“A re Bapiseng Mangolo”
MONNA e mong o ile a thonaka pampitšana ka tereneng e neng e lebile New York City. Pampitšana eo e ne e re ‘moea oa motho oa shoa.’ A hloletsoe, monna enoa, eo e neng e le moruti, o ile a qala ho e bala. O ne a maketse hobane ho ne ho se mohla a kileng a belaella thuto ea hore moea ha o shoe. Ka nako eo o ne a sa tsebe mongoli oa pampitšana ena. Leha ho le joalo, o ile a fumana taba ena e utloahala ebile e lumellana le Mangolo ’me boitsebiso ba eona e le bo lokelang ho hlahlojoa ka hloko.
Moruti enoa e ne e le George Storrs. Sena se etsahetse ka 1837, e leng selemo seo ka sona Charles Darwin a ileng a qala ho ngola likhopolo tsa hae tseo hamorao li neng li tla fetoha khopolo ea hae ea ho iphetola ha lintho. Ka nako eo batho ba bangata lefatšeng ba ne ba rata bolumeli, ’me ba lumela ho Molimo. Ba bangata ba ne ba bala Bibele ’me ba nka hore lentsoe la eona ke la ho qetela litabeng tse itseng.
Hamorao Storrs o ile a hlokomela hore pampitšana ena e ne e ngotsoe ke Henry Grew oa Philadelphia, Pennsylvania. Grew o ne a khomaretse ka tieo molao-motheong o reng “mangolo . . . ka booona a itlhalosa hamolemo.” Grew le bo-mphato ba hae ba ne ba ntse ba ithuta Bibele ka morero oa ho etsa hore bophelo ba bona le mesebetsi ea bona e lumellane le keletso ea eona. Ho ithuta ha bona ho ile ha senola linnete tse babatsehang tsa Mangolo.
A susumelitsoe ke seo Grew a se ngotseng, Storrs o ile a hlahloba ka hloko seo Mangolo a se buang ka moea eaba o buisana le baruti ba bang ba habo ka taba ena. Ka mor’a lilemo tse hlano Storrs a ntse a ithuta ka hloko, qetellong o ile a etsa qeto ea ho bua phatlalatsa ka letlotlo la hae leo a sa tsoa le fumana la ’nete ea Mangolo. Qalong, o ile a lokisetsa thero e le ’ngoe eo a neng a tla fana ka eona ka Sontaha ka 1842. Empa, o ile a bona ho hlokahala hore a fane ka lithero tse ling tse ’maloa e le hore a akaretse taba ena hantle. Qetellong, o ile a fana ka lithero tse tšeletseng tse buang ka ho shoa ha moea oa motho, ’me a li phatlalatsa khatisong e bitsoang Six Sermons. Storrs o ile a bapisa mangolo e le hore a sibolle ’nete ea bohlokoa e neng e patiloe ke lithuto tsa Bokreste-’mōtoana tse hlomphollang Molimo.
Na Bibele e Ruta Hore Moea ha o Shoe?
Bibele e re moputso oo balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba o fumanang ka lebaka la ho tšepahala ha bona ke ho apara ho se shoe. (1 Bakorinthe 15:50-56) Storrs o ile a nahana hore, haeba moputso oa ho tšepahala ke ho se shoe, e tlameha ebe moea oa batho ba khopo oona oa shoa. Ho e-na le ho phopholetsa taba, o ile a hlahloba Mangolo. O ile a hlahloba Matheu 10:28, eo ho ea ka Bibele ea Sesotho, e balehang tjena: “Le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng.” Kahoo moea o ka timetsoa. O ile a bua hape le ka Ezekiele 18:4, e reng: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Bibele ea Sesotho) Ha ho hlahlojoa Bibele eohle ka mokhoa o nepahetseng, ’nete ea bohlokoa e ile ea totobala. Storrs o ile a ngola a re: “Haeba seo ke se lumelang ka taba ea ho shoa ha moea se nepahetse, joale likarolo tse ngata tsa Mangolo, tse neng li sa hlaka hantle tabeng ena, lia hlaka, lia thabisa, li utloahala hantle ebile li matla.”
Empa ho thoe’ng ka mangolo a kang Juda 7? Le baleha tjena: “Ho bile joalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathōko a teng, e neng e ineetse bootsoa bo le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele; metse eo eohle e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” (Bibele ea Sesotho) Ba bang, ha ba bala temana ena ba ka ’na ba phetha ka hore meea ea batho ba ileng ba timetsoa Sodoma le Gomora e hlokofatsoa mollong ka ho sa feleng. Storrs o ile a ngola a re: “A re bapiseng Mangolo.” Eaba o qotsa 2 Petrose 2:5, 6, e balehang tjena: “’Me ha [oa ka] oa hauhela lefatše la khale, oa mpa oa boloka Nooe . . . , mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše la banyefoli; ’me [o ile oa ahlola] metse ea Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefoli.” (Bibele ea Sesotho) Ka sebele, Sodoma le Gomora li ile tsa fetoloa molora, tsa timetsoa ka ho sa feleng hammoho le baahi ba tsona.
Storrs o ile a hlalosa a re: “Petrose o etsa hore re utloisise se builoeng ke Juda. Ho bapisa libuka tsena ka bobeli ho bontša ka ho hlaka kamoo Molimo a ileng a halefela baetsalibe kateng. . . . Likahlolo tseo tse ileng tsa lihuoa lefatšeng la khale, e leng Sodoma le Gomora, ke tlhokomeliso e tla lula e le teng, kapa ea ‘ka ho sa feleng,’ ke temoso, kapa ‘mohlala’ ho batho bohle ho isa bofelong ba lefatše.” Kahoo Juda o itse mollo o ileng oa timetsa Sodoma le Gomora o bile le liphello tsa ka ho sa feleng. Ka sebele seo ha se fetole ’nete ea hore moea oa motho oa shoa.
Storrs o ne a sa sebelise mangolo a neng a tšehetsa maikutlo a hae empa a hlokomoloha a mang. O ile a hlahloba taba e potolohileng temana ka ’ngoe hammoho le moelelo oa Bibele ka kakaretso. Haeba temana e itseng e ne e bonahala eka e hanyetsa mangolo a mang, Storrs o ne a hlahloba Bibele eohle e le hore a fumane tlhaloso e utloahalang ea seo.
Ho Ithuta ha Russell Mangolo
Har’a batho ba ileng ba ikamahanya le George Storrs e bile mohlankana e mong ea neng a ntse a theha sehlopha se ithutang Bibele Pittsburgh, Pennsylvania. Lebitso la hae e ne e le Charles Taze Russell. Se seng sa lihlooho tsa hae tsa pele tse neng li bua ka litaba tse thehiloeng Mangolong se ile sa hatisoa ka 1876 makasineng e bitsoang Bible Examiner, eo mohlophisi oa eona e neng e le Storrs. Russell o ile a lumela hore liithuti tsa pele tsa Bibele li ile tsa mo susumetsa. Hamorao, ha e se e le mohlophisi oa Zion’s Watch Tower, o ile a thabela thuso eo Storrs a ileng a mo fa eona, ka molomo le ka lingoliloeng.
Ha C. T. Russell a le lilemo li 18, o ile a theha sehlopha sa thuto ea Bibele ’me a etsa mohlala oa kamoo ho ithuta Bibele ho neng ho lokela ho etsoa kateng. A. H. Macmillan, eo e neng e le seithuti sa Bibele hammoho le Russell, o ile a hlalosa mokhoa ona tjena: “E mong o ne a botsa potso. Ebe baa e tšohla. Ba ne ba phetla mangolo ’ohle a amanang le taba eo ’me, ha ba se ba khotsofetse hore litemana tseo lia lumellana, ba ne ba phetha ka ho bolela qeto ea bona ebe ba e ngola fatše.”
Russell o ne a kholisehile hore ha Bibele e baloa kaofela, e tlameha ho hlahisa molaetsa o lumellanang le botho ba Moqapi oa eona, e leng Molimo. Neng le neng ha ho bonahala eka ho thata ho utloisisa karolo leha e le efe ea Bibele, Russell o ne a lumela hore e lokela ho hlakisoa ’me e hlalosoe ka ho sebelisa likarolo tse ling tsa Bibele.
Mokhoa o Thehiloeng Mangolong
Leha ho le joalo, Russell, Storrs kapa Grew hase bona ba pele ba ileng ba sebelisa mokhoa ona oa hore Mangolo a itlhalose ka booona. Mokhoa ona o qaliloe khale koana ke Mothehi oa Bokreste, e leng, Jesu Kreste. O ile a sebelisa mangolo a ’maloa ho hlakisa moelelo oa sebele oa temana e itseng. Ka mohlala, ha Bafarisi ba ne ba nyatsa barutuoa ba hae ka hore ba ne ba kha lihloohoana tsa lijo-thollo ka Sabatha, Jesu o ile a sebelisa tlaleho e ho 1 Samuele 21:6 ho bontša kamoo molao oa Sabatha o neng o lokela ho sebelisoa kateng. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba tseba tlaleho ena, eo ho eona Davida le banna ba hae ba ileng ba ja bohobe ba pontšo. Joale Jesu o ile a bua ka karolo ea Molao e neng e re ke baprista ba leloko la Arone feela ba neng ba lokela ho ja bohobe ba pontšo. (Exoda 29:32, 33; Levitike 24:9) Leha ho le joalo, Davida o ile a bolelloa hore a je bohobe boo. Jesu o ile a phethela taba ena e susumetsang ka hore a qotse bukeng ea Hosea: “Haeba le ne le utloisisitse seo sena se se bolelang, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo,’ le ka be le sa nyatsa ba se nang molato.” (Matheu 12:1-8) Ona ke mohlala o motle hakaakang oa ho bapisa mangolo e le hore re be le kutloisiso e nepahetseng!
Balateli ba Jesu ba ile ba sebelisa mokhoa o tšoanang oa ho sebelisa litšupiso tsa mangolo ho hlalosa mangolo a mang. Ha moapostola Pauluse a ne a ruta batho Thesalonika, o ile “a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” (Liketso 17:2, 3) Mangolong a hae a bululetsoeng, Pauluse le eena o ile a lumella Bibele hore e itlhalose ka boeona. Ka mohlala, ha a ne a ngolla Baheberu, o ile a qotsa mangolo ka ho latellana ho paka hore Molao e ne e le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.—Baheberu 10:1-18.
Ha ho pelaelo hore, liithuti tsa Bibele tse tšepahalang tsa lekholong la bo19 le la bo20 la lilemo li ne li mpa li tsosolosa mokhoa ona o neng o sebelisoa ke Bakreste. Makasine ea Molula-Qhooa e ntse e tsoela pele ho sebelisa mokhoa ona oa ho bapisa mangolo. (2 Bathesalonika 2:15) Lipaki Tsa Jehova li sebelisa molao-motheo ona ha li seka-seka lengolo le itseng.
Hlahloba Taba e Potolohileng Lengolo
Re ka etsisa joang mohlala o motle oa Jesu le balateli ba hae ba tšepahalang ha re bala Bibele? Taba ea pele, re ka hlahloba taba e potolohileng lengolo leo re le seka-sekang. Taba e potolohileng lengolo e ka re thusa joang ho utloisisa moelelo? A re etse mohlala ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 16:28: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’muso oa hae.” Ba bang ba ka ’na ba nahana hore mantsoe ana ha aa ka a phethahala hobane barutuoa ba Jesu kaofela ba neng ba le teng ha a bua mantsoe ao ba ile ba e-shoa pele ’Muso oa Molimo o thehoa maholimong. The Interpreter’s Bible e re ka temana ena: “Polelo ena e boletsoeng esale pele ha ea ka ea phethahala, ’me hamorao Bakreste ba ile ba bona ho hlokahala hore ba hlalose hore e ne e le tšoantšetso.”
Leha ho le joalo, taba e potolohileng temana ena, hammoho le litlaleho tse tšoanang tsa Mareka le Luka, li re thusa ho utloisisa moelelo oa sebele oa lengolo lena. Matheu o ile a re’ng hang feela ha a qeta ho qotsa mantsoe a boletsoeng ka holimo? O ile a ngola a re: “Matsatsi a tšeletseng hamorao Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne mor’abo ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. A fetoha sebōpeho ka pel’a bona.” (Matheu 17:1, 2) Mareka le Luka le bona ba ile ba amahanya polelo ea Jesu e mabapi le ’Muso le tlaleho ea ho fetoha sebōpeho. (Mareka 9:1-8; Luka 9:27-36) Ho tla ha Jesu e le Morena oa ’Muso ho ile ha bonahala ha a ne a fetoha sebōpeho, ha a ne a bonahala ka khanya ho baapostola ba bararo. Petrose o tiisa hore kutloisiso ena e nepahetse ka ho bua ka “matla le ho ba teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste” mabapi le ho fetoha ha Jesu sebōpeho hoo a ileng a ho bona.—2 Petrose 1:16-18.
Na U Lumella Bibele Hore e Itlhalose ka Boeona?
Ho thoe’ng haeba u sa utloisise lengolo le itseng esita le ka mor’a ho hlahloba taba e le potolohileng? U ka rua molemo ka ho le bapisa le mangolo a mang, u ntse u hopotse moelelo oa Bibele ka kakaretso. Ntho e ’ngoe e ka u thusang haholo tabeng ena ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, eo hona joale e fumanehang e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 57. Phetolelo ena e na le lethathamo la litšupiso tse bohareng ba leqephe, leqepheng le leng le le leng likhatisong tse ngata tsa eona. U ka fumana litšupiso tse 125 000 ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References, e fumanehang ka lipuo tse ’maloa tse khōlō. “Selelekela” sa Bibele ena sea hlalosa: “Ho bapisa ka hloko litšupiso tse bohareng ba leqephe le ho hlahloba mantsoe a botlaaseng ba leqephe ho tla bontša kamoo libuka tse 66 tsa Bibele li lumellanang le kamoo li momahaneng kateng, e leng bopaki ba hore ke buka e le ’ngoe, e bululetsoeng ke Molimo.”
A re boneng kamoo litšupiso tse bohareng ba leqephe li ka re thusang kateng ho utloisisa lengolo le itseng. Nka ka mohlala histori ea Abrame, kapa Abrahama. Nahana ka potso e latelang: Ke mang ea neng a etelletse pele ha Abrame le lelapa la hae ba ne ba tloha Ure? Genese 11:31 e baleha tjena: “Tera a nka mora oa hae Abrame le Lota, . . . le ngoetsi ea hae Sarai, . . . ’me ba tsamaea le eena ba tloha Ure ea Bakalde ba ea naheng ea Kanana. Ka mor’a nako ba fihla Harane eaba ba lula teng.” Ha motho a bala temana ena feela, a ka ’na a phetha ka hore ntate oa Abrame, e leng Tera, ke eena ea neng a etelletse pele. Leha ho le joalo, Phetolelong ea Lefatše le Lecha, re fumana litšupiso tse bohareng ba leqephe tse 11 bakeng sa temana ena. Ea ho qetela e re isa ho Liketso 7:2, moo re balang ka tlhokomeliso eo Setefane a ileng a e fa Bajuda ba lekholong la pele la lilemo: “Molimo oa khanya o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia, pele a lula Harane, a re ho eena, ‘Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.’” (Liketso 7:2, 3) Na Setefane o ne a kopanya taba ee le ea ha Abrame a ne a tloha Harane? Ho hlakile hore ha ho joalo, hobane ena ke karolo ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.—Genese 12:1-3.
Joale, ke hobane’ng ha Genese 11:31 e re ‘Tera o ile a nka mora oa hae Abrame’ le ba bang ba lelapa la hae eaba ba tloha Ure? Tera e ne e ntse e le eena mopatriareka ea ka sehloohong. O ile a lumela ho tsamaea le Abrame ’me ke ka lebaka leo ho thoe’ng ke eena ea ileng a fallisetsa lelapa Harane. Ka ho bapisa mangolo ana a mabeli le ho a lumellanya, re khona ho utloisisa hore na hantle-ntle ho ile ha etsahala’ng. Ka tlhompho Abrame o ile a kholisa ntat’ae hore a tlohe Ure tumellanong le taelo ea Molimo.
Ha re bala Mangolo, re lokela ho nahanela litemana tse potolohileng taba le moelelo oa Bibele ka kakaretso. Bakreste baa eletsoa: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo, e le hore re ka tseba lintho tseo re li filoeng ka mosa ke Molimo. Lintho tsena re boetse rea li bua, eseng ka mantsoe a rutoang ka bohlale ba motho, empa ka a rutoang ka moea, ha re kopanya litaba tsa moea le mantsoe a moea.” (1 Bakorinthe 2:11-13) Ka sebele, re lokela ho rapela Jehova ka tieo hore a re thuse ho utloisisa Lentsoe la hae ’me re leke ho “kopanya litaba tsa moea le mantsoe a moea” ka ho hlahloba litemana tse potolohileng lengolo leo le re balang le ka ho hlahloba mangolo a mang a amanang le lona. E se eka re ka tsoela pele ho fumana matlotlo a bohlokoa a ’nete ka ho ithuta Lentsoe la Molimo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Liithuti Tsa Bibele tsa lekholong la bo19 la lilemo tse ileng tsa lumella Mangolo hore a itlhalose ka booona: George Storrs, Henry Grew, Charles Taze Russell, A. H. Macmillan
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Top: SIX SERMONS, by George Storrs (1855); second from top: Collection of The New-York Historical Society/69 288
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Moapostola Pauluse o ile a paka seo a neng a se ruta ka ho qotsa mangolo