Thuto ea Bibele e Matlafatsa Tumelo
SEITHUTI se neng se emetse sehlopha sa bo122 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower letsatsing la kabo ea mangolo se ile sa re: “Ka sebele ebile tokelo ea bohlokoa ho qeta likhoeli tse fetileng tse hlano re nahanisisa ka mehopolo ea ’Mōpi oa rōna re bile re ithuta ho bona lintho kamoo a li bonang kateng!” Liithuti tse 56 tsa sehlopha sena tseo haufinyane li neng li tla qalisa mosebetsi oa tsona oa boromuoa linaheng tse 26 tseo li neng li abetsoe ho ea ho tsona, li ke ke tsa lebala letsatsi la la 10 March, 2007.
Ka mor’a ho amohela bamameli ba 6 205 ka mofuthu, Theodore Jaracz, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a re: “Re kholisehile hore ho ba teng ha lōna lenaneong lena la kabo ea mangolo ho tla matlafatsa kamano ea lōna le Molimo ho be ho matlafatse le tumelo ea lōna.” O ile a bitsa libui tse ’nè ka ho latellana ha tsona, ’me li ile tsa fa liithuti khothatso le keletso e nakong e thehiloeng Bibeleng e neng e tla li thusa hore li atlehe likabelong tsa tsona tsa boromuoa.
Li Khothatsoa Hore li Matlafatse Tumelo ea ba Bang
Leon Weaver, e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States, o ile a bua ka sehlooho se reng “Le ’Ne le Etse se Molemo.” O ile a hopotsa liithuti hore ka karolelano, e mong le e mong oa tsona o ne a qetile lilemo tse 13 a le tšebeletsong ea nako e tletseng, a ntšetsa pele mosebetsi oa thuto ea Bibele o matlafatsang tumelo. O ile a re: “Oo ke mosebetsi o molemo hobane o boloka bophelo ba batho, ’me habohlokoa le ho feta, ke mosebetsi o molemo hobane o tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.” Joale Mor’abo rōna Weaver o ile a khothatsa liithuti hore li tsoele pele ho ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea’ ’me li se ke tsa “tela ho etsa se setle.”—Bagalata 6:8, 9.
David Splane, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka likhopotso tse thusang ha a hōlisa sehlooho se reng “Le Tiise Hore ha le Tlohe ka Leoto Lesele.” Mor’abo rōna Splane o ile a khothatsa baromuoa ba bacha hore ba qalise hantle likabelong tsa bona ka ho etsa lintho tse latelang: “Le be le boikutlo bo nepahetseng. Le se ke la potlakela ho nyatsa batho ba bang. Le be botsoalle.Le se ke la rata ho tšoaea-tšoaea liphoso. Le ikokobetse le ho hlompha barab’abo rōna ba moo le eang teng.” Eaba o phaella ka ho re: “Ha le theoha sefofaneng, le se ke la tloha ka leoto lesele ’me e se eka Jehova a ka hlohonolofatsa maoto ao a lōna a matle ha a ntse a isetsa batho “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.”—Esaia 52:7.
Lawrence Bowen, eo e leng morupeli oa Gileade, o ile a bua ka sehlooho se reng: “Lefa Leo re Kholisehileng ka Lona.” Mor’abo rōna Bowen o ile a hopotsa liithuti hore ha Sekolo sa Gileade se ne se thehoa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, seo se ne se etsoa ka tšepo e feletseng ea hore Lentsoe la Jehova la boprofeta le ne le tla phethahala. (Baheberu 11:1; Tšenolo 17:8)Ho tloha ka nako eo, Sekolo sa Gileade se file liithuti monyetla oa ho matlafatsa tumelo ea tsona. Tumelo e matla e susumetsa liithuti hore li e’o phatlalatsa ’nete ka cheseho.
Morupeli e mong oa Gileade, e leng Mark Noumair, o ile a bua ka sehlooho se thahasellisang se reng “Le Nkhopotsa Motho e Mong.” O ile a bua ka mohlala oa moprofeta Elisha, ea ileng a bontša tumelo le sebete kabelong ea hae. A thehile litlhaloso tsa hae ho 1 Marena 19:21, Mor’abo rōna Noumair o ile a re: “Elisha o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho bophelong, ho beha lithahasello tsa hae boemong ba bobeli le ho tšehetsa morero oa Jehova.” O ile a babatsa liithuti ka hore ebe li ile tsa bontša boikutlo bo tšoanang eaba o li khothatsa hore li tsoele pele ho etsa joalo likabelong tsa tsona tse ncha.
Tumelo e Etsa Hore re Bue ka Bolokolohi
Ha liithuti li ntse li matlafatsa tumelo ea tsona sekolong, li ile tsa sebelisa nako ea mafelo-beke hamolemo li bolella ba bang litaba tse molemo. Ka lebaka la sena ho ile ha phetoa liphihlelo tse monate tse ileng tsa etsetsoa lipontšo puong e neng e fanoa ke morupeli e mong oa Gileade, e leng Wallace Liverance. Sehlooho sa puo ea hae se reng, “Re Bontša Tumelo ’Me ka Hona Rea Bua,” se ne se bua ka mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho 2 Bakorinthe 4:13.
Ka mor’a puo ena, Daniel Barnes le Charles Woody, e leng litho tsa lelapa la Bethele, ba ile ba buisana le bao e kileng ea e-ba baromuoa le bao e ntseng e le baromuoa. Baromuoa bana ba ile ba totobatsa kamoo Jehova a hlokomelang le ho hlohonolofatsa ba mo sebeletsang ka botšepehi. (Liproverbia 10:22; 1 Petrose 5:7) Moromuoa e mong o ile a re: “Ka thuto eo re e fumaneng sekolong sa Gileade ’na le mosali oa ka re ile ra bona hore ka sebele Jehova oa re hlokomela. Ruri e re matlafalitse tumelo. Tumelo ke ea bohlokoa hobane bahlanka ba Molimo kaofela, ho akarelletsa le baromuoa, ba tla tobana le liteko, mathata le matšoenyeho.”
Tsoelang Pele le Phatlalatsa Thuto ea Bibele e Matlafatsang Tumelo
Samuel Herd, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a phethela lenaneo la kabo ea mangolo hantle ka ho bua le bamameli ka sehlooho se reng “Le ’Ne le Matlafatse Barab’abo Lōna.” Morero oa thuto eo liithuti li e fumaneng e ne e le ofe? Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Morero oa eona e bile ho le ruta kamoo le ka sebelisang maleme a lōna kateng ho rorisa Jehova, ho ruta batho ba leng masimong ao le sa tsoa a abeloa linnete tsa hae le ho matlafatsana tumelong.” Leha ho le joalo, o ile a hopotsa liithuti hore leleme le ka boetse la bua lintho tse sa matlafatseng. (Liproverbia 18:21; Jakobo 3:8-10) O ile a khothatsa liithuti hore li etsise mohlala oa Jesu ha li sebelisa maleme a tsona. Ka lekhetlo le leng, ha barutuoa ba qeta ho utloa seo Jesu a neng a ba bolella sona, ba ile ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese . . . ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” (Luka 24:32) Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Haeba le bua lintho tse hahang, li tla khothatsa bara le barali babo lōna ba moo le eang teng.”
Joale liithuti li ile tsa fuoa mangolo a tsona. Eaba ho baloa lengolo la liteboho le tsoang ho liithuti. Le ne le re: “Re ikutloa re e-na le boikarabelo bo boholo ba ho sebelisa seo re ithutileng sona ha re phetha mesebetsi ea rōna ea boromuoa ka botšepehi. Ha e le mona re se re loketse ho ea lipheletsong tsa lefatše, re rapella hore e se eka boiteko ba rōna bo ka fella ka hore ho utloahale mohoo o moholo oa thoriso o eang ho Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova Molimo.” Bamameli ba ile ba ananela seo ka mahofi a matla. Ka sebele, lenaneo lena la kabo ea mangolo le ne le matlafalitse tumelo ea bohle ba neng ba le teng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]
“Haeba le bua lintho tse hahang, li tla khothatsa bara le barali babo lōna ba moo le eang teng.”
[Lebokose le leqepheng la 15]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tse emetsoeng: 9
Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 26
Palo ea liithuti: 56
Karolelano ea lilemo: 33,4
Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 16,8
Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sehlopha sa Bo122 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.
(1) Howitt, R.; Smith, P.; Martinez, A.; Pozzobon, S.; Kitamura, Y.; Laud, C. (2) Fiedler, I.; Beasley, K.; Matkovich, C.; Bell, D.; Lippincott, W. (3) Sites, W.; Andersen, A.; Toevs, L.; Fusano, G.; Rodríguez, C.; Yoo, J. (4) Sobomehin, M.; Thomas, L.; Gasson, S.; Dauba, V.; Bertaud, A.; Winn, C.; Dobrowolski, M. (5) Yoo, J.; Dauba, J.; Mixer, H.; Newton, M.; Rodríguez, F.; Mixer, N. (6) Laud, M.; Lippincott, K.; Martinez, R.; Haub, A.; Schamp, R.; Pozzobon, L.; Toevs, S. (7) Howitt, S.; Kitamura, U.; Newton, D.; Haub, J.; Sites, J.; Thomas, D. (8) Sobomehin, L.; Matkovich, J.; Fusano, B.; Winn, J.; Schamp, J.; Andersen, D.; Dobrowolski, J. (9) Fiedler, P.; Bell, E.; Beasley, B.; Smith, B.; Bertaud, P.; Gasson, M.