Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 maq. 4-7
  • Botšepehi Boa Putsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi Boa Putsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botšepehi ke ba Bohlokoahali Lenyalong
  • Botšepehi bo Tiisa Manyalo
  • Ha Batsoali le Bana ba Tšepahala
  • Ke Habohlokoa Hore Metsoalle e Tšepahale
  • Batho ba ka Ithuta ho Tšepahala
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 maq. 4-7

Botšepehi Boa Putsa

LINAHENG tse ling, bana ba rata ho bapala ka ba bang ka hore ba hometse lijesi tsa bona ka hlaba-hlabane. Ho sa tsotellehe hore na ngoana eo o etsa’ng—a ka tsamaea, a matha, a e hlohlora, kapa a qhoma—hlaba-hlabane e hometseng jesi ea hae e ke ke ea tloha. A ka e tlosa feela ka ho e homolla ka bomong. Bana ba hlile ba thabela ha ho le joalo.

Ke ’nete hore ha ho na motho ea ratang ho homeloa ke hlaba-hlabane, empa kaofela re tsota tsela eo e khomarelang liaparo ka eona. Motho ea tšepahalang le eena o joalo. Motho ea tšepahalang o ba haufi le e mong, ’me o etsa bonnete ba hore kamano ea bona e ba ea mocha-o-chele. Ka botšepehi, o phetha mesebetsi le boikarabelo ba hae e le hore a tiise likamano esita le haeba ho e-na le maemo a thatafatsang lintho. Lentsoe lena “botšepehi” le etsa hore re nahane ka motho oa ’nete, ea tšepahalang le ea inehetseng nthong e itseng. Empa, le hoja e ka ’na eaba ua thaba ha batho ba bang ba tšepahala ho uena, na u ikemiselitse ho tšepahala ho ba bang? Haeba ho joalo, u lokela ho tšepahala ho mang?

Botšepehi ke ba Bohlokoahali Lenyalong

Lenyalo ke e ’ngoe ea lintho tseo ho tsona botšepehi e hlileng e leng ba bohlokoa haholo le hoja ka masoabi, hangata banyalani ba sa tšepahale. Monna le mosali ba lulang ba tšepahalla likano tsa bona tsa lenyalo—ke hore ba lulang hammoho ’me e mong a etsa se molemong oa e mong—ba nkile bohato ba bohlokoa bo ka etsang hore ba thabe le ho sireletseha. Ke hobane’ng ha re rialo? Re rialo hobane batho ba bōpiloe ba hloka ho bontšoa botšepehi le ho bontša botšepehi. Ha Molimo a ne a nyalisa Adama le Eva serapeng sa Edene, o ile a re: “Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae.” Mosali le eena o ne a tla lokela ho khomarela monna oa hae joalo feela. Monna le mosali ba ne ba tla lokela ho tšepahala e mong ho e mong, ’me ba sebelisane.—Genese 2:24; Matheu 19:3-9.

Ke ’nete hore seo se etsahetse lilemong tse fetileng tse likete. Empa na seo se bolela hore mehleng ea kajeno ho tšepahala lenyalong ho siiloe ke nako? Ba bangata ba ne ba tla araba ka ho re ha ho joalo. Bafuputsi ba bang ba Jeremane ba fumane hore karolo ea 80 lekholong e nka hore botšepehi ke ba bohlokoa haholo lenyalong. Ho ile ha etsoa phuputso ea bobeli e le hore ho bonoe hore na banna le basali ba nka litšobotsi life e le tse ratehang ka ho fetisisa. Banna ba sehlopha ba ile ba kōptjoa hore ba bolele litšobotsi tse hlano tseo ba li ratang ka ho fetisisa ho basali, ’me basali le bona ba ile ba bolela litšobotsi tse hlano tseo ba li ratang ka ho fetisisa ho banna. Tšobotsi eo banna le basali ba neng ba e nka e le ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le botšepehi.

Ka sebele botšepehi ke e ’ngoe ea lintho tse matla tse atlehisang lenyalo. Leha ho le joalo, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, botšepehi bo thoholetsoa ke ba bangata empa ha bo bontšoe. Ka mohlala, linaheng tse ngata, manyalo a mangata a fellang ka tlhalo ke bopaki ba hore ho se tšepahale ho jele setsi. Banyalani ba ka etsa’ng e le hore ba qobe mokhoa oo ebe ba lula ba tšepahala e mong ho e mong?

Botšepehi bo Tiisa Manyalo

Botšepehi bo bonahala ha balekane ba lenyalo ba batla litsela tsa ho kholisana hore baa ratana. Ka mohlala, hangata ho molemo ho re “ea rōna” ho feta ho re “ea ka”—“metsoalle ea rōna,” “bana ba rōna,” “ha rōna,” “phihlelo ea rōna” le tse ling. Ha monna le mosali ba rera lintho tse itseng kapa ba etsa liqeto—ebang ke mabapi le ntlo, mosebetsi, ho hōlisa bana, boithabiso, ho ea phomolong kapa mesebetsing ea bolumeli—e mong o lokela ho nahanela maikutlo a molekane oa hae le tsela eo a talimang lintho ka eona.—Liproverbia 11:14; 15:22.

Botšepehi bo bontšoa ke ha molekane e mong a etsa hore e mong a ikutloe e le oa bohlokoa a bile a ratoa. Motho ea lenyalong o ikutloa a sa sireletseha ha molekane oa hae a tloaelana le motho oa bong bo fapaneng le ba hae ho tlōla tekano. Bibele e khothalletsa banna hore ba khomarele ‘basali ba bocha ba bona.’ Monna ha aa lokela ho lumella pelo ea hae ho khalla ho tloaelana le mosali e mong ka ntle le oa hae. Ka sebele, o lokela ho qoba ho itšoara hampe ka ho kopanela liphate le mosali e mong. Temoso ea Bibele e re: “Mang kapa mang ea febang le mosali o na le pelo e haelloang; ea ho etsang o felisa moea oa hae.” Le ho mosali ho lebeletsoe tsela e molemohali joalo ea ho tšepahala.—Liproverbia 5:18; 6:32.

Na batho ba lokela ho etsa boiteko ba ho tšepahala lenyalong? Ka sebele ho joalo. Ho tšepahala ho tiisa lenyalo haholoanyane ebile ho etsa hore le tšoarelle, hape ho etsa hore molekane e mong le e mong a rue molemo. Ka mohlala, haeba ka botšepehi monna a tiisa hore mosali oa hae o phela hamonate, mosali o ikutloa a sireletsehile e leng se ka mo thusang hore a bonahatse makhabane a hae ka botlalo. ’Me ho joalo le ka monna. Haeba a ikemiselitse ho tšepahala ho mosali oa hae, seo se mo thusa hore a ikitlaeletse ho khomarela melao-motheo e lokileng likarolong tsohle tsa bophelo ba hae.

Haeba monna le mosali ba e-ba le mathata ka nako e ’ngoe, botšepehi bo tla etsa hore ka bobeli ba ikutloe ba sireletsehile. Ka lehlakoreng le leng, lenyalo le se nang botšepehi le atisa ho fella ka karohano kapa ho batla menyetla ea ho hlalana ha ho e-ba le mathata. Ka sebele bohato boo ha bo rarolle bothata, empa hangata bo baka mathata a mang. Lilemong tsa bo-1980, moeletsi e mong ea tummeng litabeng tsa lifeshene o ile a siea mosali le lelapa la hae. Na o ile a thaba ha a se lenyalong? Lilemo tse 20 hamorao, o ile a lumela hore ho siea lelapa ha hae ho ile ha etsa hore a “jeoe ke bolutu le ho ferekana le ho qeta bosiu boroko bo sa tle [a] batla ho fonanisa bana ba [hae].”

Ha Batsoali le Bana ba Tšepahala

Ha batsoali ba tšepahala e mong ho e mong, ho bonolo hore bana ba ithute ho tšepahala. Hamorao bophelong, bana ba hōliselitsoeng lelapeng le tšepahalang le le nang le lerato, ba tla nolofalloa ho tšepahala ho balekane ba bona esita le ho batsoali ba bona ha ba se ba fokola ka lebaka la botsofali.—1 Timothea 5:4, 8.

Ke ’nete hore hase kamehla batsoali ba kulang pele ho bana. Ka linako tse ling ngoana o hloka ho okoa ka linako tsohle. Herbert le Gertrud, bao ka bobeli e leng Lipaki Tsa Jehova ba ile ba kuleloa ke ngoana ka lilemo tse fetang tse 40. Mora oa bona ea bitsoang Dietmar o ile a kula bophelo bohle ba hae a tšoeroe ke lefu la ho nyebella mesifa. Lilemong tse supileng tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, pele a hlokahala ka November 2002, Dietmar o ne a hloka ho okoa le ho hlokomeloa bosiu le motšehare. Ka lerato, batsoali ba hae ba ile ba mo hlokomela. Ba ile ba ba ba kenya mochine oa bongaka lapeng ’me ba rupeloa ho tsa meriana. Oo ruri ke mohlala o motle oa botšepehi ka lapeng!

Ke Habohlokoa Hore Metsoalle e Tšepahale

Birgit o re: “Motho a ka thaba leha a se na molekane oa lenyalo, empa ho thata hore a thabe ha a se na motsoalle.” Mohlomong u lumellana le eena. Ho sa tsotellehe hore na u lenyalong kapa u lesooa, ha motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a tšepahala, seo se tla u thabisa pelo ebile se ka etsa hore u ntlafatse bophelo ba hao. Ke ’nete hore haeba u le lenyalong, motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo e lokela ho ba molekane oa hao oa lenyalo.

Motsoalle hase feela motho eo u mo tloaetseng. Ho na le batho ba bangata bao e ka ’nang eaba re tloaelane le bona—baahelani, basebetsi-’moho le batho bao re kopanang le bona khafetsa. Hore batho e be metsoalle ea sebele, ho hlokahala nako, matla le ho ameha ka bona ka botebo. Ho ba motsoalle oa motho e mong ke tlotla e khōlō. Botsoalle bo na le melemo, empa bo boetse bo akarelletsa hore motho a phethe boikarabelo bo itseng.

Re tlameha ho buisana le metsoalle ea rōna ka lintho tse ruisang molemo. Ka linako tse ling, puisano e joalo ea hlokahala ka lebaka la ntho e itseng e tlamehang ho etsoa. Birgit o re hlalosetsa se etsahalang, o re: “Haeba e mong oa rōna a e-na le bothata, re founelana hang kapa habeli ka beke. Hoa tšelisa ho tseba hore rea thusana ebile re ikemiselitse ho mamelana.” Hore na motsoalle oa hao o hōle hakae, seo ha ea lokela ho ba bothata. Leha Gerda le Helga ba arohantsoe ke lik’hilomithara tse likete, e bile metsoalle ea hlooho ea khomo ka lilemo tse ka holimo ho 35. Gerda o re hlalosetsa seo ba se etsang tjena: “Re ngollana khafetsa; re phetelana liphihlelo tse monate le tse bohloko le ho phetlelana lifuba. Ke thaba haholo ha ke fumana mangolo a tsoang ho Helga. Re nahana ka ho tšoana.”

Ke habohlokoa hore metsoalle e tšepahale. Setsoalle se bileng teng ka lilemo-lemo se ka senngoa ke ketso e le ’ngoe ea ho se tšepahale. Ho tloaelehile hore metsoalle e eletsane esita le litabeng tsa lekunutu. Metsoalle e bua ho tsoa botebong ba pelo e sa tšabe ho khesoa kapa ho utloisoa bohloko. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Kaha metsoalle ea rōna e re susumetsa hore re nahane le ho ikutloa ka tsela e itseng, le ho etsa lintho ka tsela e itseng, ke habohlokoa hore re be metsoalle ea batho ba phelang ka tsela e tšoanang le ea rōna. Ka mohlala, etsa bonnete ba hore u etsa setsoalle le batho ba lumelang lintho tse tšoanang le tseo u li lumelang, le ba talimang boitšoaro ka tsela e tšoanang le ea hao ’me ba talima lintho tseo u li nkang li lokile kapa li fosahetse ka tsela e tšoanang le ea hao. Metsoalle ea mofuta oo e tla u thusa hore u finyelle lipakane tsa hao. Bonneteng, ke hobane’ng ha u ka batla ho ba haufi le motho eo u sa lumellaneng le eena ka litekanyetso tsa boitšoaro le eo boitšoaro ba hae bo sa tšoaneng le ba hao? Bibele ea re bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re khethe metsoalle ka bohlale ha e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.

Batho ba ka Ithuta ho Tšepahala

Ha ngoana a ntse a ithuta ho hometsa motho e mong ka hlaba-hlabane, u ka fumana a se a batla ho bapala papali eo khafetsa. Le motho ea tšepahalang o joalo. Hobane’ng? Hobane haeba re tšepahala khafetsa, botšepehi e ka ba ntho e itlelang habonolo. Haeba motho a ithuta ho tšepahala ka lapeng a sa le monyenyane, hamorao o tla nolofalloa ho ba le setsoalle se thehiloeng botšepehing. Ka nako e loketseng, setsoalle se tiileng le se tšoarellang joalo se ka ’na sa mo thusa hore a tšepahale lenyalong. Seo se tla mo thusa hore a tšepahale esita le ho eo e lokelang ho ba motsoalle oa rōna oa bohlokoa ka ho fetisisa.

Jesu o itse taelo e khōlō ke ea hore re rate Jehova Molimo ka pelo eohle, ka moea oohle, ka monahano oohle le ka matla ’ohle. (Mareka 12:30) Sena se bolela hore re tlameha ho tšepahala ka ho feletseng ho Molimo. Ho tšepahala ho Jehova Molimo ho na le meputso e mengata. A ke ke a re phoqa kapa a re soetsa, kaha ha a bua ka eena ka boeena o re: “Kea tšepahala.” (Jeremia 3:12) Ka sebele, ho tšepahala ho Molimo ho na le melemo ea ka ho sa feleng.—1 Johanne 2:17.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Haeba motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a tšepahala, seo se tla u thabisa

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Litho tsa lelapa tse tšepahalang lia hlokomelana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela