Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 8/15 maq. 3-4
  • Liphello Tse Bohloko Tsa Lefu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphello Tse Bohloko Tsa Lefu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba Phelang Baa Tseba Hore ba Tla Shoa”
  • Pharela e Khōlō
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • U Nka Lefu Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 8/15 maq. 3-4

Liphello Tse Bohloko Tsa Lefu

“NGOANANA EA LILEMO LI TŠELETSENG OA IPOLAEA.” Sehlooho sena sa litaba se sisimosang se ne se bua ka lefu le bohloko la ngoananyana ea bitsoang Jackie. ’M’ae o ne a sa tsoa bolaoa ke lefu le leng le sa foleng. Pele Jackie a ikakhela ka pel’a terene, o ile a bolella banab’abo hore o ne a batla ‘ho ba lengeloi ’me a be le ’m’ae.’

Ian o ne a le lilemo li 18 ha a ne a kōpa hore moprista a mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha ntat’ae a ile a bolaoa ke kankere. Moprista eo o ile a re, kaha ntat’a Ian e ne e le motho ea lokileng, Molimo o ne a mo batla leholimong. Ka mor’a ho mamela tlhaloso ena, Ian o ile a etsa qeto ea hore ha a batle ho tseba Molimo ea khopo joalo. Kaha bophelo bo ne bo bonahala bo se na morero, Ian o ile a etsa qeto ea ho lelekisa menate. Ka lebaka leo, o ile a qala ho noa joala, ho tsuba lithethefatsi le ho itšoara hampe. Bophelo ba hae bo ne bo tsoa taolong.

“Ba Phelang Baa Tseba Hore ba Tla Shoa”

Liketsahalo tsena tse peli tse sisimosang li bontša kamoo lefu le ka senyang bophelo ba batho kateng, haholo-holo haeba lefu leo e bile la tšohanyetso. Ho ke ke ha latoloa hore batho bohle baa elelloa hore sena seo Bibele e se buang ke ’nete: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa.” (Moeklesia 9:5) Empa ba bangata ba khetha ho iphapanyetsa ’nete ena e utloisang bohloko. Na le uena u iphapanyetsa eona? Bophelong ho na le lintho tse ngata tse hlokang nako le ho eloa hloko hoo re ka ’nang ra qoba ho nahana ka lefu hobane le bonahala eka le hōle.

The World Book Encyclopedia e re: “Batho ba bangata ba tšaba lefu ’me ha ba batle ho nahana ka lona.” Leha ho le joalo, ka tšohanyetso kotsi e tšabehang kapa boloetse bo itseng bo ka ’nang ba re bolaea bo ka ’na ba re qobella hore re lumele hore re ka ’na ra shoa. Kapa mohlomong phupu ea motsoalle oa rōna kapa mong ka rōna e ka re hopotsa habohloko hore na batho bohle ba ea hokae.

Ho ntse ho le joalo, linaheng tse ling hangata u tla utloa batho ba tlileng phupung ba re, “Bophelo bo lokela ho tsoela pele.” ’Me ho hlile ho joalo, bo tsoela pele. Ha e le hantle, bophelo bo ka ’na ba bonahala bo feta ka potlako hoo kapele feela motho a seng a hlaheloa ke mathata a botsofali. Ka nako eo, motho o qala ho bonela lefu haufi. Ho na le mafu a mangata haholo ao motho a lokelang ho ea ho oona, e leng se bolelang hore motho o lokela ho mamella ho hlokahalloa ke metsoalle e mengata ea khale. Hangata potso e tšoenyang batho ba baholo ba bangata ke e reng, “Ebe ’na ke tla latela neng?”

Pharela e Khōlō

Le hoja ho se motho ea hanang hore lefu le teng, se etsahalang ka mor’a lefu e sa ntse e le pharela e khōlō. Litlhaloso tse ngata tse sa lumellaneng li ka ’na tsa etsa hore batho ba lumelang lintho ka lekhonono ba nke hore ena ke khang e se nang kelello ea ntho e sa tsejoeng. Motho ea nahanang a ka ’na a etsa qeto ea hore kaha “bophelo bo tla hanngoe,” motho o lokela ho thabela bophelo ka hohle kamoo a ka khonang.

Ka lehlakoreng le leng, ba bang ha ba batle ho lumela hore lefu ke qetello ea lintho tsohle. Leha ho le joalo, ha ba tsebe hantle hore na ho etsahala’ng ka mor’a lefu. Ba bang ba nahana hore bophelo bo tla tsoela pele hohle e le thabo e sa feleng, ha ba bang bona ba nahana hore ka mor’a nako e itseng ba tla phela hape, mohlomong e se e le motho e mong.

Kamehla batho ba shoetsoeng baa ipotsa, “Bafu ba hokae?” Lilemong tse ’maloa tse fetileng, litho tsa sehlopha se seng sa bolo ea maoto li ne li e-ea papaling ha ka tšohanyetso teraka e thula k’hombi eo li neng li tsamaea ka eona hoo k’hombi eo e ileng ea tsoa tseleng ea ba ea phethoha. Litho tse hlano tsa sehlopha seo li ile tsa shoa. ’Mè e mong o ile a qala ho phela ka tsela e sa tloaelehang ho tloha mohla mor’a hae a hlokahalang kotsing eo. Seo a batlang ho se tseba ke hore na mor’a hae o hokae. Khafetsa o ea lebitleng la hae ’me o qeta lihora a bua le eena a hoelelitse. O ile a re ka pelo e bohloko: “Ha ke lumele hore ha ho letho le etsahalang ka mor’a lefu, empa ha ke tsebe hore na ho etsahala’ng.”

Ho hlakile hore tsela eo re nkang lefu ka eona e ka ama bophelo ba rōna hona joale. Ho hlaha lipotso tse ngata ka lebaka la tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha ba oetsoe ke koluoa ea lefu. Ak’u ipotse hore na uena u ne u ka araba lipotso tsena joang. Na re lokela hore re lebale ka lefu ebe re nahana feela ka ho phela? Na re lokela ho itumella ho sulafalletsoa bophelo ke ho tseba hore re tla shoa? Na ha ho letho leo mong ka mofu ea siameng a ka le etsa’ng kantle le ho lula a ipotsa hore na moratuoa oa hae ea shoeleng o hokae? Na lefu e lokela ho lula e le qaka?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela