Na Batho ba Bang ke Bona Feela ba Lokelang ho Bua ’Nete?
NGOANANA ea lilemo li 16 o ile a hoeletsa a re: “Ke hloile leshano, ebile ke hloile ho thetsoa!” Boholo ba rōna re ikutloa joalo. Re batla ho nahana hore litaba tseo re li bolelloang ke ’nete—ebang re li bolelloa ka molomo kapa li ngotsoe. Empa na rōna re bua ’nete ha re bolella ba bang litaba?
Phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa Jeremane, bongata ba batho ba ileng ba arabela ho eona ba ile ba nahana hore “ha ho phoso ho bua leshanonyana le sa reng letho bakeng sa ho itšireletsa kapa ho sireletsa ba bang kotsing, ebile hoa hlokahala e le hore batho ba ka phela hammoho ka kutloano.” Moqolotsi e mong oa litaba eena o ile a ngola: “Ho ipuela ’nete feela ka mehla ho molemo empa ho etsa hore bophelo bo be bosula.”
Na ebe mohlomong re rata ha batho ba bang ba bua ’nete empa re nahana hore rōna re na le lebaka le utloahalang la hore ka linako tse ling re se ke ra bua ’nete? Na ho hlile ho na le taba hore na re bua ’nete kapa che? Liphello tsa ho se bue ’nete ke life?
Tšenyo e Bakoang ke ho se Bue ’Nete
Nahana ka tšenyo e ka bakoang ke ho se bue ’nete. Leshano le tsoala ho se tšepane pakeng tsa banyalani le har’a litho tsa lelapa. Ho seba ho ka senya botumo ba motho. Basebetsi ba qhekellang ba etsa hore litšenyehelo tsa ho tsamaisa khoebo li phahame ’me seo se etsa hore lihlahisoa li bitse chelete e ngata. Ho ngola boitsebiso bo fosahetseng liforomong tsa lekhetho ho nkela ’muso chelete eo o neng o lokela ho etsetsa sechaba litšebeletso tse itseng ka eona. Boitsebiso bo fosahetseng bo fanoang ke bafuputsi bo senya mesebetsi ea bona e hlamatsehang bo bile bo senya botumo ba mekhatlo e hlomphuoang. Maano a bolotsana a ho rua kapele a nkela batho ba thetsoang habonolo ba tsetelang ho ’ona chelete eo ba e sebelelitseng bophelo bohle ba bona kapa a ba le liphello tse mpe le ho feta. Hase feela Bibele e re bolellang hore lintho tse manyala ho Jehova Molimo li akarelletsa “leleme la bohata” le “paki ea bohata e phatlalatsang mashano”!—Liproverbia 6:16-19.
Leshano le atileng hohle le ka ntša batho le sechaba ka kakaretso kotsi. Ha ho motho ea ka hanang ’nete ena. Joale, ke hobane’ng ha batho ba bua seo e seng ’nete ka boomo? Hona na ho bua seo e seng ’nete ke ho bua leshano? Re tla tšohla likarabo tsa lipotso tsena le tse ling sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Leshano le tsoala ho se tšepane pakeng tsa banyalani