Ba Thabela ho Etsa Thato ea Molimo
JESU o ile a behela Bakreste bohle mohlala ka ho rapela Ntat’ae tjena: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:42) Polelo eo e tloaelehileng e bontšang ho ikokobeletsa Jehova e phetoa ke bahlanka ba Molimo ba limilione kajeno. Har’a bona ho na le liithuti tse 52 tsa sehlopha sa bo120 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka la 11 March , 2006, sehlopha sa liithuti se ile sa thabela monyetla oa hore se tla etsa thato ea Molimo linaheng tse sa tšoaneng, esita leha se ka talimana le maemo a boima.
Ke eng e susumetsang liithuti tsee ho lumella Jehova hore a tataise bophelo ba tsona? Chris le Leslie, e leng banyalani ba abetsoeng ho ea sebeletsa e le baromuoa Bolivia, ba re: “Kaha re itatotse, re batla ho ithaopela ho etsa ntho leha e le efe e amanang le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.” (Mareka 8:34) Jason le Chere, ba abetsoeng Albania, ba phaella ka ho re: “Kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo re ’nileng ra e fuoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e bile le mathata a eona. Leha ho le joalo, re hlokometse hore re lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng.”
Ba Khothatsoa Hore ba Ikokobeletse Thato ea Jehova
George Smith, e leng setho sa lelapa la Bethele se sebetsang Lefapheng la ho Etsa Litšoantšo, o ile a bula lenaneo lena la kabo ea mangolo ka thapelo. Stephen Lett, e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ebile e le molula-setulo oa lenaneo la kabo ea mangolo o ile a amohela bohle ba leng teng. Baeti ba tsoang linaheng tse 23 ba ne ba tlile Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, bakeng sa ketsahalo ena e thabisang. Mor’abo rōna Lett o ile a bolella sehlopha se abeloang mangolo hore se il’o etsa “ntho e ’ngoe e matla haholo.” O ile a bua ka ho “phethola lintho tse metseng ka matla”—tse kang lithuto tsa bohata—tseo baromuoa bana ba bacha ba tla khona ho li phethola ka matla a Mangolo. (2 Bakorinthe 10:4, 5) Ha a lihela likhala o ile a re: “Le tla thaba hakaakang ha Jehova a le sebelisa ho phethola lintho tse metseng ka matla lipelong tsa batho ba tšepahalang likabelong tsa lōna!”
Harold Jackson, ea sebetsang ntlo-khōlō, o ile a bua ka sehlooho se reng “Lintho Tse ’Maloa Tseo le Lokelang ho li Hopola.” O ile a re le ka mohla baromuoa bana ba bacha ha baa lokela ho lebala ‘ho batla ’muso pele le ho loka ha Molimo.’ (Matheu 6:33) Ba lokela ho hopola hore “lerato lea haha” le hore ke lona feela le ke keng la hlōleha ho tlisa katleho. (1 Bakorinthe 8:1) O ile a re: “Etsang hore lerato e be lona le le tataisang ha le sebelisana le batho ba bang.”
Joale, Geoffrey Jackson, e leng setho sa Sehlopha se Busang ea ileng a sebeletsa e le moromuoa ho tloha ka 1979 ho fihlela ka 2003, o ile a botsa liithuti a re, “Na ke Boikarabelo ba Lōna?” O ile a hatisa hore ho hlokahala hore re italime le ho talima tšebeletso ea rōna ka tsela e bontšang ho leka-lekana. Bakreste ba na le boikarabelo ba ho sebetsa ka thata ha ba jala le ha ba nosetsa peō ea ’nete. Empa kaha ke “Molimo ea hōlisang,” ke boikarabelo ba Jehova hore ho be le khōlo ea moea. (1 Bakorinthe 3:6-9) Mor’abo rōna Jackson o ile a phaella ka ho re: “Le ikarabella ho Jehova hore le lule le le matla moeeng. Empa boikarabelo ba lōna bo boholo ka ho fetisisa ke bofe? Ke ho rata Jehova le ho rata batho bao le il’o ba sebeletsa.”
Morupeli oa Gileade, e leng Lawrence Bowen o ile a tšohla sehlooho se reng: “Tsebang Kamoo le Tšoanelang ho Itšoara Kateng.” O ile a hopotsa liithuti hore Jehova o ile a tataisa Baiseraele le ho ba sireletsa ka mohlolo lefeelleng. (Exoda 13:21, 22) Tsela e ’ngoe eo a re tataisang le ho re sireletsa ka eona kajeno ke ka phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e leng, “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:14, 15) Baromuoa ba bacha ba lokela ho khomarela ’nete ea Bibele, e tataisang le ho sireletsa ba ikokobelitseng.
Wallace Liverance, e leng morupeli e mong oa Gileade, o ile a eletsa liithuti hore li se ke tsa lebala lentsoe la Molimo le “ka mor’a” tsona. Lentsoe la Molimo le ka mor’a rōna ka kutloisiso ea hore Bibele e ile ea phethoa lilemo tse makholo tse fetileng. Joaloka molisa ea hoeletsang a le ka mor’a mohlape oa linku, Jehova o ka mor’a batho ba hae, o ba tataisa ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Esaia 30:21; Matheu 24:45-47) Sekolo sa Gileade se thusitse liithuti ho ananela sehlopha seo sa lekhoba haholoanyane. “Lekhoba” lena le bile le lokiselitse hore ho be le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Sebui se ile sa khothatsa liithuti sa re: “Nkang letlotlo lena la tsebo, ’me le le sebelise ha le ruta ba bang.”—Matheu 13:52.
Ho Etsa Thato ea Jehova Tšebeletsong ea Tšimo
Puong ea lenaneo e neng e e-na le sehlooho se reng “Ba Labalabela ho Bolela Litaba Tse Molemo,” Mark Noumair, e leng morupeli oa Gileade o ile a bua ka tse ling tsa liphihlelo tseo liithuti li bileng le tsona tšebeletsong ea phatlalatsa ha li ntse li le Sekolong sa Gileade. (Baroma 1:15) Lipuisano le liithuti li ile tsa senola hore ka sebele li ne li e-na le cheseho e ikhethang ea ho bolela ha monyetla o mong le o mong o hlaha.
Liithuti li ile tsa fuoa keletso e eketsehileng ha Kenneth Flodin a ne a buisana le balebeli ba tsamaeang ba bararo bao hona joale ba sebeletsang United States. Richard Keller ea kileng a sebeletsa Amerika Boroa, le Alejandro Lacayo ea kileng a sebeletsa Amerika Bohareng, ba ile ba hlalosa kamoo ba ileng ba hlōla liteko tse fapa-fapaneng kateng ’me ba bolela le litlhohonolofatso tseo ba ileng ba li fumana ha ba ntse ba sebeletsa e le baromuoa. Moacir Felisbino o ile a bua ka koetliso eo a ileng a e fumana ha a ntse a sebetsa haufi le baromuoa Brazil, e leng moo a hōletseng teng.
David Schafer o ile a buisana le baromuoa ba bararo ba nang le phihlelo, e leng Robert Jones, Woodworth Mills le Christopher Slay. Bara bana ba babo rōna ba bararo ba ile ba bolela kamoo ba ileng ba ithuta ho tšepa Jehova kateng ha ba thulana le mathata. Ba ile ba tiisetsa sehlopha seo hore koetliso eo ba neng ba e fumane ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova e ile ea ba hlomella hantle bakeng sa likabelo tsa bona tsa boromuoa. Mor’abo rōna Mills o ile a akaretsa taba tjena: “Ntho e ileng ea nthusa ka ho fetisisa sekolong sa Gileade hase tsebo ea lithuto tse rutoang thupelong eo, empa ke seo sekolo sena se nthutileng sona mabapi le boikokobetso le lerato.”
Guy Pierce, e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea sehlooho, e reng “Le ka Mohla Jehova a ke ke a Hlōleha.” Adama o ile a hlōleha, empa na seo se bolela hore Molimo o ile a hlōleha? Na Molimo o ile a hlōleha ho bōpa Adama ka ho phethahetseng, joalokaha batho ba bang ba bolela? Che, ha aa hlōleha, hobane “Molimo oa ’nete o ile a etsa moloko oa batho o lokile.” (Moeklesia 7:29) Sebui se ile sa bolela hore ho tšepahala ha Jesu ha a ne a le tekong e boima ka ho fetisisa mona lefatšeng ho ile ha paka hore “Adama o ne a se na boikemelo, kapa lebaka la ho hlōleha.” Teko ea Adama ea ho mamela serapeng sa Edene e ne e se boima haholo ha e bapisoa le teko eo Jesu a ileng a atleha ho e hlōla. Empa Adama eena o ile a hlōleha. Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a hlōleha le ka mohla. Morero oa hae o tla phethahala. (Esaia 55:11) Mor’abo rōna Pierce o ile a bolella baromuoa ba bacha a re: “Le fuoe tokelo ea ho tlotlisa Jehova ka moea oa lōna oa boitelo. E se eka Jehova a ka ba le e mong le e mong oa lōna kae kapa kae moo le mo sebeletsang teng le le baromuoa.”
Ka mor’a hore molula-setulo, e leng Mor’abo rōna Lett, a fetise litumeliso tse tsoang liofising tse sa tšoaneng tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova, o ile a fa liithuti mangolo le likabelo tsa tsona. Vernon Wisegarver, eo e leng khale e le setho sa lelapa la Bethele, o ile a koala lenaneo ka thapelo.
Batho ba 6 872 ba neng ba le teng ba ile ba utloa hore lenaneo lena la kabo ea mangolo le tsosolositse cheseho ea bona ea ho etsa thato ea Molimo. (Pesaleme ea 40:8) Ba bang ba liithuti, e leng Andrew le Anna ba itse: “Re nehetse bophelo ba rōna ho Jehova. Re tšepisitse Jehova hore re tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a reng re e etse. Joale, Jehova o re re ee Cameroon, Afrika.” Bona hammoho le liithuti tse ling tsa sehlopha sena tse neng li fumana mangolo ba labalabela ho etsa mosebetsi o tla ba thabisa le ho ba khotsofatsa. Ka sebele, ba thabela ho etsa thato ea Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 17]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tse emetsoeng: 6
Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 20
Palo ea liithuti: 52
Karolelano ea lilemo: 35,7
Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 18,3
Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 14,5
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Sehlopha sa Bo120 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.
(1) Wright, S.; Suárez, B.; Croisant, B.; Davenport, L. (2) Johnson, A.; Ali, C.; Cady, K.; Guerrero, P.; Ases, A. (3) Ortiz, L.; Lyall, K.; Uzeta, M.; Perez, R.; Backus, K.; Caterina, C. (4) Palmer, B.; Loving, D.; Macdonough, J.; Bostock, D.; Benetatos, L. (5) Jasicki, M.; Sarafianos, E.; Stelter, C.; Vaira, R.; Woon, J.; Prentice, K. (6) Davenport, H.; Croisant, H.; Perez, M.; Vaira, E.; Suárez, A.; Caterina, I.; Wright, C. (7) Cady, K.; Macdonough, J.; Ortiz, M.; Woon, J.; Ali, J.; Ases, M. (8) Sarafianos, G.; Lyall, D.; Uzeta, C.; Stelter, P.; Prentice, G.; Johnson, A.; Benetatos, C. (9) Palmer, J.; Jasicki, W.; Backus, J.; Bostock, S.; Guerrero, J. M.; Loving, S.