Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/15 leq. 3
  • Nako ee ea Matsatsi a Phomolo—Na e Tla U Khotsofatsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ee ea Matsatsi a Phomolo—Na e Tla U Khotsofatsa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea Keresemese—Hantle-ntle ke Nako ea Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Batho ba Batla ho ba Moeeng oa Keresemese
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Matsatsi a Phomolo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/15 leq. 3

Nako ee ea Matsatsi a Phomolo—Na e Tla U Khotsofatsa?

“Peter [e Moholo] o ile a laela hore ho tšoaroe litšebeletso tse khethehileng tsa bolumeli tsa Selemo se Secha likerekeng tsohle ka la 1 January. O ile a laela le hore ho sebelisoe makala a lifate a lulang a le matala ho khabisa likosene tsa menyako e ka hare ea matlo, hape o ile a laela hore baahi bohle ba Moscow ‘ba bontše hore ba thabile ka ho hoeletsa ba lakaletsana mahlohonolo’ a Selemo se Secha.”—Peter the Great—His Life and World.

U LEBELETSE eng matsatsing aa ao batho ba bangata ba a bitsang nako ea phomolo? Lefatšeng lohle batho ba re nako ena e amana haholo le Keresemese, e leng letsatsi leo ka tloaelo ho thoeng ke la tsoalo ea Kreste, empa e boetse e akarelletsa le mokete oa Selemo se Secha. Kahoo ke nako e eketsehileng ea phomolo. Ke nako eo ka eona batsoali le bana ba ka ’nang ba e-ba phomolong ka eona, kahoo e bonahala e le nako e ntle ea hore malapa a qete nako a le hammoho. Leha ho le joalo, ba bang bona ba re nako ena ke “nako ea Keresemese,” kaha ba batla ho hlompha Kreste nakong ena ea selemo. Mohlomong le uena u nahana hore ena ke eona karolo ea bohlokoahali nakong ena.

Banna, basali le bana ba limilione lefatšeng lohle ba letela nako ena ka tjantjello e khōlō, ho sa tsotellehe hore na ba tla e sebelisetsa ho hlompha Kreste, ho thaba le malapa a bona, kapa ho etsa lintho tsena ka bobeli. Selemong see teng ho tla ba joang? Na e tla hle e be nako e khethehileng ea lelapa, hona na e khethehile ho Molimo? Haeba lelapa le e-na le ’moka, na o tla u khotsofatsa, kapa na u tla soetseha?

Batho ba bangata ba ratang karolo ea bolumeli ea mokete ona, ba hlokomela hore hangata letsatsi la Keresemese le la Selemo se Secha a ketekoa ka ntle ho moea oa Kreste. Ho fapana le moo, nako ee ea matsatsi a phomolo e ba feela nako ea ho amohela limpho, e leng lebaka leo ka lona batho ba etsang liphathi tse akarelletsang boitšoaro bo hlomphollang Kreste, kapa lebaka le ka sehloohong e ba la ho kopana hammoho ha lelapa. Hangata, ’moka o joalo o senngoa ke motho a le mong kapa ba babeli ba jang le ho noa haholo, ebe seo se baka likhang tseo hangata li hlohlelletsang lintoa ka lapeng. E ka ’na eaba u bone seo, kapa mohlomong se kile sa u etsahalla.

Haeba ho joalo, mohlomong ua bona hore lintho ha li hlile ha lia fetoha hakaalo ho tloha mehleng ea Morena oa Russia, e leng Peter e Moholo eo ho buuoeng ka eena qalong. Batho ba bangata, kahobane ba ferekantsoe ke tšekamelo ena ea kajeno, ba lakatsa eka nako ena ea matsatsi a phomolo e ne e ka ba ea ho nahana ka botebo ka litaba tsa bolumeli le ea ho thabela ho ba ’moho le malapa a bona. Ba bang ba bile ba hlophisa matšolo a liphetoho, ba sebelisa mapetjo a kang hore, re ikhopotsa Morena oa rōna. Empa na ho ka etsoa phetoho? Hona na e tla tlotlisa Kreste e le kannete? Na ho na le mabaka a ho talima nako ee ea matsatsi a phomolo ka leihlo le leng?

E le hore re fumane likarabo tse khotsofatsang, a re shebeng boemo bona ka leihlo la baahi ba naha e ’ngoe ba lokelang ho ba le lebaka le khethehileng la ho ananela nako ena ea selemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela