Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 2/15 leq. 3
  • Thabela Lefatše la Rōna le Letle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabela Lefatše la Rōna le Letle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Matla a ho Bopa—“Ea Entseng Leholimo le Lefatše”
    Atamela ho Jehova
  • Lefatše le Sebakeng se Loketseng
    Tsoha!—2009
  • Linaleli le Lipolanete li re Ruta’ng?
    Tsoha!—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 2/15 leq. 3

Thabela Lefatše la Rōna le Letle

LITSEBI tsa linaleli li bone hore lehae la batho le lenyenyane haholo ka har’a bokahohleng bo sabaletseng bo se nang moeli. Ha ho kae kapa kae bokahohleng bo bonahalang, moo ho fumanoeng bophelo teng. Ke polaneteng ea rōna e bitsoang Lefatše feela moo ho nang le maemo a loketseng bophelo.

Ho feta moo, re ka thabela bophelo qitikoeng ena e ntle. Ho monate hakaakang ho utloa mofuthu oa letsatsi ha ho bata! Ke mang ea sa khahloeng ke botle ba letsatsi le chabang kapa le likelang? Ha e le hantle, letsatsi la rōna, ha le re thabise feela, empa ke la bohlokoa bophelong ba rōna.

Ka lilemo tse limilione tse se nang palo, matla a khoheli a letsatsi a ’nile a tsitsisa lefatše le lipolanete tse ling litselaneng tsa tsona tsa ho potoloha letsatsi. Hape, joalokaha liithuti li rutoa sekolong, setsi sohle sa potoloho ea lipolanete se potoloha bohareng ba sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way. Empa sehlopheng seo sa rōna sa linaleli, letsatsi ke e ’ngoe ea linaleli tse fetang limilione tse 1 000 tse potolohang bohareng ba sona.

Sehlopha sa rōna sa linaleli sa Milky Way se tšoeroe ke matla a khoheli sehlopheng sa linaleli se nang le melala e ka bang 35. Lihlopha tse ling tse khōlō tsa linaleli li na le melala e likete-kete. Ho ka etsahala hore ebe setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete se ne se sa tl’o tsitsa kamoo se tsitsitseng kateng hoja ebe se ne se kene melaleng ea linaleli e meholo le e teteaneng haholo. Empa, bukeng ea bona e bitsoang The Privileged Planet, Guillermo Gonzalez le Jay W. Richards, ba bolela hore kamoo ho leng kateng, ke likarolo tse fokolang ka palo tsa bokahohle tse “loketseng bophelo bo rarahaneng joaloka ba rōna.”

Na bophelo bo itlhahetse ka tsietsi feela tjee polaneteng ee? Kapa na bophelo bo na le morero o moholo polaneteng ee ea rōna e ntle e bitsoang Lefatše?

Batho ba bangata ba fihletse qeto ea hore lehae la rōna la lefatše le entsoe ka ho khetheha hore le be le bophelo.a Khale haholo seroki se seng sa Moheberu se ile sa bua ka maholimo le lefatše. Se ile sa ngola sa re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng?” (Pesaleme ea 8:3, 4) Seroki sena se ne se lumela hore joang kapa joang ’Mōpi o teng. Na qeto eo ea utloahala mehleng ee ea rōna ea saense?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona buka ea Lipesaleme, haholo-holo Pesaleme ea 8.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ha Lefatše le shebeloa hōle, le khanya joaloka lehakoe le leputsoa lefifing la sepakapaka,” kamoo ho bolelang The Illustrated Science Encyclopedia—Amazing Planet Earth.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Globe: U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela