Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 4/15 maq. 3-4
  • Na le Tseba ho Buisana Hantle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na le Tseba ho Buisana Hantle?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Matlafatsa Tlamo ea Lenyalo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tšoara Molekane oa Hao ka Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lenyalo—Lebaka Leo ba Bangata ba Tsoang ho Lona
    Tsoha!—1993
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 4/15 maq. 3-4

Na le Tseba ho Buisana Hantle?

“MANGOLO a Lerato a Batho ba Lilemo li 60.” Seo e ne e le sehlooho sa tlhōlisano e neng e hlophisitsoe ke banka e ’ngoe ea Japane lilemong tse seng kae tse fetileng. Majapane a lilemo li 50 le 60 a ile a khothalletsoa hore a ntše “maikutlo a tsoang botebong ba pelo” ka balekane ba ’ona. E mong ea neng a kenetse tlhōlisano eo o ile a ngolla mosali oa hae a re: “Taba ena e ka ’na ea u tšehisa, empa ’na ke tla ikoahlaea haeba ke sa u bolelle eona, joale ka pelo ea ka eohle ke re ho uena: Kea leboha hore ebe u ile ua lumela hore ke u nyale.”

Meetlong e mengata, ho kopanyelletsa le ea Linaha Tsa Bochabela, batho ha ba khothalletsoe hore ba ntše maikutlo a bona ka bolokolohi. Leha ho le joalo, batho ba ka holimo ho 15 000 ba ile ba kenela tlhōlisano eo ea mangolo a lerato. Batho ba ile ba rata tlhōlisano eo hoo ho ileng ha etsoa tlhōlisano e ’ngoe hape, ’me ha hatisoa le libuka tse thehiloeng mangolong ao. Sena se bontša hore batho ba bangata, botebong ba lipelo tsa bona ba labalabela ho bolela kamoo ba ikutloang kateng ka balekane ba bona bao ba ba ratang haholo. Leha ho le joalo, ba bang ha ba rate ho bolela kamoo ba ikutloang kateng ka balekane ba bona. Hobane’ng? Ho ka etsahala hore ebe lebaka ke hobane ho hlokeha boiteko le tsebo e itseng ho etsa hore ba bang—ba kang balekane ba bona—ba utloisise kamoo ba ikutloang kateng.

Hitoshi Kato, ea ileng a ngola buka ka mor’a hore a tlohele mosebetsi, o bolela hore har’a banyalani ba hōlileng ba Japane, hangata basali ke bona ba hlalang banna ka lebaka la khalefo e matla e ’nileng ea bokellana ka lilemo tse ngata. O re: “Empa hape ke hobane banyalani ba sa ntše maikutlo a bona ha ba e-na le mathata.”

Ha monna a tlohela mosebetsi, a ka ’na a makala ha mosali oa hae a mo neha lengolo la tlhalo. E ka ’na eaba ka lilemo tse ngata banyalani ba ne ba sa bolellane kamoo e mong a ikutloang kateng ka e mong. Mohlomong monna le mosali ba ne ba lekile ho bolela kamoo ba ikutloang kateng empa ba ne ba sa khone ho buisana hantle. Ho e-na le hore ba matlafatse kamano ea bona, hangata ba ne ba tjolietsana.

Monna le mosali ba ka lokisa liqabang tsa bona joang ka khotso ’me ba ntše maikutlo a bona ka tsela e molemo? U tla thabela ho tseba hore litlhahiso tse molemo ka ho fetisisa ha li fumanoe bukeng ea morao tjena e ngotsoeng ke moeletsi litabeng tsa manyalo, empa li fumanoa bukeng ea boholo-holo e ’nileng ea nkoa e le ea bohlokoa ka lilemo tse makholo—e leng Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela