Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na Jesu o ne a bontša ho hloka tlhompho kapa mosa ka tsela eo a ileng a buisa ’mè oa hae ka eona moketeng oa lechato Kana?—Johanne 2:4.
Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, eena le barutuoa ba hae ba ile ba memeloa moketeng oa lenyalo Kana. ’Mè oa hae le eena o ne a le teng. Ha veine e fela, Maria o ile a re ho Jesu: “Ha ba na veine.” Jesu o ile a araba ’mè oa hae, a re: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe? Hora ea ka ha e e-s’o fihle.”—Johanne 2:1-4.
Kajeno, ha motho a ne a ka bitsa ’mè oa hae “mosali” ’me a boela a re “taba ea ka le uena ke efe?” mohlomong seo se ne se tla nkoa e le ho hloka tlhompho, e bile e le ho tella. Empa ho qosa Jesu ka hore o ne a hloka tlhompho e ne e tla be e le ho hlokomoloha setso le puo e sebelisitsoeng ha sena se ne se etsahala. Ho utloisisa tsela eo mantsoe ana a neng a sebelisoa ka eona mehleng ea Bibele ho tla ba molemo.
Mabapi le lentsoe “mosali,” Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e re: “Ha lentsoe lena le sebelisoa ha ho buuoa le mosali, hase lentsoe le sebelisoang ha ho khalemeloa motho kapa a fuoa kotlo, empa ke lentsoe le bontšang lerato kapa tlhompho.” Lingoliloeng tse ling li lumellana le sena. Ka mohlala, The Anchor Bible e re: “Lentsoe lena hase lentsoe le bolelang khalemelo e matla, kapa le bontšang ho hloka tlhompho, kapa le bontšang ho hloka lerato . . . E ne e le tsela e tloaelehileng le e hlomphehang eo Jesu a neng a bitsa basali ka eona.” The New International Dictionary of New Testament Theology e hlalosa hore lentsoe lena “le sebelisoa e le lentsoe le se nang moelelo leha e le ofe o bontšang ho hloka tlhompho.” ’Me Theological Dictionary of the New Testament ea Gerhard Kittel e re tsela eo le sebelisitsoeng ka eona “ho hang ha e bontše ho tella kapa ho nyelisa.” Ka hona, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore Jesu o ne a le bohale kapa a sa hlomphe ha a ne a bitsa ’mè oa hae “mosali.”—Matheu 15:28; Luka 13:12; Johanne 4:21; 19:26; 20:13, 15.
Ho thoe’ng ka polelo e reng “taba ea ka le uena ke efe?” Kamoo ho bonahalang kateng ana ke maele a tloaelehileng a Sejuda a hlahang ka makhetlo a mangata ka Bibeleng. Ka mohlala, ho 2 Samuele 16:10, re fumana Davida a thiba Abishai hore a se ke a bolaea Shimei ka ho re: “Taba ea ka le lōna ke efe, lōna bara ba Tseruja? Kahoo, mo tlohele hore a rohakane, hobane Jehova o itse ho eena, ‘Rohaka Davida!’” Ka ho tšoanang, ho 1 Marena 17:18 re bala hore ha mohlolohali oa Sarepta a ne a hlokomela hore mora oa hae o shoele, o ile a re ho Elia: “Taba ea ka le uena ke efe, Uena monna oa Molimo oa ’nete? U tlile ho ’na ho tla nkhopotsa phoso ea ka le ho bolaea mora oa ka.”
Ho ea ka mehlala ena ea Bibele, re ka bona hore polelo e reng “taba ea ka le uena ke efe?” hangata ha e sebelisoe hobane motho a nyelisa kapa a sa hlomphe, empa e sebelisoa ha motho a sa batle ho kopanela tabeng kapa ketsong e itseng e ntseng e lohothoa kapa ho hlahisa maikutlo a fapaneng. Joale, ho thoe’ng ka mantsoe ao Jesu a a buileng ho Maria?
Ha Maria a ne a re ho Jesu, “Ha ba na veine,” kamoo ho bonahalang kateng o ne a sa tsebise Jesu feela se etsahalang empa o ne a etsa tlhahiso ea hore a etse ho hong ka hona. Jesu o ile a sebelisa maele ana a tloaelehileng ho hana tlhahiso e sa tobang ea Maria, ’me mantsoe a mang a hae a reng, “Hora ea ka ha e e-s’o fihle,” a re thusa ho bona lebaka leo a entseng seo ka lona.
Ho tloha nakong ea ha Jesu a ne a kolobetsoa le ho tlotsoa ka 29 C.E., o ne a tseba hantle hore Jehova o ne a batla hore eena joaloka Mesia ea tšepisitsoeng, a tsamaee tseleng ea botšepehi e neng e tla fella ka hore a bolaoe, a tsosoe a be a tlotlisoe. O itse: ‘Mor’a motho ha aa tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Matheu 20:28) Ha nako ea hore a shoe e atamela, Jesu o ile a hlakisa taba ena a re: ‘Hora e fihlile.’ (Johanne 12:1, 23; 13:1) Kahoo, ha Jesu a rapela bosiung ba pele a e-shoa, o ile a re: “Ntate, hora e fihlile; tlotlisa mora oa hao, e le hore mora oa hao a ka u tlotlisa.” (Johanne 17:1) Qetellong, ha mokhopi o fihla Gethesemane ho tla mo tšoara, Jesu o ile a tsosa baapostola ba hae borokong eaba o re ho bona: “Hora e fihlile! Bonang! Mor’a motho o ekeloa matsohong a baetsalibe.”—Mareka 14:41.
Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a le lechatong Kana, o ne a sa tsoa qalisa tšebeletso ea hae e le Mesia ’me “hora” ea hae e ne e-s’o fihle. Sepheo sa hae se seholo e ne e le ho etsa thato ea Ntate oa hae ka tsela le ka nako e laetsoeng ke Ntate oa hae, ’me ha ho motho ea neng a ka mo sitisa tseleng eo. Ha Jesu a ne a bolella ’mè oa hae taba ena, o ne a tiile empa ho hang o ne a sa bontše ho hloka tlhompho kapa mosa. Ka lehlakoreng le leng, Maria ha aa ka a ikutloa a tlotlolotsoe kapa a nyelisitsoe ke mora oa hae. Ha e le hantle, ha Maria a qala ho utloisisa karabo ea Jesu o ile a re ho batho ba neng ba sebetsa lechatong: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.” Ho e-na le ho hlokomoloha ’mè oa hae, Jesu o ile a etsa mohlolo oa hae oa pele e le Mesia—a fetola metsi hore e be veine e monate—kahoo a bontša ho leka-lekana tabeng ea ho etsa thato ea Ntate oa hae le ho ela hloko ntho eo ’mè oa hae a neng a tšoenyehile ka eona.—Johanne 2:5-11.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Jesu o ne a le mosa empa a tiile ha a bua le ’mè oa hae