Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 1/15 leq. 3
  • Monna le Mosali ba Etselitsoe Hore ba Thusane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monna le Mosali ba Etselitsoe Hore ba Thusane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna oa Pele le Mosali oa Pele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Litebello Tsa Batho Tse Hlollang Paradeiseng ea Boiketlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Karolo ea Mosali ka Mangolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 1/15 leq. 3

Monna le Mosali ba Etselitsoe Hore ba Thusane

HAESALE monna le mosali ba lakatsa hore ba be ’moho. Molimo ke eena ea ba fileng takatso eo. Jehova o ile a bona hore ho ne ho se hotle hore monna oa pele, Adama, a ’ne a be mong. Kahoo Molimo o ile a “etsetsa [monna] mothusi, e be motlatsi oa hae.”

Jehova o ile a etsa hore Adama a ee le sephume sa boroko ’me a nka e ’ngoe ea likhopo tsa hae eaba “o etsa mosali ka khopo eo . . . ’me o mo tlisa ho monna.” Ha Adama a bona pōpo ena e ntle ea Jehova o ile a hlolloa hoo a ileng a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” Ha ho pelaelo hore mosali ea phethahetseng, Eva, o ne a le motle ka lebaka la litšobotsi tsa hae tsa bosali. ’Me Adama, monna ea phethahetseng, o ne a lokeloa ke tlhompho ka lebaka la seriti sa hae sa bonna. Ba ne ba etselitsoe hore ba thusane. Bibele e re: “Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.”—Genese 2:18-24.

Leha ho le joalo, kajeno malapa aa arohana, ’me hangata kamano pakeng tsa monna le mosali e tsamaea le tlhekefetso kapa e laoloa ke boithati. Moea oa tlhōlisano o teng pakeng tsa monna le mosali o tsoetse khohlano le ho hloka kutloano. Sena sohle se khahlanong le seo Molimo a neng a se reretse monna le mosali. Monna o ne a reretsoe ho phetha karolo e hlollang lefatšeng. Mosali eena o ne a lokela ho phetha karolo e ikhethang le ea bohlokoa ea ho ba molekane oa monna. Ba ne ba lokela ho sebetsa ’moho ka kutloano. Ho tloha qalong ea bophelo ba batho, banna le basali ba tšabang Molimo, ka botšepehi ba ’nile ba leka ho phetha likarolo tseo Jehova a neng a ba reretse tsona, ’me seo se ba ekelelitse thabo le khotsofalo. Likarolo tsee ke life, hona re ka li phetha joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Monna le mosali ba reretsoe ho phetha likarolo tse hlomphehang tokisetsong ea Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela