Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bua ’Nete?
HA Manfred a le lilemo li 18, o ile a koetlisetsoa mosebetsi o itseng oa ofisi.a K’hamphani eo a neng a e sebeletsa e ile ea lokisetsa hore eena le batho ba bang ba ’maloa ba neng ba koetlisoa ba ee k’holejeng ea ho ithutela mesebetsi e itseng matsatsi a mabeli ka beke. Ka letsatsi le leng liithuti li ile tsa bolelloa hore li tsamaee pele ho nako e behiloeng. Ho ea ka melao ea k’hamphani, liithuti li ne li lokela ho khutlela mosebetsing bakeng sa karolo eo e setseng ea letsatsi. Ho e-na le ho khutlela mosebetsing, kaofela li ile tsa ikela menateng, empa Manfred eena, o ile a khutlela mosebetsing. Molaoli oa k’hamphani ea ikarabellang ka liithuti o ile a fihla ho sa lebelloa. Ha a bona Manfred, o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u sa ea tlelaseng kajeno? Hona liithuti tse ling tsona li hokae?” Manfred o lokela ho re’ng?
Bothata boo Manfred a tobaneng le bona bo tloaelehile. Na o lokela ho bua ’nete, kapa na o lokela ho pata ’nete e le hore a sireletse liithuti-’moho le eena? Ho fana ka karabo e nepahetseng ho ne ho tla mo kenya mathateng ebile ho ne ho tla etsa hore ba bang ba se ke ba mo rata. Na ebe ho lokile ho bua leshano maemong a joalo? Uena u ka be u entse’ng? Re tla khutlela tabeng ea Manfred hamorao, empa pele, a re tšohleng hore na ho ameha eng ha re lokela ho etsa qeto ea hore na re bue ’nete kapa che.
Ntoa e ka Sehloohong Pakeng Tsa ’Nete le Seo e Seng ’Nete
Tšimolohong ea histori ea moloko oa batho, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e thehiloe ’neteng. Ho sotha ’nete, ho qhekella kapa ho etselletsa ho ne ho le sieo. Jehova, e leng ’Mōpi, ke “Molimo oa ’nete.” Lentsoe la hae ke ’nete; a ke ke a bua leshano, ’me o hloile leshano le batho ba buang leshano.—Pesaleme ea 31:5; Johanne 17:17; Tite 1:2.
Ka lebaka leo, ho tlile joang hore leshano le be teng? Jesu Kreste o ile a fana ka karabo e matla ha a ne a re ho bahanyetsi ba hae ba bolumeli, ba neng ba batla ho mo bolaea: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. E ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Ke ’nete hore Jesu o ne a bua ka se ileng sa etsahala serapeng sa Edene ha Satane a ne a susumelletsa batho ba pele ba babeli hore ba se ke ba mamela Molimo eba o ba lihela sebeng le lefung.—Genese 3:1-5; Baroma 5:12.
Mantsoe a Jesu a bontša ka ho hlaka hore Satane ke eena “ntate oa leshano,” moqapi oa leshano le ho se bue ’nete. Satane e ntse e le eena ’muelli e moholo oa leshano, ebile ha e le hantle, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ Ke eena ea ikarabellang haholo ka tšenyo eo leshano le tletseng hohle le e baketseng batho kajeno.—Tšenolo 12:9.
Ntoa e ka sehloohong pakeng tsa ’nete le seo e seng ’nete, e qaliloeng ke Satane Diabolose, e ntse e kupa le kajeno. E ama batho ba maemo ’ohle ebile e ama motho e mong le e mong. Tsela eo motho a phelang ka eona e etsa hore a emele ’nete kapa a emele seo e seng ’nete. Ba emeng ka lehlakoreng la Molimo ba phela ka ’nete ea Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Mang kapa mang ea sa lateleng tsela ea ’nete, a tseba kapa a sa tsebe, o oela liatleng tsa Satane hobane “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19; Matheu 7:13, 14.
Ke Hobane’ng ha Batho ba Tloaetse ho Bua Leshano?
Taba ea hore “lefatše lohle” le rapaletse matleng a Satane e re hlokomelisa lebaka leo ka lona batho ba bangata ba buang leshano. Empa re ka ’na ra botsa, ‘Ke hobane’ng ha Satane, e leng “ntate oa leshano,” a ile a etsa seo?’ Satane o ne a tseba hore Jehova ke eena ’Musi ea tšoanelehang oa lintho tsohle tseo A li bōpileng, ho akarelletsa le batho ba pele ba babeli. Empa, Satane o ile a ipatlela boemo bona bo phahameng le bo khethehileng, e leng ntho e neng e sa mo tšoanela. Ka lebaka la meharo le takatso ea boithati, o ile a loha leano la ho batla ho inkela boemo ba Jehova. E le hore a finyelle sena, Satane o ile a sebelisa mashano le thetso.—1 Timothea 3:6.
Ho thoe’ng ka mehla ea kajeno? Na ha u lumele hore batho ba bangata ba ntse ba susumetsoa haholo ke meharo le takatso ea boithati hore ba bue leshano? Khoebong e etsoang ka meharo, lipolotiking tse nang le bobolu le bolumeling ba bohata ho tletse thetso, mashano, ho qhekella le bolotsana. Hobane’ng? Na hangata see ha se etsoe ke hobane batho ba susumetsoa ke meharo le takatso ea bophahamo ea ho batla ho iketelletsa pele kapa ho batla maruo, matla kapa maemo a sa ba tšoanelang? ’Musi ea bohlale, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo, o ile a lemosa: “Ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.” (Liproverbia 28:20) ’Me moapostola Pauluse eena o ile a ngola a re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” (1 Timothea 6:10) Ka sebele ho ka boleloa se tšoanang ka taba ea ho nyoreloa matla kapa ho batla maemo.
Ntho e ’ngoe e etsang hore batho ba bue leshano ke tšabo—ba tšaba liphello kapa ba tšaba seo batho ba bang ba ka ’nang ba se nahana haeba ba bua ’nete. Ke ntho ea tlhaho hore batho ba batle ho ratoa kapa ho amoheloa ke ba bang. Leha ho le joalo, takatso ena e ka etsa hore ba sothe ’nete, esita leha e le hanyenyane feela, e le hore ba pate liphoso, ba pate lintho tse sa rateheng, kapa ba itlhahise eka ba lokile. Ka nepo, Solomone o ile a ngola: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.”—Liproverbia 29:25.
Ho Tšepahala ho Molimo oa ’Nete
Manfred o ile a re’ng ha motsamaisi oa k’hamphani a ne a mo botsa hore a hlalose lebaka? Manfred o ile a ipuela ’nete feela. O ile a re: “Mosuoe o ile a re re tsamaee pele ho nako kajeno, kahoo ’na ke ile ka itlela mosebetsing. Nke ke ka buella ba bang. Mohlomong u ka ba botsa.”
Manfred o ne a ka ’na a fana ka karabo e bolotsana le e sa nepahalang, ’me seo se ne se tla etsa hore a ratoe ke liithuti-’moho le eena. Empa o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho khomarela ’nete ka botšepehi. Manfred ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Botšepehi ba hae bo ile ba sireletsa letsoalo la hae le letle. Bo ile ba etsa le hore mohiri oa hae a mo tšepe. E le karolo ea koetliso ea hae, Manfred o ile a abeloa lefapheng leo ho etsoang mabenyane ho lona, e leng lefapha leo ka tloaelo batho ba ntseng ba koetlisoa ba neng ba sa lumelloe ho sebetsa ho lona. Lilemo tse ka bang 15 hamorao ha Manfred a fuoa maemo a phahameng k’hamphaning, motsamaisi eena eane oa k’hamphani o ile a mo letsetsa a mo lebohela a bile a bua ka ketsahalo ena eo a ileng a bua ’nete ho eona.
Kaha Jehova ke Molimo oa ’nete, mang kapa mang ea lakatsang ho ba le kamano e haufi le eena o lokela ho ‘lahla leshano’ ’me a “bue ’nete.” Mohlanka oa Molimo o lokela ho rata ’nete. Monna ea bohlale o ile a ngola: “Paki e tšepahalang e ke ke ea bua leshano.” Empa leshano ke eng?—Baefese 4:25; Liproverbia 14:5.
Leshano ke Eng?
Leshano le leng le le leng ke polelo eo e seng ’nete, empa ho ke ke ha thoe polelo e ’ngoe le e ’ngoe eo e seng ’nete ke leshano. Hobane’ng? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa leshano e le “ho bua ntho e itseng e tsejoang kapa eo motho ea e buang a tsebang hore hase ’nete kapa ke leshano a e bua ka morero oa ho thetsa.” Kahoo, leshano le akarelletsa ho ikemisetsa ho thetsa motho e mong. Kahoo, ho bua ntho eo e seng ’nete e se ka boikemisetso—joaloka ho fa motho e mong lintlha kapa lipalo tse itseng tse sa nepahalang ka phoso—ha ho tšoane le ho bua leshano.
Ho feta moo, re lokela ho hlokomela hore na ebe motho eo ea batlang boitsebiso o na le tokelo ea ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ka mohlala, ha re nke hore motsamaisi oa k’hamphani e ’ngoe o ne a ile a botsa Manfred lipotso tse tšoanang. Na Manfred o ne a tla tlameha ho mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Che. Kaha motsamaisi eo o ne a se na tokelo ea ho fumana boitsebiso boo, Manfred o ne a ke ke a ikutloa a tlamehile ho mo bolella bona. Ho hlakile hore, esita le tabeng ena, ho ne ho tla be ho fosahetse hore a bue leshano.
Jesu Kreste o ile a beha mohlala ofe tabeng ee? Ka lekhetlo le leng, Jesu o ne a buisana le batho ba bang bao e neng e se barutuoa ba hae empa ba thahasella litokisetso tsa ho tsamaea tseo a neng a li entse. Ba ile ba mo eletsa ba re: “Fetela pele ho tloha mona ’me u kene Judea.” Jesu o ile a re’ng? O ile a re: “Lōna nyolohelang moketeng; ’na ha ke e-s’o nyolohele moketeng [Jerusalema], hobane nako ea ka e loketseng ha e e-s’o fihle ka botlalo.” Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a fela a ea moketeng Jerusalema. Ke hobane’ng ha a ile a bua joalo? Ba ne ba se na tokelo ea ho tseba makolopetso a hore na o ne a lokela ho ba hokae. Kahoo le hoja Jesu a sa ka a bua ntho eo e seng ’nete, o ile a ba fa tlhaloso e sa fellang e le hore a thibele kotsi eo ba neng ba ka mo bakela eona hammoho le balateli ba hae. O ne a sa bue leshano, hobane moapostola Petrose o ile a ngola tjena ka Kreste: “Ha aa ka a etsa sebe, leha e le hore thetso e ile ea fumanoa molomong oa hae.”—Johanne 7:1-13; 1 Petrose 2:22.
Ho thoe’ng ka Petrose ka boeena? Bosiung boo Jesu a tšoeroeng ka bona, na Petrose ha aa ka a bua leshano hararo a ba a latola hore o tseba Jesu? Ka sebele, Petrose o ile a inehella ho tšaba batho eaba o bua leshano. Empa kapele-pele o ile a “lla habohloko” a ba a baka, ’me o ile a tšoareloa sebe sa hae. Ho feta moo, ho na le seo a ileng a ithuta sona ka phoso ea hae. Matsatsi a itseng hamorao, o ile a bua ka Jesu phatlalatsa ’me ka sebete o ile a hana ho khaotsa ho bua ka Jesu ha baeta-pele ba Bajuda ba neng ba le Jerusalema ba ne ba mo sokela. Ka sebele phoso ea nakoana ea Petrose le ho hlaphoheloa ha hae kapele li lokela ho re khothatsa kaofela ha rōna, hobane habonolo feela le rōna re ka apareloa ke tšabo ka lebaka la bofokoli ba nakoana eaba re khoptjoa ka mantsoe le ka liketso.—Matheu 26:69-75; Liketso 4:18-20; 5:27-32; Jakobo 3:2.
’Nete e Tla Tiisoa ka ho sa Feleng
Liproverbia 12:19 ea hlalosa: “Molomo oa ’nete o tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng, empa leleme la bohata le tla ba teng feela ka motsotsoana.” Ka sebele, ho bua ’nete ke pontšo ea botsitso. Likamano tsa batho li tiea haholo ebile lia khotsofatsa ha batho ba ikemiselitse ho bua ’nete le ho phela ka eona. Ka sebele, ho bua ’nete ho tlisa meputso hang-hang. Meputso ena e akarelletsa ho ba le letsoalo le letle, botumo bo botle le likamano tse matla lenyalong, lelapeng, har’a metsoalle esita le mosebetsing.
Leshano lona qetellong lea senoleha. Leleme le buang leshano le ka ’na la thetsa ka nakoana, empa qetellong, ho se bue ’nete ho ke ke ha atleha. Ho feta moo, Jehova, Molimo oa ’nete, o behile nako eo ka eona a ke keng a hlola a mamella ho se bue ’nete le batho ba ntšetsang leshano pele. Bibele e tšepisa hore Jehova o tla felisa tšusumetso ea Satane Diabolose, e leng ntate oa leshano, ea khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona. Haufinyane Jehova o tla felisa leshano lohle le batho ba buang leshano.—Tšenolo 21:8.
Re tla imoloha hakaakang ha qetellong “leleme la bohata” le tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae hantle.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Meharo le takatso ea boithati ke tsona tse susumetsang batho ba bangata ho bua leshano
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Leshano le leng le le leng ke polelo eo e seng ’nete, empa ho ke ke ha thoe polelo e ’ngoe le e ’ngoe eo e seng ’nete ke leshano
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Re ithuta’ng tabeng ea ha Petrose a ne a latola Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho bua ’nete ho etsa hore likamano li tiee le ho khotsofatsa