nyala Erika Ullmann, moroetsana ea chesehang ea mafolofolo oa Mokreste eo ke qalileng ho mo tseba ha ke qala ho ea libokeng Phuthehong ea Chemnitz. ’Na le eena re ile ra qalisa tšebeletso ea bopula-maliboho Harthau, e leng haeso. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, Erika o ile a sitoa ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ka lebaka la ho kula le mabaka a mang.
Tseo e ne e le linako tse thata ho batho ba Jehova. Lefapha la Tsa Bosebetsi Chemnitz le ile la hlakola karete ea ka ea ho reka lijo ka theko e fokolitsoeng ho leka ho nqobella hore ke khaotse mosebetsi oa boboleli ’me ke batle mosebetsi oa nako eohle. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba sebelisa boemo boo ba ka ho etsa kōpo ea ho ngolisoa ka molao ke ’Muso. Kōpo ena e ile ea hanoa, ’me ka la 23 June, 1950, ke ile ka ahloleloa ho lefa chelete e itseng e le kotlo kapa hore ke qete matsatsi a 30 ke le teronkong. Re ile ra etsa boipiletso qetong ena, empa lekhotla le phahameng la qhela boipiletso boo, ’me ka isoa teronkong.
Eo e ne e mpa e le pontšo feela ea hore khanyetso e ntse e eketseha le hore mathata a tseleng. Le pele khoeli e fela, ka September 1950, puso ea Bokomonisi e ile ea thibela mosebetsi oa rōna ka mor’a ho tsoa letšolo la ho re senya lebitso mecheng ea phatlalatso. Ka lebaka la keketseho ea rōna e sekhahla le boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore, re ile ra rehelloa ka hore re mokhatlo o kotsi oa limpimpi tsa linaha tsa Bophirimela, re etsa “mosebetsi o belaetsang” re nkile lekoko la bolumeli. Hona letsatsing leo ho ntšitsoeng thibelo ka lona, mohats’a ka o ile a ba le mora oa rōna, Johannes, a pepela hae ha ’na ke ne ke le teronkong. Liofisiri tsa Tšireletso ea Naha li ile tsa hlokomoloha boipiletso ba ’melehisi, tsa kena ka tlung ka khang ’me tsa phenya ho batla bopaki ba seo li re qosang ka sona. Ha e le hantle, ha lia ka tsa fumana letho. Leha ho le joalo, hamorao li ile tsa atleha ho kenya mpimpi ka phuthehong ea rōna. Sena se ile sa lebisa ho tšoaroeng ha bara bohle babo rōna ba ikarabellang, ho akarelletsa le ’na, ka October 1953.
Mekoting e Lefifi ea Teronko
Ka mor’a ho fumanoa re le molato le ho ahloleloa ho qeta lilemo tse tharo ho isa ho tse tšeletseng teronkong, re ile ra fumana barab’abo rōna moo mekoting e lefifi e litšila ea teronko Qhobosheaneng ea Osterstein, Zwickau. Le hoja maemo a ne a hlobaetsa moo, e bile ho thabisang haholo ho kopana le barab’abo rōna ba hōlileng tsebong. Ho koalloa ha rōna ho ne ho sa bolele hore re haelloa ke lijo tsa moea. Le hoja puso e ne e khesa Molula-Qhooa ebile e o thibetse, o ile oa ’na oa kena teronkong moo le ho phunyelletsa ho ea fihla liseleng tsa rōna! Joang?
Bara ba bang babo rōna ba ne ba abetsoe ho sebetsa limmaeneng tsa mashala moo ba neng ba kopana teng le Lipaki tse tsoang ka ntle tse neng li ba fa limakasine. Joale ebe barab’abo rōna ba tla le limakasine tseo ka sekhukhu teronkong ’me ba re fetisetsa lijo tsa moea tse hlokahalang haholo ba sebelisa masene a tsotehang. Ke ile ka thabisoa ke ho bona Jehova a re hlokomela le ho re tataisa ka tsela ena ’me seo sa nkhothatsa haholo.
Qetellong ea 1954, re ile ra isoa teronkong e tummeng hampe ea Torgau. Lipaki tse neng li le moo li ile tsa re amohela ka thabo. Ho tla fihlela nakong eo, li ne li ipolokile li le matla moeeng ka ho pheta seo li se hopolang litokollong tse fetileng tsa Molula-Qhooa. Ruri li ne li labalabela ho fumana lijo tse ncha tsa moea! Joale re ile ra tlameha ho li phetela lintlha tseo re ithutileng tsona ha re le Zwickau. Empa re ne re tla etsa seo joang ha re ne re laetsoe ka thata hore re se ke ra buisana ha re le maetong a rōna a letsatsi le letsatsi? Barab’abo rōna ba ne ba re file keletso e bohlale ea kamoo re ka etsang seo kateng, ’me letsoho la Jehova le matla le ile la re tataisa. Sena se ile sa re ruta bohlokoa ba ho khothalla ho ithuta Bibele le ho thuisa ha re sa na le bolokolohi le monyetla oa ho etsa joalo.
Nako ea ho Etsa Qeto Linthong Tsa Bohlokoa
Ka thuso ea Jehova, re ile ra lula re le matla. Re ile ra makala haholo ha ba bangata ba rōna re tšoareloa ke ’muso qetellong ea 1956. Ho thata ho hlalosa thabo eo re ileng ra e thaba ha liheke tsa teronko li buleha! Ka nako eo, mor’a ka o ne a le lilemo li tšeletseng, ’me ke ne ke thabetse ho boela ke kopana le mohats’a ka le ho kopanela ho hōliseng ngoana oa rōna. Johannes o ile a qeta nako a ntšoara joaloka motho eo a sa mo tsebeng, empa ka mor’a nakoana re ile ra theha maqhama a mofuthu.
Lipaki Tsa Jehova Jeremane Bochabela li ne li tobane le nako e thata. Bora bo ntseng bo eketseha tšebeletsong ea rōna ea Bokreste le boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore bo ile ba bolela hore re tla phela re sokeloa ka linako tsohle—re lula re tšohile kotsi, re tšoenyehile re bile re nyahame. Kahoo, ’na le Erika re ile ra tlameha ho hlahloba boemo ba rōna ka hloko le ka thapelo, ’me ra bona hore ho hlokahala re falle e le hore re phele tlas’a maemo a molemonyana ’me re se ke ra tšoenyeha ka ho feteletseng. Re ne re batla ho ba le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova le ho hahamalla lipakane tsa moea.
Ka nako ea selemo ka 1957, re ile ra ba le monyetla oa ho fallela Stuttgart, Jeremane Bophirimela. Mosebetsi oa boevangeli o ne o sa thibeloa moo, ’me re ne re khona ho kopana le barab’abo rōna ka bolokolohi. Tšehetso e lerato eo ba ileng ba re fa eona e ne e hlolla. Re ile ra qeta lilemo tse supileng le phutheho ea Hedelfingen. Lilemong tseo, mora oa rōna o ile a qala ho kena sekolo ’me a tsoela pele hantle. Ka September 1962, ke ile ka thabela tokelo ea ho ba Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, Wiesbaden. Ha ke le moo ke ile ka khothalletsoa hore ke falle le lelapa la ka ho ea sebeletsa sebakeng seo ho sona ho hlokahalang mesuoe ea Bibele e buang Sejeremane. Se ne se akarelletsa libaka tse itseng tsa Jeremane le Switzerland.
Re Fallela Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland
Ka hona, ka 1963 re ile ra fallela Switzerland. Re ile ra laeloa hore re sebetse le phutheho e nyenyane ea Brunnen, Letšeng la Lucerne le letle, bohareng ba Lithaba Tse Telele Tsa Switzerland. E ne eka re paradeiseng. Re ile ra tlameha ho ithuta Sejeremane se buuoang moo, tsela eo batho ba moo ba phelang ka eona le eo ba nahanang ka eona. Leha ho le joalo, re ile ra thabela ho sebetsa le ho pakela batho bao ba ratang khotso. Re ile ra qeta lilemo tse 14 Brunnen. Mora oa rōna o ile a hōlela moo.
Ka 1977, ha ke le lilemo li ka bang 50, re ile ra memeloa ho ea sebeletsa Bethele ea Switzerland e Thun. Re ile ra nka eo e le kabelo e khethehileng eo re neng re sa e lebella ’me ra e amohela ka kananelo e tebileng. ’Na le mohats’a ka re ile ra qeta lilemo tse robong re sebeletsa Bethele, e leng karolo eo re e nkang e le ea bohlokoa haholo bophelong ba rōna ba Bokreste le khōlong ea rōna ea moea. Re ne re boetse re thabela ho paka le bahoeletsi ba moo Thun le libakeng tse haufi, re lula re boha ‘mesebetsi ea Jehova e hlollang,’ Lithaba Tse Telele Tsa Bern tse aparetsoeng ke lehloa.—Pesaleme ea 9:1.
Ho Falla Hape
Mathoasong a 1986 re ile ra boela ra falla. Re ile ra kōpuoa ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng tšimong e khōlōhali e neng e abetsoe Phutheho ea Buchs karolong e ka bochabela ea Switzerland. Le mona re ile ra boela ra tlameha ho ithuta tsela e ’ngoe e fapaneng eo batho ba moo ba phelang ka eona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re hlohonolofatsa kabelong ena e ncha, kaha re ne re susumelitsoe ke takatso ea ho sebeletsa kae le kae moo re ka sebelisoang hamolemo teng. Ka linako tse ling, ke ne ke tšoarela balebeli ba tsamaeang molepo, ke etela liphutheho le ho li khothatsa. Ho se ho fetile lilemo tse 18, ’me re bile le liphihlelo tse ngata tse thabisang ha re ntse re paka sebakeng sena. Phutheho ea Buchs e hōtse, ’me re thabela ho kopanela Holong e ntle ea ’Muso, e nehetsoeng lilemong tse hlano tse fetileng.
Jehova o re hlokometse ka seatla se bulehileng. Re qetile lilemo tse ngata tsa bophelo ba rōna re le tšebeletsong ea nako e tletseng, empa ha ho mohla re kileng ra haelloa ke letho. Re thabisoa ke ho bona mora oa rōna, mosali oa hae le bana ba bona, hammoho le ba malapa a litloholo tsa rōna, ba tsamaea ka botšepehi tseleng ea Jehova, ’me seo se re tlisetsa khotsofalo.
Ha ke hetla morao, ke bona hantle hore re sebelelitse Jehova “nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” Ho phehella ha ka tšebeletso ea Bokreste ho ntlositse mekoting e lefifi ea teronko ea Bokomonisi ha nkisa Lithabeng Tse Telele Tsa Switzerland tse ntle. ’Na le ba lelapa la ka ha re ikoahlaee ka letho.
[Lebokose le leqepheng la 28]
“Ba Ahlotsoeng Habeli” ba Ema ba Tiile Har’a Mahloriso
Pusong ea German Democratic Republic (GDR), eo hape e tsejoang ka hore ke Jeremane Bochabela, Lipaki Tsa Jehova e ile ea e-ba tsona tse hatelloang ka sehlōhō ka ho khetheha. Litlaleho li bontša hore Lipaki tse fetang 5 000 li ile tsa isoa likampong tsa mosebetsi o boima le litsing tsa botlamuoa ka lebaka la tšebeletso ea tsona ea Bokreste le ho se nke lehlakore ha tsona.—Esaia 2:4.
Tse ling tsa tsona li ’nile tsa hlalosoa e le “ba ahlotsoeng habeli.” Tse ka bang 325 li ile tsa koalloa likampong tsa mahloriso tsa Manazi le literonkong tsa ’ona. Ka mor’a moo, lilemong tsa bo-1950, li ile tsa saloa morao le ho koalloa ke Stasi, e leng Lefapha la Tšireletso ea Naha la GDR. Esita le literonko tse ling li qalile li sebelisoa ke Manazi ’me hamorao tsa sebelisoa ke Stasi.
Lilemong tse leshome tse qalang tsa mahloriso a matla, ho tloha ka 1950 ho ea ho 1961, Lipaki tse 60—tsa banna le tsa basali—li ile tsa shoela teronkong ka lebaka la tšoaro e mpe, khaello ea phepo, ho kula le botsofali. Lipaki tse 12 li ile tsa ahloleloa ho hlola bophelo bohle teronkong ’me hamorao kahlolo eo ea fokotsoa ho ba lilemo tse 15 li le teronkong.
Kajeno, moo e neng e le ntlo-khōlō ea Stasi, Berlin, ho na le pontšo e lulang moo e sa tlohe e bontšang lilemo tse 40 tseo Lipaki Tsa Jehova li li qetileng li hlorisoa ke ba boholong Jeremane Bochabela. Litšoantšo le litlaleho tse ngotsoeng ke batho ka bomong tse bontšitsoeng moo li fana ka bopaki li ntse li khutsitse ba sebete seo Lipaki tseo tse ileng tsa lula li tšepahala tlas’a mahloriso li bileng le sona le kamoo li neng li le matla kateng moeeng.
[’Mapa o leqepheng la 24, 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
JEREMANE BOCHABELA
Rudolstadt
Belzig
Torgau
Chemnitz
Zwickau
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Qhobosheane ea Osterstein, Zwickau
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Fotosammlung des Stadtarchiv Zwickau, Deutschland
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le mohats’a ka, Erika