Baruke—Mongoli ea Tšepahalang oa Jeremia
NA U tseba “Baruke mora oa Neria”? (Jeremia 36:4) Le hoja ho buuoa ka eena likhaolong tse ’nè feela tsa Bibele, babali ba Bibele ba mo tseba haholo e le mongoli le motsoalle ea haufi oa moprofeta Jeremia. Bobeli ba bona ba ile ba phela lilemong tse mahlonoko tse 18 tsa ho qetela tsa ’muso oa Juda, ba bona ha Bababylona ba timetsa Jerusalema ka sehlōhō ka 607 B.C.E., ba bona le ho isoa botlamuoeng Egepeta ho ileng ha latela.
Lilemong tsa morao tjena, ho sibolloa ha li-bulla tse peli,a tsa ho tloha lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. tse neng li e-na le mongolo o reng “Ea Berekhyahu [e leng lebitso la Baruke la Seheberu], mora oa Neriyahu [e leng lebitso la Neria la Seheberu], Mongoli,” ho entse hore litsebi li be le tjantjello ea ho tseba motho enoa eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. Baruke e ne e le mang? O hōletse lelapeng le joang, o fumane thuto ea hae hokae, hona boemo ba hae e ne e le bofe sechabeng? Ho tšehetsa ha hae Jeremia ka matla ho senola eng? Re ka ithuta eng ho eena? A re batleng likarabo ka ho hlahloba boitsebiso ba Bibele le ba histori.
Semelo sa Hae le Boemo ba Hae
Kajeno litsebi tse ngata li lumela hore lelapa labo Baruke e ne e le le tummeng la bangoli la Juda. Li fana ka mabaka a ’maloa a hore li bue joalo. Ka mohlala, tlaleho ea Bibele e bua ka Baruke e sebelisa tlotla e khethehileng, e leng, “mongoli,” kapa “mokopitsi” ho ea ka liphetolelo tse ling. Mangolo a boetse a bolela hore Seraia, mor’abo, e ne e le molaoli oa bohlokoa ka lekhotleng la Morena Tsedekia.—Jeremia 36:32; 51:59.
Philip J. King, e leng moepolli oa lintho tsa khale, o ngola tjena ka bangoli ba mehleng ea Jeremia: “Bangoli, litho tsa sehlopha sa batho ba maemo a phahameng, ba ne ba hlaheletse ka mahetla Juda qetellong ea lekholo la bosupa la lilemo le qalong ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E. . . . Tlotla ena e ne e fuoa balaoli ba maemo a phahameng ba morena.”
Ho phaella moo, tlaleho e ho Jeremia khaolo ea 36, eo re tla e tšohla ka ho qaqileng, e fana ka maikutlo a hore Baruke o ne a khona ho buisana le baeletsi ba morena ebile o ne a lumelloa ho sebelisa kamore ea ho jela, kapa phaposi eo matona a tšoarelang liboka ho eona, ea Gemaria, eo e neng e le khosana kapa molaoli. Setsebi sa Bibele se bitsoang James Muilenberg se beha mabaka tjena: “Baruke o ne a ka kena ka phaposing eo matona a tšoarelang liboka ho eona hobane a ne a e-na le tokelo ea ho etsa joalo ebile eena ka boeena e ne e le karolo ea balaoli ba morena ba neng ba kopane ketsahalong eo ea bohlokoa ea ha ho ne ho baloa moqolo phatlalatsa. O ne a le har’a bo-mphato ba hae.”
Buka e bitsoang Corpus of West Semitic Stamp Seals e fana ka lebaka le leng mabapi le boemo ba Baruke: “Kaha bulla ea Berekhyahu e ile ea fumanoa har’a li-bulla tse ngata tsa balaoli ba phahameng, ke ho utloahalang ho nahana hore Baruke/Berekhyahu o ne a sebeletsa maemong a tšoanang le a balaoli ba bang.” Boitsebiso bo fumanehang bo bontša hore ho ka ’na ha etsahala hore ebe Baruke le mor’abo e leng Seraia, e ne e le balaoli ba phahameng ba ileng ba tšehetsa moprofeta Jeremia ea tšepahalang lilemong tsa bohlokoa tsa pele ho timetsoa Jerusalema.
O Tšehetsa Jeremia Phatlalatsa
Ho ea ka tatellano ea liketsahalo, Baruke o hlaha ka lekhetlo la pele ho Jeremia khaolo ea 36, “selemong sa bone sa Jojakime,” kapa hoo e ka bang ka 625 B.C.E. Ka nako eo Jeremia o ne a se a sebelelitse e le moprofeta ka lilemo tse 23.—Jeremia 25:1-3; 36:1, 4.
Joale Jehova o ile a re ho Jeremia: “Inkele moqolo oa buka, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda le khahlanong le lichaba tsohle, . . . ho tloha matsatsing a Josiase, ho fihlela kajeno.” Tlaleho e tsoela pele ka ho re: “Jeremia a bitsa Baruke mora oa Neria e le hore Baruke a ka ngola ho tsoa molomong oa Jeremia mantsoe ’ohle a Jehova.”—Jeremia 36:2-4.
Ke hobane’ng ha ho ile ha bitsoa Baruke? Jeremia o ile a re ho eena: “Ke koaletsoe. Ha ke khone ho kena ka tlung ea Jehova.” (Jeremia 36:5) Kamoo ho bonahalang kateng, Jeremia o ne a thibetsoe ho kena sebakeng sa tempele e leng moo molaetsa oa Jehova o neng o tla balloa teng, mohlomong lebaka e ne e le hobane melaetsa ea pejana e neng e tsoa ho Jehova e ne e ile ea halefisa ba boholong. (Jeremia 26:1-9) Ka sebele Baruke e ne e le morapeli ea tšepahalang oa Jehova, ’me o ile “a etsa ho ea ka sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona.”—Jeremia 36:8.
Ho ile ha nka nako e telele ho ngola litemoso tse ileng tsa fanoa lilemo tse 23 tse fetileng, ’me mohlomong Jeremia le eena o ne a letetse nako e loketseng ea ho etsa seo. Empa ka November kapa December 624 B.C.E., ka sebete Baruke o ile a “qala ho balla holimo ho tsoa bukeng ea mantsoe a Jeremia ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea ho jela ea Gemaria . . . , moo sechaba sohle se ntseng se utloa.”—Jeremia 36:8-10.
Mikaia, e leng mora oa Gemaria o ile a bolella ntat’ae le likhosana tse ling tse ngata se neng se etsahetse, ’me tsona li ile tsa kōpa Baruke hore a balle moqolo holimo ka lekhetlo la bobeli. Tlaleho e re: “Eare hang ha ba utloa mantsoe ’ohle, ba talimana ka ho tšoha; eaba ba re ho Baruke: ‘Ruri re tla bolella morena mantsoe ana ’ohle. . . . . E-ea, u ipate, uena le Jeremia, e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla tseba moo le leng teng.’”—Jeremia 36:11-19.
Eitse ha Morena Jojakime a utloa seo Baruke a neng a se ngotse se tsoa molomong oa Jeremia, ka bohale o ile a tabola moqolo oo a o lahlela mollong, eaba o laela banna ba hae hore ba tšoare Jeremia le Baruke. Ka taelo ea Jehova, banna bana ba babeli ba ile ba etsa kopi ea moqolo oo ha ba ntse ba ipatile.—Jeremia 36:21-32.
Ha ho pelaelo hore Baruke o ne a utloisisa kamoo mosebetsi ona o neng o le kotsi kateng. E tlameha ebe o ne a tseba lintho tseo Jeremia a neng a ile a tšosoa ka tsona lilemo tse ’maloa pejana. Hape e tlameha ebe o ne a ile a utloa ka se ileng sa etsahalla Uria, ea neng a ile a profeta ‘tumellanong le mantsoe ’ohle a Jeremia’ empa Morena Jojakime a mo bolaea. Leha ho le joalo, Baruke o ne a ikemiselitse ho sebelisa tsebo ea hae le maqhama ao a neng a e-na le ’ona le ba boholong hore a thuse Jeremia mosebetsing ona.—Jeremia 26:1-9, 20-24.
U se ke Ua Batla “Lintho Tse Khōlō”
Ha ho ne ho ngoloa moqolo oa pele, Baruke o ile a feta linakong tsa mahlomola. O ile a hooa a re: “Joale ho malimabe ’na, etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka, ’me ha kea fumana sebaka sa phomolo.” Lebaka la tlokotsi ee e ne e le lefe?—Jeremia 45:1-3.
Ha rea fuoa karabo e tobileng. Empa ak’u leke ho nahana ka boemo ba Baruke. E tlameha ebe ho bua le sechaba sa Iseraele le sa Juda ka litemoso tse nkileng lilemo tse 23 ho ile ha etsa hore bokoenehi ba sona le ho lahla ha sona Jehova ho totobale haholo. E tlameha ebe Baruke o ile a tšosoa ke qeto ea Jehova ea hore o tla timetsa Jerusalema le Juda le ho isa sechaba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70—e leng boitsebiso boo Jehova a ileng a bo senola selemong sona seo le boo mohlomong a ileng a bo akarelletsa moqolong oo. (Jeremia 25:1-11) Ho feta moo, Baruke o ne a le kotsing ea hore ho tšehetsa ha hae Jeremia ka tieo ho ne ho ka etsa hore a lahleheloe ke boemo ba hae le mosebetsi oa hae.
Ho sa tsotellehe se ileng sa etsahala, Jehova ka boeena o ile a kenella e le hore a thuse Baruke ho hopola kahlolo e tlang. Jehova o ile a re: “Ke qhaqha seo ke se hahileng, ’me ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha eohle.” Joale o ile a eletsa Baruke a re: “Empa ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.”—Jeremia 45:4, 5.
Jehova ha aa ka a bolela ka ho toba hore na ‘lintho tsena tse khōlō’ e ne e le eng, empa e tlameha ebe Baruke o ne a tseba hore na ebe e ne e le litakatso tsa boithati, bophahamo, kapa ho atleha linthong tse bonahalang. Jehova o ile a mo eletsa hore a talime lintho ka tsela ea sebele ’me a hopole se neng se larile ka pele: “Bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.” Letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa leo Baruke a neng a e-na le lona, e leng bophelo ba hae, le ne le tla sireletsoa kae kapa kae moo a neng a ka ea teng.—Jeremia 45:5.
Ka mor’a liketsahalo tsena tse hlalositsoeng ho Jeremia khaolo ea 36 le ea 45, tse etsahetseng ho tloha ka 625 ho isa ho 624 B.C.E., Bibele ha e sa bua letho ka Baruke ho fihlela likhoeli tse seng kae pele Bababylona ba timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. Ho ile ha etsahala’ng ka nako eo?
Baruke o Tšehetsa Jeremia Hape
Nakong eo Bababylona ba neng ba thibeletse Jerusalema ka eona, Baruke o ile a boela a hlahella tlalehong ea Bibele. Jeremia o ne a “thibelletsoe ka Lebaleng la Balebeli” ha Jehova a ne a mo bolella hore a reke karolo ea tšimo ea motsoal’ae e Anathothe e le pontšo ea hore ho ne ho tla ba le tsosoloso. Baruke o ile a bitsoa hore a tl’o thusa ka mehato ea molao.—Jeremia 32:1, 2, 6, 7.
Jeremia o ile a hlalosa a re: “Ka ngola lengolo le tiisitsoeng ’me ka khomaretsa tiiso eaba ke nka lipaki ha ke qala ho bekha chelete likaleng. Ka mor’a moo ka nka lengolo le tiisitsoeng la theko, le tiisitsoeng . . . le siiloeng le phetliloe; ka ntan’o fa Baruke . . . lengolo le tiisitsoeng la theko.” Joale o ile a laela Baruke hore a tiise mangolo ana a tiisitsoeng a theko ka har’a sejana sa letsopa e le hore a sireletsehe. Litsebi tse ling li lumela hore ha Jeremia a ne a re o ‘ngotse’ lengolo lena le tiisitsoeng, seo se ne se bolela hore ke eena ea boleletseng Baruke hore a le ngole, ’me Baruke eo e neng e le sengoli, eena o ne a tla le ngola.—Jeremia 32:10-14; 36:4, 17, 18; 45:1.
Baruke le Jeremia ba ile ba latela mehato ea molao e neng e sebelisoa ka nako eo. Molao o mong e ne e le oa lengolo le tiisitsoeng habeli la theko. Buka e bitsoang Corpus of West Semitic Stamp Seals ea hlalosa: “Lengolo la pele le ne le bitsoa ‘lengolo le tiisitsoeng’ hobane le ne le phuthoa ’me le tiisoa ka bulla kapa li-bulla; le ne le e-na le lengolo la tumellano e neng e entsoe pele. . . . La bobeli, e leng ‘lengolo le tiisitsoeng le sa koaloang’ e ne e le kopi ea lengolo le tiisitsoeng, le tlamang, ’me morero oa lona e ne e le hore le baloe neng le neng ha ho hlokahala. Kahoo, ho ne ho e-na le mangolo a mabeli a ngotsoeng, la pele le kopi ea lona, ’me a ne a ngotsoe maqepheng a mabeli a loli.” Lintho tse sibollotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li paka hore litokomane li ne li bolokoa ka lijaneng tsa letsopa.
Qetellong, Bababylona ba ile ba hapa Jerusalema, ba e chesa, eaba ba isa batho bohle botlamuoeng ka ntle feela ho ba seng bakae ba neng ba futsanehile. Nebukadnezare o ile a beha Gedalia hore e be ’musisi. O ile a bolaoa likhoeli tse peli ka mor’a moo. Bajuda ba setseng ba ile ba rera ho fallela Egepeta, ba hlokomoloha keletso e bululetsoeng ea Jeremia, ’me ke boemong bona moo ho buuoang hape ka Baruke.—Jeremia 39:2, 8; 40:5; 41:1, 2; 42:13-17.
Baeta-pele ba Bajuda ba ile ba re ho Jeremia: “U bua leshano. Jehova Molimo oa rōna ha aa u romela, a re, ‘Le se ke la kena Egepeta hore le lule teng le le bajaki.’ Empa Baruke mora oa Neria o u hlohlelletsa khahlanong le rōna ka morero oa hore u nehelane ka rōna matsohong a Bakalde, hore ba re bolaee kapa hore ba re ise kholehong Babylona.” (Jeremia 43:2, 3) Ho bonahala eka qoso ena e senola tumelo eo baeta-pele ba Bajuda ba neng ba e-na le eona ea hore Baruke o ne a susumetsa Jeremia haholo. Na ba ne ba lumela hore ka lebaka la boemo ba Baruke kapa setsoalle sa hae sa nako e telele le Jeremia, joale e ne e se e se mongoli oa moprofeta? Mohlomong ho joalo, empa ho sa tsotellehe seo baeta-pele ba Bajuda ba neng ba se lumela, molaetsa oona o ne o hlile o tsoa ho Jehova.
Ho sa tsotellehe litemoso tse tsoang ho Molimo, masala a Bajuda a ile a tloha ’me a nka “moprofeta Jeremia le Baruke mora oa Neria,” a tsamaea le bona. Jeremia o ile a tlaleha a re: “Qetellong ba fihla naheng ea Egepeta, etsoe ba ne ba sa mamela lentsoe la Jehova; ’me butle-butle ba ea fihla Takpanese,” e leng motse o haufi le moeli o ka bochabela oa molomo oa nōka ea Nile, o moeling oa Sinai. Mothating ona, Bibele ha e sa bua letho ka Baruke.—Jeremia 43:5-7.
Re ka Ithuta Eng ho Baruke?
Ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ho Baruke. E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona ke boikemisetso ba hae ba ho sebelisa tsebo ea hae le maqhama a hae tšebeletsong ea Jehova, ho sa tsotellehe liphello tsa ho etsa seo. Kajeno Lipaki Tsa Jehova tse ngata—banna le basali—li bontša moea o tšoanang, li ithaopela ho sebelisa tsebo ea tsona tšebeletsong ea Bethele, mosebetsing oa kaho, le mesebetsing e meng e kang eo. U ka bontša moea oo o kang oa Baruke joang?
Kamoo ho bonahalang kateng, ha Baruke a ne a hopotsoa hore ho ne ho se na nako ea ho ipatlela “lintho tse khōlō” matsatsing a ho qetela a Juda, o ile a mamela, hobane o ile a bolokeha. Ho loketse hore re sebelise keletso ena, hobane le rōna re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ea lintho. Jehova o re tšepisitse ntho e tšoanang—re tla bolokeha. Na le rōna re ka ela likhopotso tse joalo hloko joaloka Baruke?
Ho boetse ho na le ntho e ’ngoe e molemo eo re ka ithutang eona paleng ena. Baruke o ile a thusa Jeremia le motsoal’ae ka mehato e hlokahalang ea molao khoebong ea bona, le hoja banna bao ba babeli ba ne ba amana. Ona ke mohlala oa Mangolo oo Bakreste ba leng khoebong le bara le baralib’abo bona ba moea ba lokelang ho o latela. Ho tumellanong le Mangolo, ho molemo, ebile ho bontša lerato ho latela mohlala ona oa ho ngola litumellano tsa khoebo fatše.
Le hoja Bibele e bua hakhutšoanyane feela ka Baruke, Bakreste bohle kajeno ba lokela ho mo ela hloko. Na u tla etsisa mohlala o motle oa mongoli eo ea tšepahalang oa Jeremia?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bulla ke khoabi e nyenyane ea letsopa e neng e sebelisetsoa ho tlamahanya khoele e fasitseng tokomane ea bohlokoa. Letsopa leo le ne le hatisoa ka setempe se bontšang mong’a lona kapa motho ea e romelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bulla ea Baruke
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bulla: Courtesy of Israel Museum, Jerusalem