“Silevera ke ea ka, le Khauta ke ea Ka”
LEKHOLONG la botšelela la lilemo B.C.E., Morena Cyruse oa Persia o ile a lokolla batho ba Molimo botlamuoeng Babylona. Ba likete ba ile ba khutlela Jerusalema ho ea tsosa tempele ea Jehova eo e neng e le lesupi. Boemo ba moruo ba baholehuoa bao ba khutlileng bo ne bo sa tsitsa, ’me baahelani ba mabifi ba ne ba hanyetsa mosebetsi oo oa ho tsosa tempele. Kahoo, lihahi tse ling li ne li ipotsa hore na ebe li ne li tla ke li phethe mosebetsi oo.
Jehova o ile a tiisetsa lihahi ka moprofeta oa hae Hagai hore O li tšehelitse. Molimo o ile a re: “Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.” Tabeng ea ho ameha ha lihahi ka maemo a lichelete, Hagai o ile a li fa molaetsa ona: “‘Silevera ke ea ka, le khauta ke ea ka,’ ho bolela Jehova oa mabotho.” (Hagai 2:7-9) Pele ho feta lilemo tse hlano Hagai a buile mantsoe ao a khothatsang, mohaho o ile oa fela.—Esdrase 6:13-15.
Morao tjena bahlanka ba Molimo le bona ba susumelitsoe ke mantsoe a Hagai ha ba etsa mesebetsi e meholo e amanang le borapeli ba Jehova. Ka 1879 ha sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ne se qala ho hatisa makasine ena, eo ka nako eo e neng e bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, e ne e e-na le polelo e latelang: “Re lumela hore motšehetsi oa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, ’me ha boemo bo le tjena le ka mohla e ke ke ea qela kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse. Ha Ea reng: ‘Khauta eohle le silevera tsa lithaba ke tsa ka,’ a hlōleha ho fana ka lichelete tse hlokahalang, re tla utloisisa hore ke nako ea ho khaotsa khatiso ena.”
Ha ho mohla makasine ena e ileng ea khaotsa ho hatisoa. Ho ile ha hatisoa limakasine tse 6 000 tsa tokollo ea pele, ka Senyesemane feela. Kajeno, ka karolelano ho hatisoa tse 28 578- 000 tokollo ka ’ngoe, ka lipuo tse 161.a Ka karolelano ho hatisoa limakasine tse 34 267 000 tsa Molula-Qhooa le tsa Tsoha!, ka lipuo tse 81.
Lipaki Tsa Jehova li etsa mesebetsi e mengata e nang le morero o tšoanang le oa Molula-Qhooa—oa ho phahamisa Jehova e le ’Musi Morena oa bokahohle li boetse li etsa mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tsena tse molemo tsa ’Muso oa hae. (Matheu 24:14; Tšenolo 4:11) Kholiseho eo Lipaki li nang le eona kajeno e tšoana le e ileng ea boleloa ke makasine ena ka 1879. Li lumela hore Molimo o tšehelitse mosebetsi oa tsona le hore lichelete li tla ba teng bakeng sa mesebetsi eo a e lumellang. Leha ho le joalo, mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova e tšehetsoa joang ka lichelete? Hona ke mesebetsi ea mofuta ofe eo li e etsang e le hore li bolele litaba tse molemo lefatšeng lohle?
Mosebetsi o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
Ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li bolela molaetsa phatlalatsa, ho tloaelehile hore batho ba li botse, “Na lea lefuoa ha le etsa mosebetsi oo?” Che, ha li lefuoe. Li fana ka nako ea tsona feela. Ka lebaka la ho susumetsoa ke teboho, baboleli bana ba evangeli ba qeta lihora tse ngata ba bua le batho ba bang ka Jehova le ka tšepiso ea Bibele ea bokamoso bo molemo. Ba ananela seo Molimo a ba etselitseng sona le kamoo molaetsa oa litaba tse molemo o ntlafalitseng bophelo ba bona le pono ea bona kateng. Kahoo, ba batla ho bolella batho ba bang ka lintho tsena tse molemo. Ha ba etsa sena, ba latela molao-motheo o ileng oa boleloa ke Jesu o reng: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Ka sebele, takatso ea bona ea ho ba lipaki tsa Jehova le tsa Jesu e ba susumelletsa ho sebelisa chelete ea bona hore ba bolelle batho ba bang seo ba se lumelang, esita le ba lulang hōle le bona.—Esaia 43:10; Liketso 1:8.
Tekanyo eo mosebetsi ona oa ho bolela o etsoang ka eona le lintho tseo o finyelloang ka tsona—litsi tsa khatiso, liofisi, Liholo Tsa Likopano, mahae a baromuoa le tse ling—li hloka chelete e ngata haholo. Chelete ee e tsoa hokae? Lintho tsena kaofela li tšehetsoa ka menehelo e ntšoang ka boithatelo. Lipaki Tsa Jehova ha li tlame litho tsa phutheho hore li fane ka chelete e tšehetsang mesebetsi ea mokhatlo ebile ha li re batho ba lefelle lingoliloeng tse tsamaisoang. Haeba motho a rata ho ntša monehelo o tšehetsang mosebetsi oa tsona oa ho ruta, Lipaki li o amohela ka thabo. A re hlahlobeng se amehang karolong e le ’ngoe feela ea mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle—e leng mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng.
Lingoliloeng li Hatisoa ka Lipuo Tse 437
Ka lilemo tse ngata lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova e bile tse ling tsa tse fetoleloang haholo lefatšeng. Lipampitšana, libukana, limakasine le libuka li fetoletsoe ka lipuo tse 437. Ha e le hantle, ho fetolela lingoliloeng, joaloka mesebetsi e meng e amehang ha ho boleloa litaba tse molemo, ho batla chelete e ngata haholo. Hantle-ntle mosebetsi oa ho fetolela o akarelletsa’ng?
Ha bahlophisi ba lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova ba qetile ho hlophisa taba e itseng ka Senyesemane, ba e romela ka mokhoa oa electronike lihlopheng tsa bafetoleli ba koetlisitsoeng ba lefatšeng lohle. Sehlopha se seng le se seng sa bafetoleli se ikarabella ka e ’ngoe ea lipuo tseo lingoliloeng li fetolelloang ho eona. Ho itšetlehile ka palo ea lintho tseo lihlopha tsena li li fetolelang le hore na puo eo li fetolellang ho eona e rarahane hakae, li ka ba le batho ba ka bang 5 ho isa ho 25.
Taba e fetoletsoeng ea hlahlojoa ebile e lokisoa liphoso. Sepheo ke hore likhopolo tsa taba e ngotsoeng ka Senyesemane li fetisoe ka ho hlaka kahohle kamoo ho ka khonehang. Sena se hlahisa mathata a fapa-fapaneng. Ha ho fetoleloa taba e sebelisang mantsoe a khethehileng, bafetoleli le batho ba hlahlobang liphoso ba ka ’na ba tlameha ho etsa lipatlisiso haholo puong eo taba e ngotsoeng ka eona (e leng Senyesemane kapa e ’ngoe ea lipuo tseo taba e ngoloang ka tsona, tse kang Sefora, Serussia, kapa Sepanishe) le puong eo ba fetolellang ho eona ho tiisa hore phetolelo ea bona e nepahetse. Ka mohlala, ha taba e hlahang ho Tsoha! e tšohla sehlooho se thata kapa se buang ka histori, ho hlokahala hore bafetoleli ba etse lipatlisiso e le hore ba fetolele ka nepo.
Bafetoleli ba bangata ba sebetsa liofising tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova, ka nako eohle kapa ka nako e itseng. Ba bang ba sebeletsa moo ho buuoang puo eo ba fetolellang ho eona. Bafetoleli ha ba lefuoe. Bafetoleli ba nako eohle ba fuoa bolulo le lijo le chelete e nyenyane ea litšenyehelo. Lefatšeng lohle, ho na le Lipaki tse 2 800 tse sebetsang e le bafetoleli. Hona joale, liofisi tsa makala tse 98 li na le lihlopha tsa bafetoleli kapa li okametse lihlopha tsa libaka tse ling. Ka mohlala, lekala la Russia le okametse bafetoleli ba nako eohle kapa ba nako e itseng ba fetang 230 ba lipuo tse fetang 30, tse akarelletsang lipuo tse kang Sechuvashe, Seoseshia le Seuigure.
Ho Ntlafatsa Phetolelo
Joalokaha mang le mang ea kileng a leka ho ithuta puo e ’ngoe a tseba, ho fetolela likhopolo tse thata ka tsela e nepahetseng ha ho bonolo. Sepheo ke ho fetolela ka nepo lintlha le likhopolo tsa taba e fetoleloang empa sena se etsoa ka tsela eo phetolelo e tla baleha ka tsela e tloaelehileng, joalokaha eka e ne e ngotsoe ka puo eo ho fetolelloang ho eona. Ho hlokahala bokhoni hore sena se finyelloe. Bafetoleli ba bacha ba hloka lilemo tse ngata hore ba fumane bokhoni bona, ’me Lipaki Tsa Jehova li ba etsetsa mananeo a tsoelang pele a thuto. Ka linako tse ling barupeli ba etela lihlopha tsa bafetoleli hore ba li thuse ho ntlafatsa tsebo ea tsona ea ho fetolela le ea ho sebelisa mananeo a k’homphieutha.
Lenaneo lena la thuto le atleha haholo. Ka mohlala, lekala la Nicaragua la Lipaki Tsa Jehova le fana ka tlaleho ena: “Ka lekhetlo la pele, morupeli ea tsoang lekaleng la Mexico o rutile bafetoleli ba rōna ba Mamiskito mekhoa le litsela tsa ho fetolela. Sena se ntlafalitse haholo tsela eo bafetoleli ba rōna ba etsang mosebetsi oa bona ka eona. Phetolelo e ntlafetse haholo.”
Mantsoe a Finyellang Pelo
Ho etsoa boiteko ba hore Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li hatisoe ka lipuo tsa batho ba sa tšoaneng, ka sepheo sa ho finyella lipelo tsa bona ’me seo ke sona se hlileng se etsahalang. Ka 2006, Lipaki Tsa Jehova tsa Bulgaria li ile tsa thaba haholo ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sebulgaria. Lekala la Bulgaria le bolela hore le ile la fumana litlaleho tse ngata tsa batho ba lebohang phetolelo ena. Litho tsa phutheho li bolela hore “joale Bibele e hlile e ama lipelo tsa tsona, eseng likelello tsa tsona feela.” Monna-moholo e mong oa Sofia o ile a re: “Ke balile Bibele ka lilemo-lemo, empa ha ho mohla nkileng ka bala phetolelo eo ho leng bonolo ho e utloisisa le e fihlang pelong ho feta ena.” Ka tsela e tšoanang, Albania koana, ka mor’a hore Paki e ’ngoe ea moo e fumane Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sealbania, e ile ea re: “Lentsoe la Molimo le monate hakaakang ka Sealbania! Ke tlotla e kaakang hore Jehova a bue le rōna ka puo ea habo rōna!”
Ho fetolela Bibele kaofela ho ka nka sehlopha se fetolelang lilemo tse ngata. Empa ha mosebetsi oa sona o hlile o fella ka hore batho ba limilione ba utloisise Lentsoe la Molimo ka lekhetlo la pele, na boiteko bohle bo etsoang hase ba bohlokoa?
“Re Basebetsi-’Moho le Molimo”
Ho hlakile hore, ho fetolela lingoliloeng ke o mong feela oa mesebetsi e hlokahalang e le hore ho boleloe litaba tse molemo ka katleho. Ho ngoloa, ho hatisoa le ho posoa ha lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le mesebetsi e meng e amehang ea makala, lipotoloho le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova, ho hloka boiteko bo boholo le chelete. Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba “itlhahisa ka ho rata” e le hore ba tl’o etsa mosebetsi ona. (Pesaleme ea 110:3) Ba ho nka e le tokelo hore ebe ba khona ho kenya letsoho mosebetsing ona ebile ba ho nka e le tlotla hore ebe ka lebaka lena, Jehova o ba talima e le “basebetsi-’moho” le eena.—1 Bakorinthe 3:5-9.
Ke ’nete hore ea bolelang hore “silevera ke ea ka, le khauta ke ea ka” ha aa emela ho thusoa ka chelete e le hore mosebetsi oa hae o tsoele pele. Leha ho le joalo, Jehova o hlomphile bahlanka ba hae ka monyetla o ikhethang oa hore ba be le seabo ho halaletseng lebitso la hae ka hore ba ntše menehelo e le hore ho boleloe linnete tse pholosang bophelo ‘lichabeng tsohle.’ (Matheu 24:14; 28:19, 20) Na ha u susumeletsehe ho etsa sohle seo u ka se khonang ho tšehetsa mosebetsi oo o ke keng oa hlola o phetoa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lethathamo la lipuo, bona leqephe la 2 la makasine ena.
[Lebokose le leqepheng la 18]
“LI ETSA HORE RE TEBISE MONAHANO”
Ngoanana e mong ea lilemo li 14 o ile a ngolla lekala la Lipaki Tsa Jehova la Cameroon a re: “Ha ke qeta ho reka lintho tseo ke li hlokang sekolong selemong sena, ke ile ka rekisa libuka tse peli tsa selemong se fetileng ka R37. Ke ntša monehelo oa chelete ena ’me ke o eketsa ka R13,50 e tsoang cheleteng eo ke neng ke e bolokile. Ke rata ho le khothalletsa ho tsoela pele ka mosebetsi o motle oo le o etsang. Ke le leboha ka makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Limakasine tsena li etsa hore re tebise monahano.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
MONEHELO O IKHETHANG
Lekala la Mexico la Lipaki Tsa Jehova le ile la amohela lengolo le latelang le tsoang ho Manuel ea nang le kananelo, ea lilemo li tšeletseng, oa Seterekeng sa Chiapas. Kaha ha a e-s’o tsebe ho ngola, motsoalle oa hae o ile a mo ngolla. Manuel o re: “Nkhono o ile a mpha kolobe e tšehali. Ha e etsa malinyane, ke ile ka khetha le letle ho a feta eaba ke le hōlisa ke ntse ke thusoa ke barab’eso ka phuthehong. Ka lerato le leholo, ke romela monehelo oa chelete eo ke rekisitseng kolobe eo ka eona. Boima ba eona e ne e le lik’hilograma tse 100, ’me ke ile ka e rekisa R830. Ke kōpa hore chelete ena le e sebelisetse Jehova.”
[Lebokose leqepheng la 19]
‘LE E SEBELISETSE HO FETOLELA BIBELE’
Kopanong ea setereke ea 2005 ea Lipaki Tsa Jehova Ukraine, ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seukraine. Letsatsing le latelang, ho ile ha fumanoa molaetsa ona lebokoseng la menehelo la kopano: “Ke na le lilemo tse robong. Ke le leboha haholo ka Mangolo a Segerike. ’Mè oa rōna o ile a re fa chelete ena, ’na le khaitseli ea ka e monyenyane, hore re palame bese ha re e-ea sekolong. Empa ha pula e ne e sa ne, re ne re tsamaea ka maoto eaba re boloka R73 ena. ’Na le khaitseli ea ka re rata hore le e sebelisetse ho fetolela Bibele eohle ka Seukraine.”
[Lebokose leqepheng la 20]
LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA
MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE
Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Menehelo Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše Lohle—Matheu 24:14.”
Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Attention: Accounting Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. Licheke tse romeloang atereseng e ka holimo li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower.” Haeba u batla ho fana ka monehelo oa mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa re kōpa u ikopanye le Ofisi ea Lekala. Ka mor’a moo, ho ka ngoloa lengolo le lekhutšoanyane le tsamaeang le thepa eo le bolelang hore lintho tseo ke mpho.
HO FANA HO RERILOENG
Ho phaella limphong tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Eona e akarelletsa:
Inshorense: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.
Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le mpho.
Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho se ka rekisoang, ebang ke ka ho fana ka sona, kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.
Mangolo a Kabo ea Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa.
Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng mona ka tlaase, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.
Accounting Office
Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa
Private Bag X2067
Krugersdorp, 1740
South Africa
Thelefono: 011 761 1000
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Bafetoleli ba Mamiskito, lekaleng la Nicaragua