Nako ea Keresemese—Hantle-ntle ke Nako ea Eng?
HO BATHO ba limilione nako ena ea matsatsi a phomolo ke nako ea ho ba le ba lelapa le metsoalle, nako ea ho tsosolosa maqhama a lerato. Ba bangata ba e nka e le nako ea ho nahana ka tsoalo ea Jesu Kreste le karolo eo a e phethang ho bolokeheng ha moloko oa batho. Naheng ea Russia, ho fapana le linaheng tse ling tse ngata, hase kamehla batho ba neng ba lokolohile ho keteka Keresemese. Le hoja litho tsa Kereke ea Orthodox ea Russia li ’nile tsa keteka Keresemese pepenene ka lilemo tse makholo, empa ha lia ka tsa lumelloa ho e keteka karolong e khōlō ea lekholo la bo20 la lilemo. Phetoho ee e ne e bakiloe ke eng?
Hang feela ka mor’a hore Bokomonisi ba Mabolshevik bo fetohele puso ka 1917, babusi ba Soviet ba ile ba loanela hore ho be le leano le matla la ho latola boteng ba Molimo naheng ka bophara. Nako eohle ea matsatsi a phomolo a Keresemese hammoho le mekete ea eona ea bolumeli ha ea ka ea hlola e lumelloa. ’Muso o ile oa qalisa letšolo la ho felisa mekete ea Keresemese le ea Selemo se Secha. Ho ne ho bile ho boleloa phatlalatsa hore matšoao a sebaka seo a sebelisoang nakong ena ea selemo—e leng sefate sa Keresemese le Ded Moroz, kapa Grandfather Frost, e leng Santa Claus oa Russia, ha a amohelehe.
Ka 1935, ho ile ha etsahala phetoho e khōlō e ileng ea fetola tsela eo Marussia a neng a keteka matsatsi ana a phomolo ka eona. Masoviet a ile a khutlisa Grandfather Frost, sefate sa Keresemese, le mokete oa Selemo se Secha—empa a ile a etsa liphetoho tse khōlō. Ho ile ha thoe Grandfather Frost, o se a tla tlisa limpho ka Letsatsi la Selemo se Secha, eseng ka Keresemese. Hape, ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le sefate sa Keresemese. E ne e tla ba sefate sa Selemo se Secha! Kahoo, lintho li ile tsa fetoha haholo Soviet Union. Ha e le hantle, mokete oa Selemo se Secha o ile oa nkela Keresemese sebaka.
Nako ea Keresemese e ile ea e-ba nako feela e thabisang eo eseng ea bolumeli, eo ho ea ka molao e neng e se na moelelo leha e le ofe oa bolumeli. Sefate sa Selemo se Secha se ne se khabisitsoe ka mekhabiso eo e seng ea bolumeli, empa se ne se khabisitsoe ka mekhabiso e bontšang tsoelo-pele ea Soviet Union. Koranta ea Russia e bitsoang Vokrug Sveta (Ho Pota Lefatše) ea hlalosa: “Mekhabiso ea sefate sa Selemo se Secha e neng e etsoa lilemong tse sa tšoaneng tsa puso ea Soviet e etsa hore ho be bonolo ho tseba hore na Bokomonisi bo qalile neng. Ho ile ha etsoa mebutlanyana e tloaelehileng, lithutsoana tsa leqhoa le lipolokoe tsa bohobe, mekhabiso e bōpehileng joaloka lisekele, lihamore hammoho le literekere. Hamorao lintho tsena li ile tsa nkeloa sebaka ke liemahale tse nyenyane tsa basebetsi ba merafong le tsa bo-rasepakapaka, lisebelisoa tsa ho rafa oli, lirokete le likoloeana tseo ho tsamauoang ka tsona khoeling.”
Ho thoe’ng ka Letsatsi la Keresemese ka bolona? Ho hang lona ha lea ka la amoheloa. Ho e-na le hoo, babusi ba Soviet ba ile ba le theolela boemong bo tlaase ba ho le etsa letsatsi feela le tloaelehileng la mosebetsi. Ba neng ba lakatsa ho etsa mokete oa bolumeli oa Keresemese ba ne ba lokela ho ba hlokolosi haholo ha ba o etsa, ho seng joalo ba ne ba ipeha kotsing ea ho hlouoa ke ’Muso le ho kotula litholoana tse babang. Ha ho pelaelo hore naheng ea Russia ea lekholo la bo20 la lilemo, ho bile le phetoho mabapi le kamoo matsatsi ana a phomolo a talingoang kateng, a ile a fetoloa hore e se ke ea e-ba mokete oa bolumeli empa e be oa lefatše.
Phetoho ea Morao-rao
Ka 1991 Soviet Union e ile ea putlama ’me batho ba lokoloha. Ho ne ho felile ka leano la ’Muso le khothalletsang ho latola boteng ba Molimo. Boholo ba linaha tse sa tšoaneng tse ipusang tse neng li sa tsoa hlongoa e ne e se tsa bolumeli, Kereke le ’Muso li ne li arohane. Batho ba bangata ba ratang bolumeli ba ile ba nahana hore joale ba ka latela litumelo tsa bona tsa bolumeli. Ba ile ba nahana hore tsela e ’ngoe ea ho etsa sena e ne e le ka ho keteka letsatsi la phomolo ea bolumeli la Keresemese. Leha ho le joalo, kapele feela ba bangata ba neng ba nahana joalo ba ile ba soetseha habohloko. Hobane’ng?
Ha lilemo li ntse li feta, letsatsi lena la phomolo le se le fetohile letsatsi le leholo la khoebo. Joaloka Linaheng Tsa Bophirimela, nako ea Keresemese e se e fetohile e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa hore baetsi ba thepa, barekisi le bahoebi ba etse chelete. Mekhabiso ea Keresemese e behoa ka mokhoa o bonahalang lifensetereng tsa mabenkele a Russia. ’Mino oa Keresemese oa Linaha Tsa Bophirimela, oo pele o neng o sa tsejoe Russia, o se o utloahala mabenkeleng a moo. Barekisi ba jereng mekotla e meholo e tšetseng mekhabiso ea Keresemese ba rekisa thepa ea bona ka litereneng le ka har’a lipalangoang tse ling tsa sechaba. Ke kamoo boemo bo leng kateng hona joale Russia nakong ea matsatsi a phomolo.
Esita le batho ba sa boneng letho le phoso ka khoebo ena e totobetseng ba ka ’na ba tšoenngoa ke ntho e ’ngoe e etsahalang nakong ena ea matsatsi a phomolo—e leng tšebeliso e mpe ea joala le litholoana tsa eona tse babang. Ngaka e ’ngoe e sebetsang phaposing ea maemo a tšohanyetso sepetleleng se seng sa Moscow e itse: “Lingaka lia tseba hore nakong ea mokete oa Selemo se Secha ho tla ba le likotsi tse ngata tse akareletsang ho tetekoa, ho ntšoa maqeba, ho hlajoa ka thipa le ho thunngoa, boholo ba tsona bo bakiloe ke lintoa tsa ka malapeng, lintoa tse bakoang ke botahoa le likotsi tsa makoloi.” Mosebeletsi e mong ea ka sehloohong oa lekala la Russia la Thuto e Phahameng ea Saense o itse: “Palo ea batho ba shoang ka lebaka la joala e eketseha ka potlako. E ile ea phahama haholo ka selemo sa 2000. Palo ea batho ba ipolaeang le ea ba bolaoang le eona e ile ea eketseha.”
Ka bomalimabe, boitšoaro leha e le bofe bo kang bona bo bang teng nakong ea matsatsi a phomolo Russia, bo mpefatsoa ke ntho e ’ngoe. Koranta e bitsoang Izvestiya tlas’a sehlooho se reng “Marussia a Keteka Keresemese Habeli,” e ile ea re: “Hoo e ka bang Lerussia le le leng ho a 10 le keteka Keresemese habeli. Joalokaha setsi sa liphuputso sa ROMIR se bontšitse, liphesente tse 8 tsa batho ba ileng ba arabela liphuputsong tsena li lumetse hore li keteka Keresemese ka la 25 December, li latela almanaka ea Keresemese ea K’hatholike, le ka la 7 January, li latela almanaka ea Boorthodox . . . Ho hlakile hore, ho ba bang, moelelo oa bolumeli oa Keresemese hase eona ntho ea bohlokoa, empa seo e leng sa bohlokoa ke ho fumana monyetla oa ho etsa mokete.”a
Na Mekete ea Matsatsi a Phomolo e Etsoang Hona Joale e Hlile e Hlompha Kreste?
Ho hlakile hore, batho ba bangata ba itšoara ka tsela e bontšang ho se tšabe Molimo nakong ea matsatsi ana a phomolo. Le hoja boitšoaro bo joalo bo soabisa, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ba lokela ho boloka mekete ena ka lebaka la ho hlompha Molimo le Kreste. Ho hotle ha motho a lakatsa ho khahlisa Molimo. Empa na Molimo le Kreste ba hlile ba khahlisoa ke nako ea Keresemese? Nahana ka tšimoloho ea eona.
Ka mohlala, ho sa tsotellehe hore na motho o nahana eng ka boikutlo ba batho ba Soviet ka Keresemese, ho tla ba thata ho hanyetsa lintlha tse latelang tsa histori tse boletsoeng ho Great Soviet Encyclopedia: “Keresemese . . . e nkiloe borapeling ba pele ho Bokreste ba melimo ‘e neng e e-shoa ebile e tsoha bafung,’ [borapeli] bona bo ne bo atile haholo har’a batho ba phelang ka temo bao selemo le selemo ba neng ba keteka ‘tsoalo’ ea Molimo-Mopholosi, ea ka khutlisang bophelo, e leng nako eo ka tloaelo e bang nako ea ho kena tlung ha letsatsi mariha e qalang ka la 21-25 December.”
Mohlomong u tla fumana seo encyclopedia ena e buang ’nete ka sona e le sa bohlokoa: “Bakreste ba makholong a pele a lilemo ba ne ba sa tsebe mokete oa Keresemese. . . . Ho tloha bohareng ba lekholo la bone la lilemo, Bakreste ba ile ba nka moetlo o tsoang borapeling ba Mithra oa ho keteka ho kena tlung ha letsatsi mariha, eaba ba o fetola mokete oa Keresemese. Balumeli ba Roma ke bona ba pele ba ileng ba qala ho keteka Keresemese. Lekholong la leshome la lilemo, Keresemese, hammoho le Bokreste, li ile tsa saballa Russia, moo li ileng tsa kopanngoa le mokete oa mariha oa Maslav a boholo-holo, a neng a rapela meea ea balimo.”
U ka ’na ua ipotsa: ‘Lentsoe la Molimo, Bibele, le re’ng ka taba ea hore Jesu o tsoetsoe ka la 25 December?’ Ha e le hantle, Bibele ha e bolele ka ho toba letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona, ebile ha ho tlaleho e bontšang hore le Jesu ka boeena o ile a bua ka lona, ebile ha aa ka a laela hore le ketekoe. Leha ho le joalo, Bibele e re thusa ho fumana hantle hore na Jesu o tsoetsoe ka nako efe ea selemo.
Ho ea ka Kosepele ea Matheu, khaolo ea 26 le ea 27, Jesu o ile a bolaoa ka la 14 Nisane, mantsiboeeng a Paseka ea Bajuda e neng e qalile ka la 31 March, 33 C.E. Kosepeleng ea Luka re hlokomela hore Jesu o ne a ka ba lilemo li 30 ha a ne a kolobetsoa le ho qalisa tšebeletso ea hae. (Luka 3:21-23) Tšebeletso eo e ile ea nka lilemo tse tharo le halofo. Ka hona, Jesu o ne a ka ba lilemo li 33 le halofo ha a e-shoa. O ne a tla ba lilemo li 34 hoo e ka bang ka la 1 October, 33 C.E. Luka o tlaleha hore nakong ea tsoalo ea Jesu, balisa ba ne ba ‘phela naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu.’ (Luka 2:8) Balisa ba ne ba ke ke ba ba ka ntle le mehlape ea bona mariheng a December, moo le lehloa le neng le ka ’na la khetheha haufi le Bethlehema. Empa ba ne ba ka ba moo le mehlape ea bona hoo e ka bang ka la 1 October, e leng nako eo ho latela bopaki ho bontšoang hore Jesu o tsoetsoe ka eona.
Ho thoe’ng ka mokete oa Selemo se Secha? Joalokaha re bone, o tsebahala ka boitšoaro bo hlephileng. Ho sa tsotellehe boiteko ba ho etsa eka ha o amane le bolumeli, le oona o simolohile ka mokhoa o belaetsang.
Ho hlakile hore, ho latela bopaki bo fanoeng mabapi le nako ena ea matsatsi a phomolo, mapetjo a kang, re matsatsing ana a phomolo ka lebaka la Jesu ha a na thuso. Haeba u khopisoa ke khoebo le boitšoaro bo sa lokang bo amahanngoang le nako ea Keresemese, esita le ke tšimoloho ea eona e sa rateheng ea bohetene, u se ke ua nyahama. Ho na le tsela e loketseng eo ka eona re ka hlomphang Molimo le Kreste, ’me ka nako e tšoanang re ntse re tiisa maqhama a lelapa.
Tsela e Molemo ea ho Hlompha Molimo le Kreste
Bibele e re bolella hore Jesu Kreste o tletse ho tla “fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) O ile a lumela hore a bolaoe, a ithaopela ho shoela libe tsa rōna. Ba bang ba ka ’na ba batla ho hlompha Kreste, ’me ba nahana hore ba ka etsa sena nakong ea Keresemese. Empa joalokaha re bone, Keresemese le Selemo se Secha ho hang ha li amane le Kreste ebile ke mekete e simolohileng boheteneng. Hape, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba rata nako ea Keresemese hakae, ke nako ea khoebo e feteletseng. Ho feta moo, re lokela ho lumela hore letsatsi la phomolo la Keresemese le amahanngoa le boitšoaro bo hlabisang lihlong bo sa khahliseng Molimo le Kreste.
Motho ea batlang ho khahlisa Molimo o lokela ho etsa’ng? Ho e-na le ho khomarela lineano tsa batho tse ka ’nang tsa thoba maikutlo a ho rata bolumeli empa li le khahlanong le Mangolo, motho ea tšepahalang o tla batla tsela e nepahetseng ea ho hlompha Molimo le Kreste. Tsela eo e nepahetseng ke efe, hona re lokela ho etsa’ng?
Kreste ka boeena oa re bolella: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka sebele, motho ea tšepahalang e le kannete o batla ho rua tsebo e nepahetseng ea kamoo a ka hlomphang Molimo le Kreste kateng. Ebe joale o sebelisa tsebo ena bophelong ba letsatsi le letsatsi, eseng feela ka nako e itseng ea selemo. Molimo o khahlisoa haholo ke boiteko bo joalo bo tšepahalang, bo ka lebisang bophelong bo sa feleng.
Na u ka rata hore lelapa la hao le be har’a ba hlomphang Molimo le Kreste e le kannete tumellanong le Mangolo? Lipaki Tsa Jehova li thusitse malapa a limilione lefatšeng ka bophara ho rua tsebo ea bohlokoa e tsoang ka Bibeleng. Re u mema ka mofuthu hore u iteanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u li ngolle atereseng e loketseng e leqepheng la 2 la makasine ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pele Mabolshevik a fetohela puso ka October 1917, Russia e ne e sebelisa almanaka ea khale ea Julius, empa linaha tse ngata li ne li sebelisa almanaka ea Gregory. Ka 1917 almanaka ea Julius e ne e le morao ho ea Gregory ka matsatsi a 13. Ka mor’a phetohelo, Masoviet a ile a sebelisa almanaka ea Gregory, ’me ho tloha ka nako eo Russia e ile ea sebelisa almanaka e tšoanang le e sebelisoang lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, Kereke ea Orthodox e ile ea ’na ea boloka almanaka ea Julius bakeng sa mekete ea eona, e e bitsa almanaka ea “Boholo-holo.” U ka ’na ua utloa ho thoe Keresemese e ketekiloe ka la 7 January Russia. Leha ho le joalo, u hopole hore la 7 January almanakeng ea Gregory, ke la 25 December almanakeng ea Julius. Kahoo, Marussia a mangata a keteka matsatsi a latelang a phomolo: La 25 December ke Keresemese ea Linaha Tsa Bophirimela; la 1 January ke Letsatsi la Selemo se Secha leo e seng la bolumeli; la 7 January ke Keresemese ea Orthodox; la 14 January ke Letsatsi la Selemo se Secha la Boholo-holo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tšimoloho ea Mokete oa Selemo se Secha
Moitlami oa Moorthodox oa Georgia o Ntša Maikutlo a Hae
“Letsatsi la phomolo la Selemo se Secha le simolohile le matsatsi a mangata a phomolo a bohetene a Roma ea boholo-holo. Letsatsi la la 1 January e ne e le la phomolo le neng le nehetsoe ho molimo oa bohetene ea bitsoang Janus, ’me khoeli ena e rehelletsoe ka eena. Janus o ne a hlahisoa a e-na le lifahleho tse peli, se seng se furaletse se seng, e leng se bolelang hore o ne a bona lintho tse etsahetseng nakong e fetileng le tse etsahalang hona joale. Ho ne ho e-na le polelo e reng mang kapa mang ea neng a ka amohela letsatsi la la 1 January ka thabo, nyakallo le nala ea lijo le lino o ne a tla thaba a be a iketle selemo kaofela. Batho ba bangata ba habo rōna ba keteka selemo se secha ba nahanne ka tumela-khoela ena . . . Matsatsing a itseng a phomolo a bohetene, batho ba ne ba tlisetsa setšoantšo se itseng mahlabelo ka ho toba. Ba bang e ne e le batho ba neng ba tumme ka boitšoaro bo hlephileng, bofebe le bohlola. Ka mohlala, ka linako tse ling letsatsing la phomolo la Janus, batho ba ne ba ja ebile ba noa ka ho feteletseng, ba tahoa, ho bile ho etsoa le boitšoaro bo litšila ba mofuta o mong le o mong. Haeba re hopola kamoo rōna ka borōna re ileng ra keteka Selemo se Secha kateng nakong e fetileng, joale re lokela ho lumela hore kaofela ha rōna re ile ra kopanela moketeng ona oa bohetene.”—Koranta ea Georgia.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bokreste-’mōtoana bo ile ba amohela borapeli ba Mithra
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museum Wiesbaden
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Balisa ba ne ba ke ke ba e-ba ka ntle le mehlape ea bona mariheng a December