Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 3/1 maq. 28-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phutheho e ke e Rorise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Karolo e Hlomphehang ea Monna le Mosali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tšehetsa Basali ba Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 3/1 maq. 28-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re basali ba lokela ‘ho khutsa ka liphuthehong’?

Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bokreste e Korinthe a re: “Joaloka liphuthehong tsohle tsa bahalaleli, basali ba ke ba khutse ka liphuthehong, kaha ha hoa lumelloa hore ba bue.” (1 Bakorinthe 14:33, 34) E le hore re utloisise taba ena ka nepo, ho molemo ho hlahloba litemana tse potolohileng keletso eo ea Pauluse.

Ho 1 Bakorinthe khaolo ea 14, Pauluse o ile a tšohla litaba tse amanang le liboka tsa phutheho ea Bokreste. O ile a hlalosa hore na ho buuoe ka eng libokeng tse joalo ’me a khothalletsa hore na li tsamaisoe joang. (1 Bakorinthe 14:1-6, 26-34) Ho phaella moo, o ile a hatisa sepheo sa liboka tsa Bokreste—e leng hore ‘phutheho e amohele ho hahuoa.’—1 Bakorinthe 14:4, 5, 12, 26.

Taelo ea Pauluse ea hore ba bang ba “khutse” e hlaha ka makhetlo a mararo khaolong ea 14 ea 1 Bakorinthe. Lekhetlong ka leng, taelo eo e lebisitsoe ho batho ba sa tšoaneng ka phuthehong, empa makhetlong ao kaofela, e fanoe ka lebaka le tšoanang—la hore “lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakorinthe 14:40.

Lekhetlong la pele, Pauluse o ile a re: “Haeba e mong a bua leleme, ho ke ho lekanyetsoe ho ba babeli kapa ba bararo, eseng ho feta, ’me ba sielane sebaka; e mong a ke a fetolele. Empa haeba ho se na mofetoleli, a ke a khutse ka phuthehong ’me a bue a le mong hape le Molimo.” (1 Bakorinthe 14:27, 28) Seo se ne se sa bolele hore ho ne ho se mohla motho ea joalo a ka buang libokeng, empa ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona a lokelang ho khutsa. Re hopole hore morero oa liboka—e leng oa ho hahana—o ne o ke ke oa finyelloa haeba a ne a bua ka puo eo ho seng motho ea e utloisisang.

Ka lekhetlo la bobeli, Pauluse o ile a re: “Baprofeta ba babeli kapa ba bararo ba ke ba bue, ’me ba bang ba ke ba lemohe se boleloang. Empa haeba ho e-na le tšenolo ho e mong ha a ntse a lutse moo, oa pele a ke a khutse.” Sena se ne se sa bolele hore moprofeta oa pele o lokela ho thola libokeng, empa o ne a lokela ho khutsa ka linako tse ling. Joale ea neng a e-na le tšenolo ea mohlolo o ne a ka bua le phutheho, ’me morero oa seboka seo—oa hore ‘bohle ba khothatsoe’—o ne o tla finyelloa.—1 Bakorinthe 14:26, 29-31.

Lekhetlong la boraro, Pauluse o ile a tobisa taba ho basali ba Bakreste, a re: “Basali ba ke ba khutse ka liphuthehong, kaha ha hoa lumelloa hore ba bue, empa ba ke ba ipehe tlaase.” (1 Bakorinthe 14:34) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a fa baralib’abo rōna taelo ee? E le hore ho be le taolo ka phuthehong. O re: “Joale, haeba ba batla ho ithuta ho hong, ba ke ba botse banna ba bona lapeng, kaha ke tlotlollo hore mosali a bue ka phuthehong.”—1 Bakorinthe 14:35.

Mohlomong barali ba bang babo rōna ba ne ba pheha khang ka se neng se boleloa ka phuthehong. Keletso ea Pauluse e ile ea thusa baralib’abo rōna hore ba qobe moea o joalo oa ho se laolehe ’me ka boikokobetso ba amohele boemo ba bona tokisetsong ea Jehova ea bohlooho, haholo-holo mabapi le banna ba bona. (1 Bakorinthe 11:3) Ho phaella moo, ka ho lula ba khutsitse, baralib’abo rōna ba ne ba tla bontša hore ha ba labalabele ho ba mesuoe ka phuthehong. Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea, o ile a bontša hore ho ne ho ke ke ha lokela hore mosali a rute ka phuthehong, ha a re: “Ha ke lumelle mosali ho ruta, kapa ho sebelisa matla holim’a monna, empa hore a khutse.”—1 Timothea 2:12.

Na see se bolela hore ho hang mosali oa Mokreste ha aa lokela ho bua sebokeng sa phutheho? Che. Mehleng ea Pauluse, ka linako tse ling basali ba Bakreste ba ne ba rapela kapa ba profeta ka phuthehong, mohlomong ba susumetsoa ke moea o halalelang. Linakong tse joalo, ba ne ba roala hloohong e le ho bontša hore ba amohela boemo ba bona.a (1 Bakorinthe 11:5) Ho feta moo, mehleng ea Pauluse le mehleng ea kajeno, baralib’abo rōna hammoho le barab’abo rōna ba khothalletsoa hore ba bolele tšepo ea bona phatlalatsa. (Baheberu 10:23-25) Ntle le ho etsa sena tšebeletsong ea tšimo, baralib’abo rōna ba phatlalatsa tšepo ea bona ebile ba khothatsa ba bang libokeng tsa phutheho ka hore ba fane ka litlhaloso tseo ba li nahanneng ka hloko ha ba kōptjoa ho etsa joalo le ka hore ba amohele likabelo tsa ho etsa lipontšo le ho fana ka lipuo tsa liithuti.

Kahoo, basali ba Bakreste ‘ba lula ba khutsitse’ ka hore ba se ke ba leka ho nka boemo ba monna ebe ba rupela phutheho. Ha ba botse lipotso tse tsosang likhang tse ka phephetsang bolaoli ba ba rutang ka phuthehong. Ka hore ba phethe karolo ea bona e loketseng ka phuthehong, baralib’abo rōna ba Bakreste ba etsa tlatsetso e khōlō hore ho be le khotso e le hore libokeng tsa phutheho “lintho tsohle li ke li etsahale bakeng sa ho haha.”—1 Bakorinthe 14:26, 33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mehleng ea kajeno, baralib’abo rōna ba hōlileng tsebong ba latela mohlala oo ha maemo a ba tlama hore ba phethe mesebetsi e lokelang ho etsoa ke monna ea kolobelitsoeng ka phuthehong.—Bona Molula-Qhooa oa July 15, 2002, leqepheng la 26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela