Kajeno Lithuto Tsa Kreste li Sebelisoa Hokae?
KA KAKARETSO Jesu Kreste o talingoa e le e mong oa batho ba baholo ka ho fetisisa ba kileng ba phela. Ba bangata ba mo talima e le eena motho e moholo ka ho fetisisa. Ka lilemo tse ka bang likete tse peli, lithuto tsa hae li susumelitse bophelo ba batho ka matla—“bophelo ba batho ba molemo le ba ikokobelitseng hammoho le liketso tsa bona tse khōlō le tse molemo,” kamoo ho bolelang mongoli oa Lenyesemane ea bitsoang Melvyn Bragg.
Batho ba Talima Bokreste Joang?
Ho thoe’ng ka Bokreste? Bo ’nile ba hlalosoa e le “e ’ngoe ea litsela tse khōlōhali tseo batho ba hatetseng pele ka tsona moeeng.” David Kelso oa Glasgow Caledonian University, Scotland, o ile a bolela maikutlo a mang. O ile a ngola a re: “Ka lilemo tse likete tse peli [Bokreste] bo le teng, bo finyeletse lintho tse ikhethang litabeng tsa bonono, tsa tsebo ea kaho, tsa filosofi, tsa ’mino le tsa kahisano.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba talima litaba ka tsela e fapaneng. Hase hore ba hanyetsa tsela eo Bokreste bo hlalosoang ka eona joalokaha buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e re ka bona: “Ke bolumeli bo thehiloeng lithutong tsa Jesu Kreste le tumelong ea hore e ne e le mora oa Molimo.” (Collins Cobuild) Ho e-na le hoo, ba khopisoa ke boitšoaro ba mekhatlo ea bolumeli e ipolelang hore ke ea Bokreste.
Ka mohlala, rafilosofi oa Mojeremane oa lekholong la bo19 la lilemo ea bitsoang Friedrich Nietzsche, o ile a hlalosa Bokreste a sebelisa tlhaloso e ka holimo ea hore ke “sekoli sa ka ho sa feleng sa batho.” O ile a ngola hore ke “mohloli oa se kotsi, ke bobolu bo boholo le bo tebileng ka ho fetisisa, . . . hoo bo ka sebelisang mekhoa leha e le efe e mebe, e bolotsana, ea sephiri le e lonya hore bo finyelle merero ea bona.” Ke ’nete hore Nietzsche o ne a feteletsa litaba, empa bashebelli ba bang ba nang le likelello tse pholileng haholoanyane ba fihletse qeto e tšoanang. Hobane’ng? Hobane ka lilemo tse makholo, boitšoaro ba batho ba ipolelang hore ke Bakreste bo ’nile ba tšoauoa ka “bobolu, liketso tse sehlōhō tsa bonokoane le ho nyefola” ho fapana le ho tšoauoa ka litšobotsi tseo Jesu Kreste a ileng a li bontša.
Na Kreste o Ntse a E-na le ba Ipolelang Hore ke Bakreste?
Kahoo, ke ntho e utloahalang hore re botse, “Na Kreste o ntse a e-na le ba ipolelang hore ke Bakreste?” Ba bang ba tla potlakela ho re: “Ehlile o ntse a e-na le bona! Na ha aa ka a tšepisa balateli ba hae hore o ne a tla ba le bona ‘le ho isa bofelong ba lefatše’?” (Matheu 28:20, Bibele ea Sesotho) Ka sebele, Jesu o ile a bolela joalo. Empa na o ne a bolela hore o ne a tla ba le motho leha e le ofe ea ipolelang hore oa mo latela, ho sa tsotellehe hore na motho eo o itšoere joang?
Hopola hore baeta-pele ba bang ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba nahana hore Molimo o na le bona ho sa tsotellehe hore na ba etsa’ng. Kaha Molimo o ne a khethile sechaba sa Iseraele ka morero o khethehileng, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ne ba nahana hore Molimo a ke ke a ba lahla—ho sa tsotellehe seo ba se etsang. (Mikea 3:11) Leha ho le joalo, ba ile ba qetella ba feteletse ka hore ba lahle melao ea Molimo le litekanyetso tsa hae. Ka lebaka leo, Jesu Kreste o ile a ba bolella sefahla-mahlo a re: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:38) Molimo o ile a lahla tsamaiso eo eohle ea bolumeli. O ile a e nyahlatsa ’me ka 70 C.E a lumella mabotho a Roma hore a timetse motse-moholo oa eona, e leng Jerusalema, haesita le tempele ea eona.
Na Bokreste bo ka etsahalloa ke ntho e tšoanang le eo? A re hlahlobeng hore na ha Jesu a ne a tšepisa balateli ba hae hore o tla ba le bona “ho isa bofelong ba lefatše,” o ile a boela a bua ka maemo afe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 2, 3]
Lithuto tsa Jesu Kreste li susumetsa ka matla batho ba limilione lefatšeng ka bophara