Lenyalo le ka Atleha Mehleng ea Kajeno
“Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—BAKOLOSE 3:14.
1, 2. (a) Ke ’nete efe e khothatsang mabapi le phutheho ea Bokreste? (b) Lenyalo le atlehileng ke le joang?
HA RE sheba phutheho ea Bokreste, na ha ho thabise ho bona banyalani ba bangata hakana ba ’nileng ba tšepahala ho balekane ba bona ka lilemo tse 10, 20, 30, esita le tse fetang tseo? Ba tšepahetse ho balekane ba bona ho sa tsotellehe mathata.—Genese 2:24.
2 Ba bangata ba tla lumela hore ho ’nile ha e-ba le mathata manyalong a bona. Mohlokomeli e mong o ile a ngola a re: “Manyalo a thabileng hase hore ha a na mathata. Ho na le linako tsa ho thaba le tsa ho se thabe. . . . Empa ka tsela e itseng . . . batho bana ba lutse ba ntse ba nyalane ho sa tsotellehe [pherekano] ea bophelo ba kajeno.” Banyalani ba atlehileng ba ithutile ho sebetsana le mathata le maqakabetsi a sa qobeheng a bakoang ke likhatello tsa bophelo, haholo-holo haeba ba hōlisitse bana. Banyalani bana ba ithutile ka liphihlelo tsa bona hore lerato la ’nete “ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:8.
3. Lipalo-palo li bontša eng ka lenyalo le tlhalo, e leng ho hlahisang lipotso life?
3 Ha ho bapisoa, manyalo a limilione a senyehile. Tlaleho e ’ngoe e re: “Ho lebeletsoe hore halofo ea manyalo ’ohle a United States e felle ka tlhalo. ’Me halofo ea [litlhalo] tseo e tla etsahala lilemong tse 7,8 tsa pele tsa lenyalo . . . Ba 75 ho batho ba lekholo ba kenang lenyalong hape, ba 60 ho ba lekholo ba tla hlala hape.” Esita le linaheng tseo tlhalo e neng e sa phahama haholo ho tsona, palo ea ba hlalanang e eketsehile. Ka mohlala, Japane palo ea ba hlalanang e batla e imenne habeli lilemong tsa morao tjena. Tse ling tsa likhatello tse bakileng boemo boo ke life, e leng likhatello tseo ka linako tse ling li hlahellang le ka phuthehong ea Bokreste? Ho hlokahala eng hore lenyalo le atlehe ho sa tsotellehe boiteko ba Satane ba ho senya tokisetso ee?
Maraba a Lokelang ho Qojoa
4. A mang a maemo a ka senyang lenyalo ke afe?
4 Lentsoe la Molimo le re thusa ho utloisisa maemo a ka senyang lenyalo. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse mabapi le maemo a neng a tla ba teng matsatsing ana a qetello: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
5. Ke hobane’ng ha ‘moithati’ a ka ’na a senya lenyalo la hae, hona keletso ea Bibele ke efe ntlheng ee?
5 Ha re sekaseka mantsoe a Pauluse, re bona hore lintho tse ngata tseo a li thathamisitseng li ka senya likamano tsa lenyalo. Ka mohlala, “baithati” ke baikhabi ’me ha ba nahanele batho ba bang. Banna kapa basali ba baithati ba ikemiselitse ho fumana seo ba se batlang. Ha ba nahanele, ha ba fetohe. Na boikutlo bo joalo bo ka etsa hore lenyalo e be le thabileng? Che. Ka bohlale moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste, ho akarelletsa banyalani, a re: “[Ha lea tšoanela ho etsa] letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:3, 4.
6. Ho rata chelete ho ka senya likamano tsa lenyalo joang?
6 Lerato la chelete le ka arohanya monna le mosali. Pauluse o ile a lemosa tjena: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Ka masoabi, seo Pauluse a lemositseng ka sona se etsahetse manyalong a mangata kajeno. Ha banyalani ba bangata ba ntse ba batla leruo, ba hlokomoloha litlhoko tsa balekane ba bona, ho akarelletsa litlhoko tsa bohlokoa tsa ho khothatsoa le botsoalle ba kamehla bo mofuthu.
7. Maemong a mang, ke boitšoaro bofe bo lebisitseng ho se tšepahaleng lenyalong?
7 Ho hong hape hoo Pauluse a ileng a ho bolela ke hore matsatsing ana a ho qetela batho ba bang e ne e tla ba “ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” Likano tsa lenyalo ke tšepiso e tiileng e lokelang ho fetoha tlamo ea ka ho sa feleng, eseng ho tsoa e mong tlaase. (Malakia 2:14-16) Leha ho le joalo, ba bang ba bile le lerato la baratani ho batho ba bang bao e seng balekane ba bona. Mosali e mong ea lilemong tsa bo-30 ea ileng a siuoa ke monna oa hae o ile a hlalosa hore le pele monna a tloha, o ne a tloaetse basali ba bang haholo a bile a ameha haholo ka bona. O ile a hlōleha ho lemoha boitšoaro bo sa lokelang monna ea nyetseng. Mosali enoa o ile a utloa bohloko haholo ha a bona sena se etsahala ’me ka bohlale o ile a leka ho hlokomelisa monna oa hae hore tsela eo a e nkileng e kotsi. Ho sa tsotellehe seo, o ile a feba. Le hoja a ne a lemosoa ka mosa, molekane enoa ea fosang o ne a sa batle ho mamela. O ile a oela lerabeng.—Liproverbia 6:27-29.
8. Ke eng e ka etsang hore motho a febe?
8 Temoso ea Bibele e hlakile hakaakang khahlanong le bofebe! “Mang kapa mang ea febang le mosali o na le pelo e haelloang; ea ho etsang o felisa moea oa hae.” (Liproverbia 6:32) Hangata, bofebe hase ntho ea tšohanyetso, kapa e tsometsang. Joalokaha mongoli oa Bibele Jakobo a bontšitse, sebe se kang bofebe se atisa ho etsahala feela ka mor’a hore motho a ’ne a nahane ka bona. (Jakobo 1:14, 15) Molekane ea fosang o khaotsa butle-butle ho tšepahala ho molekane eo a ileng a ikana hore o tla tšepahala ho eena bophelo bohle ba hae. Jesu o itse: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.”—Matheu 5:27, 28.
9. Ke keletso efe e bohlale e fumanoang ho Liproverbia 5:18-20?
9 Kahoo, tsela e bohlale le e tšepahalang ke ena e khothalletsoang ke buka ea Liproverbia: “Mohloli oa hao oa metsi o ke o hlohonolofatsoe, ’me u thabe le mosali oa bocha ba hao, khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang. Matsoele a hae a ke a u tahe ka linako tsohle. E se eka ka lerato la hae u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo kamehla. Kahoo mora oa ka, ke hobane’ng ha u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo le mosali osele kapa ua kopa sefuba sa mosali oa molata?”—Liproverbia 5:18-20.
Qoba ho Kena Lenyalong ka Lepotlapotla
10. Ke hobane’ng ha e le bohlale ho ipha nako ea ho tseba eo u rerang ho nyalana le eena?
10 Mathata a ka ’na a hlaha lenyalong ha batho ba nyalana ka lepotlapotla. Ho ka etsahala hore ebe ba sa le banyenyane haholo ’me ha ba na phihlelo. Kapa mohlomong ha ba iphe nako ea ho tsebana—seo ba se ratang le seo ba sa se rateng, lipakane tsa bona bophelong le limelo tsa malapa a’bo bona. Ke bohlale ho mamella, ho ipha nako ea ho tseba eo u rerang ho nyalana le eena. Nahana ka Jakobo, mora oa Isaka. O ile a tlameha ho nka lilemo tse supileng a sebeletsa eo e neng e tla ba mohoe oa hae, pele a lumelloa ho nyala Ragele. O ne a ikemiselitse ho etsa seo hobane maikutlo a hae a ne a thehiloe leratong la sebele, eseng botleng ba ’mele feela.—Genese 29:20-30.
11. (a) Lenyalo le kopanya eng? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho sebelisoe mantsoe ka bohlale lenyalong?
11 Lenyalo hase feela ho ratana. Lenyalo le kopanya batho ba babeli ba tsoang malapeng a sa tšoaneng le ba nang le botho bo sa tšoaneng ka ho khethehileng, le maikutlo, ’me hangata le ka thuto. Ka linako tse ling ke ho kopanya litso tse peli, esita le lipuo tse peli. Esita le haeba ho se letho la tse seng li boletsoe, le kopanya maikutlo a batho ba babeli ba sa tšoaneng, ba nang le mokhoa oa ho ntša maikutlo a bona a sa tšoaneng litabeng tsa mefuta eohle. Maikutlo ao a batho ba babeli, ke karolo ea sebele ea kopano ea lenyalo. Nako le nako ba ka tšoaeana liphoso le ho belaela, kapa ba ka khothatsana le ho matlafatsana ka mofuthu. Ke ’nete hore ka mantsoe a hae motho a ka utloisa molekane oa hae bohloko kapa a mo folisa. Ho phasoloha feela ho ka baka bothata bo boholo lenyalong.—Liproverbia 12:18; 15:1, 2; 16:24; 21:9; 31:26.
12, 13. Ke pono efe ea sebele e khothaletsoang tabeng ea lenyalo?
12 Kahoo, ke bohlale ho ipha nako ea hore u hle u tsebe eo u rerang ho nyalana le eena. Morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea nang le phihlelo o kile a re: “Ha u sheba motho eo u rerang ho nyalana le eena, nahana bonyane ka lintlha tsa bohlokoa tse leshome tseo u tla rata ho li bona ho eena. Haeba u ka fumana tse supileng feela, ipotse, ‘Na ke ikemiselitse ho hlokomoloha tse tharo tse sieo? Na nka mamella tseo tse sieo letsatsi le leng le le leng?’ Haeba u belaela, ema ’me u nahane.” Ha e le hantle, ho hlokahala hore u talime lintho ka tsela ea sebele. Haeba u batla ho kena lenyalong, tseba hore u ke ke ua fumana molekane ea phethahetseng. Empa, ka ho tšoanang, le uena u ke ke ua ba molekane ea phethahetseng ho motho eo u tla nyalana le eena!—Luka 6:41.
13 Lenyalo le akarelletsa ho itela. Pauluse o ile a totobatsa sena ha a ne a re: “Ke batla hore le se ke la ba le matšoenyeho. Monna ea sa nyalang o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, kamoo a ka fumanang kamohelo ea Morena. Empa monna ea nyetseng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea mosali oa hae, ’me o arohane. Ho ekelletsa moo, mosali ea sa nyaloang, le moroetsana, o tšoenyeha ka lintho tsa Morena, e le hore e ka ba ea halalelang ’meleng oa hae le moeeng oa hae. Leha ho le joalo, mosali ea nyetsoeng o tšoenyeha ka lintho tsa lefatše, kamoo a ka fumanang kamohelo ea monna oa hae.”—1 Bakorinthe 7:32-34.
Lebaka leo Manyalo a Mang a Felang ka Lona
14, 15. Ke eng e ka fokolisang maqhama a lenyalo?
14 Mosali e mong oa Mokreste o sa tsoa sithabetsoa ke tlhalo ha monna oa hae a mo siea ka mor’a lenyalo la lilemo tse 12 ’me a nkana le mosali e mong. Na ho na le lintho tseo a ileng a li hlokomela pele ba arohana? O hlalosa ka ho re: “O ile a fihla boemong boo ho bona a neng a se a sa rapele. O ne a fosa liboka tsa Bokreste le mosebetsi oa boboleli ka mabaka a fokolang. O ne a bolela hore o phathahane haholo kapa o khathetse haholo hore a be le ’na. O ne a sa mpuise. Re ne re se re sa bue ka lintho tsa moea. O ne a ntlhomola pelo. E ne e se e se monna eane eo ke ileng ka nyalana le eena.”
15 Ba bang ba tlaleha hore ba ile ba hlokomela liketso tse tšoanang, tse akarelletsang ho hlokomoloha thuto ea botho ea Bibele, thapelo, kapa ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ka mantsoe a mang, batho ba bangata ba ileng ba qetella ba sihile balekane ba bona ba ile ba lumella hore kamano ea bona le Jehova e fokole. Ka lebaka leo, ba ile ba fifalloa ke pono ea lintho tsa moea. Ho bona, Jehova e ne e se e se Molimo ea phelang. Ha baa ka ba hlola ba lumela hore ho na le lefatše le lecha le tšepisitsoeng la ho loka. Maemong a mang, bofokoli bona ba moea bo etsahetse le pele molekane ea sa tšepahaleng a qala ho bōka.—Baheberu 10:38, 39; 11:6; 2 Petrose 3:13, 14.
16. Lenyalo le matlafatsoa ke eng?
16 Ho fapana le moo, banyalani ba bang ba thabileng haholo ba bolela hore lenyalo la bona le atlehisoa ke maqhama a matla a moea. Ba rapela hammoho le ho ithuta hammoho. Monna o re: “Re bala Bibele hammoho. Re ea tšebeletsong hammoho. Re thabela ho etsa lintho hammoho.” Thuto e hlakile: Ho boloka kamano e ntle le Jehova ho tla thusa haholo hore lenyalo le tiee.
Talima Lintho ka Tsela ea Sebele ’Me U Bue
17. (a) Ke lintho life tse peli tse thusang lenyalo hore le atlehe? (b) Pauluse o hlalosa lerato la Bokreste joang?
17 Ho na le lintho tse ling tse peli tse thusang lenyalo hore le atlehe: lerato la Bokreste le puisano. Ha batho ba babeli ba ratana, ba ba le mokhoa oa hore e mong a hlokomolohe liphoso tsa e mong. Ba ka ’na ba kena lenyalong ba lebeletse lintho tse feteletseng, mohlomong tseo ba li balileng libukeng tsa marato kapa tseo ba li boneng libaesekopong. Leha ho le joalo, qetellong banyalani ba lokela ho tobana le lintho tsa sebele bophelong. Joale, liphoso tse nyenyane kapa mekhoa e batlang e khopisa e ka fetoha mathata a maholo. Ha seo se etsahala, ho hlokahala hore Bakreste ba bonahatse litholoana tsa moea, tseo e ’ngoe ea tsona e leng lerato. (Bagalata 5:22, 23) Ka sebele, lerato le matla haholo—eseng lerato la baratani empa lerato la Bokreste. Pauluse o ile a hlalosa lerato le joalo la Bokreste ha a re: “Lea tiisetsa ’me le mosa . . . ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. . . . Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:4-7) Ho hlakile hore lerato la ’nete le mamella bofokoli ba batho. Ha e le hantle, ha le lebelle phetheho.—Liproverbia 10:12.
18. Puisano e ka matlafatsa likamano joang?
18 Puisano le eona ke ea bohlokoa. Ho sa tsotellehe hore na ho fetile lilemo tse kae ba nyalane, banyalani ba lokela ho buisana le ho mamelana e le kannete. Monna e mong o re: “Re ntša maikutlo ka bolokolohi empa e le ka tsela e nang le botsoalle.” Ha ba se ba tsebana, monna kapa mosali o ithuta ho mamela seo molekane oa hae a khethang ho se bua le ho lemoha seo a khethang hore a se ke a se bua. Ka mantsoe a mang, ha lilemo li ntse li feta, banyalani ba thabileng ba ithuta ho lemoha hore na balekane ba bona ba nahanne eng le hore na maikutlo a bona ke afe. Basali ba bang ba ’nile ba bolela hore banna ba bona ha ba hlile ha ba ba mamele. Banna ba bang ba ’nile ba belaela ka hore ho bonahala basali ba bona ba batla ho bua ka nako e tšopholi ka ho fetisisa. Puisano e akarelletsa ho ipeha boemong ba motho e mong le kutloisiso. Puisano e ntle e molemo ho monna le mosali.—Jakobo 1:19.
19. (a) Ke hobane’ng ha ho kōpa tšoarelo ho ka ba thata? (b) Ke eng se tla re susumelletsa ho kōpa tšoarelo?
19 Ka linako tse ling puisano e akarelletsa ho kōpa tšoarelo. Sena ha se bonolo kamehla. Ho hloka boikokobetso hore motho a lumele liphoso tsa hae. Empa, hoo ho etsa phapang e khōlō hakaakang lenyalong! Ho kōpa tšoarelo ka tieo ho ka tlosa boemo bo ka ’nang ba baka bothata ka moso ’me hape ho ka bula monyetla oa tšoarelo ea sebele le pheko ea bothata. Pauluse o ile a re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:13, 14.
20. Mokreste o lokela ho tšoara molekane oa hae oa lenyalo joang ha ba le bang le ha ba le har’a batho?
20 Ho tšehetsana le hona hoa hlokahala lenyalong. Monna le mosali oa Mokreste ba lokela ho tšepana, e mong a itšetlehe ka e mong. Ha ho ea lokelang ho khesa e mong kapa ho mo tlosa seriti ka litsela tse itseng. Re babatsa balekane ba rōna ba lenyalo ka lerato, ha re ba tšoaee liphoso ka bohale. (Liproverbia 31:28b) Ka sebele, ha re ba nyenyefatse ka ho etsa metlae ea booatla le e sa nahaneleng ka bona. (Bakolose 4:6) Ho tšehetsana hoo ho matlafatsoa ka lintho tse etsoang khafetsa tse bontšang lerato. Ho ama motho kapa lentsoe le bueloang tlaase ka mofuthu ke lintho tse ka reng: “Ke sa ntse ke u rata. Ke thabela hore e be u na le ’na.” Ana ke a mang a maemo a ka ntšetsang kamano pele le a ka thusang lenyalo hore le atlehe mehleng ea kajeno. A mang a teng, ’me sehlooho se latelang se tla fana ka tataiso e eketsehileng ea Mangolo ea kamoo ho ka atlehisoang lenyalo kateng.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng haholo, bona buka e nang le sehlooho se reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• A mang a maemo a ka senyang lenyalo ke afe?
• Ke hobane’ng ha e se bohlale ho nyalana ka lepotlapotla?
• Bomoea bo ama lenyalo joang?
• Ke maemo afe a thusang ho tsitsisa lenyalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lenyalo hase feela ho ratana
[Litšoantšo tse leqepheng la 14]
Kamano e matla le Jehova e thusa banyalani ho atlehisa lenyalo