Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 3/15 maq. 3-4
  • Jesu o Susumelitse Lefatše Kaofela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Susumelitse Lefatše Kaofela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu Kreste—Ke Mang?
    Jesu Kreste—Ke Mang?
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Bokreste bo Hlōlehile?
    Tsoha!—2007
  • Jesu oa Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 3/15 maq. 3-4

Jesu o Susumelitse Lefatše Kaofela

MOFETOLELI oa Bibele Edgar Goodspeed o ile a ngola a re: “Sohle seo likosepele li tlalehang hore Jesu o ile a se bua ho batho ba itseng le ho batho ka kakaretso, a ka be a ile a se bua ka lihora tse peli. Leha ho le joalo, bonyane bona boo a ileng a bo bua, bo ne bo susumetsa, bo hlohlelletsa bo bile bo kena ka botebo ho batho hoo ba bangata ba lumelang hore ha ho motho e mong ea susumelitseng lefatše hakaalo.”

Ha Jesu Kreste a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka selemo sa 33 C.E., palo ea balateli ba hae e ne e ka ba banna le basali ba 120. (Liketso 1:15) Kajeno, batho ba fetang limilione tse likete tse peli ba bolela hore ke Bakreste. Ba bang hape ba makholo a limilione ba lumela hore Jesu e ne e le moprofeta. Ka sebele lithuto tsa hae li susumelitse moloko oa batho ka tsela e khethehileng.

Esita le baeta-pele bao eseng Bakreste ba ’nile ba lumela hore Jesu o susumelitse lefatše kaofela. Ka mohlala, rabi oa Mojuda Hyman Enelow o ile a ngola a re: “Jesu ke motho ea tummeng ka ho fetisisa, eo ho ithutoang ka eena ka ho fetisisa, ea nang le tšusumetso ka ho fetisisa historing ea bolumeli ea moloko oa batho.” Enelow o ile a boela a re: “Na o teng ea ka lekanyang tšusumetso eohle eo Jesu a bileng le eona bathong? Lerato leo a le hlohlelelitseng, matšeliso ao a faneng ka ’ona, molemo oo a o entseng, tšepo le thabo tseo a li susumelelitseng ho batho—ha ho tse lekanang le tsona historing ea batho. Har’a batho ba baholo le ba molemo ba kileng ba phela, ha ho ea atamelang Jesu ka ho ratoa ka kakaretso le ka tšusumetso. Ke motho ea thahaselloang haholo historing.” Moeta-pele oa Mohindu Mohandas K. Gandhi o ile a re: “Ha ke tsebe motho e mong ea etselitseng batho se fetang se entsoeng ke Jesu. Ha e le hantle, ha ho letho le phoso ka Bokreste.” Leha ho le joalo, o ile a eketsa ka ho re: “Bothata bo ho lōna Bakreste. Le hōle le ho phelela lithuto tsa lōna.”

E se e le nako e telele linaha tse bolelang hore ke tsa Bokreste li hlōleha ho phela ka lithuto tsa Jesu. Rahistori oa Bokreste, Cecil John Cadoux o ile a bolela hore “qalong feela hoo e ka bang ka 140 A.D., baeta-pele ba Bokreste ba ile ba hlokomela hore lerato la boitšoaro bo hlephileng le ntse le hōla hohle ka Kerekeng.” O ile a re: “Ho khoehla hona ha boitšoaro ho ile ha bula monyetla oa ho lumellana le litsela tsa lefatše.”

Boitšoaro bona bo hlephileng bo ile ba ja setsi lekholong la bone la lilemo, ha Moemphera oa Roma Constantine a amohela Bokreste. Cadoux o ile a ngola hore “bo-rahistori ba hlokometse, ’me ba bang ba bona ba utloa bohloko ke ho sekisetsa ho hoholo hoo Kereke e ileng ea ho etsa ka lebaka la tumellano ea eona le Constantinus.” Lilemo tse makholo ho tloha nakong eo, Bakreste ka lebitso ba ’nile ba etsa liketso tse ngata tse hlabisang lihlong tse tlotlollang lebitso la Kreste.

Kahoo, lipotso tseo re amehileng ka tsona ke tsena: Hantle-ntle Jesu o ile a ruta eng? Hona lithuto tsa hae li lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ha ke tsebe motho e mong ea etselitseng batho se fetang se entsoeng ke Jesu.”—Mohandas K. Gandhi

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ha ho motho e mong ea susumelitseng lefatše hakaalo.”—Edgar Goodspeed

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Culver Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela