Lefatšeng ka Bophara Batho ba ba Bonngoeng—Joang?
U KA hlalosa “bonngoe” joang? Ho batho ba bang, lentsoe lena le bolela feela ho ba sieo ha likhohlano kapa liqabang. Ho tea mohlala, haeba linaha tse peli kapa ho feta li tekena tumellano li bile li lumellana ka mehato ea ho boloka khotso, ho ka ’na ha thoe li bonngoeng. Empa na ho hlile ho joalo? Hase kamehla ho leng joalo.
Nahana: Historing eohle, lilekane tse likete tsa khotso li ’nile tsa thehoa tsa ba tsa rojoa. Hobane’ng? Hangata ke hobane ntho e ka sehloohong ho baeta-pele ba lefatše ke matla a bona ho e-na le khotso kapa bonngoe. Taba e ’ngoe ke hore, linaha tse ling li tšoha hore na ho ka etsahala’ng haeba tse ling li ka ba le sesole se tsoetseng pele ho feta sa tsona.
Kahoo, taba ea hore linaha tse peli ha li loantšane ha e bolele hore lia utloana. Na ka sebele ho ka thoe banna ba babeli ba korolaneng ka libistolo ba phela ka khotso hobane feela ho e-s’o be le ea thunyang? Ho nahana joalo e ne e tla ba ho sa utloahaleng! Leha ho le joalo, ana ke maemo ao linaha tse ngata li iphumanang li le ho ’ona. Ho se tšepane ho ntseng ho e-ja setsi ho entse hore batho ba lule ba tšohile hore ka letsatsi le leng ho tla hlaselanoa ka libetsa. Ke sefe se entsoeng ho thibela koluoa ea mofuta oo?
Ho Tšaba Libetsa Tsa Nyutlelie—Ho Sitisa Bonngoe
Batho ba bangata ba tšepile Selekane sa ho Thibela ho Ata ha Libetsa Tsa Nyutlelie (NPT [Nuclear Non-Proliferation Treaty]). Selekane sena se amohetsoeng ka 1968, se thibela linaha tse se nang libetsa tsa nyutlelie ho li etsa se boetse se thibela tse nang le tsona ho etsa tse ling. Sepheo sa NPT e seng e amohetsoe ke linaha tse fetang 180, ke hore qetellong libetsa tsena li fele.
Leha e le mona sepheo sena se bonahala se le setle hakana, ba tšoaeang selekane sena phoso ba re NPT e mpa e le mokhoa feela oa ho thibela linaha tse se nang libetsa tseo ho li etsa. Ka lebaka leo, ba bang ba na le letsoalo la hore linaha tse ling tse seng li tekenetse selekane sena li ka ’na tsa fetola maikutlo. Ka sebele, linaha tse ling li na le maikutlo a hore ke ho hloka toka ho hoholo hore ebe tsona li thibeloa ho ba le libetsa tseo li nahanang hore li ka li thusa ho itšireletsa.
Ntho e thatafatsang litaba le ho feta—mohlomong e bileng e behang batho kotsing—ke hore ha ho na naha e thibeloang ho fehla motlakase ka matla a nyutlelie. Sena se entse hore ba bang ba be le letsoalo la hore linaha tseo ho thoeng li sebelisa matla a nyutlelie linthong tse sa lukeng khotso e ka ’na eaba li ntse li etsa libetsa tsa nyutlelie ka sekhukhu.
Esita le linaha tse seng li ntse li e-na le libetsa tsa nyutlelie li ka ’na tsa se natse selekane sa NPT. Bahlahlobisisi ba re e ne e tla be e le bothoto ho lebella hore linaha tse nang le libetsa tsa nyutlelie ka bongata li felise libetsa tseo kapa li li fokotse. Ho latela mohloli o mong oa boitsebiso, “ho fihlela sena . . . ho hlokahala hore linaha tseo li be le setsoalle se matla haholo li be li tšepane [ka tsela eo ho seng motho ea ka e lumelang].”
Boiteko ba batho ba ho tlisa bonngoe—ho sa tsotellehe hore na bo ne bo etsoa ka sepheo se setle hakae—bo hlōlehile. Sena ha se makatse liithuti tsa Bibele, kaha Lentsoe la Molimo le re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Bibele e boetse e bolela ka ho hlaka e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liproverbia 16:25) Boiteko ba mebuso ea batho ba ho etsa hore ho be le bonngoe boa fokola. Leha ho le joalo, tšepo e sa le teng.
Mohloli oa Bonngoe ba ’Nete
Ka Bibeleng Molimo o tšepisa hore lefatše le tla ba bonngoeng, empa bo tla be bo sa tlisoa ke motho. ’Mōpi, eo morero oa hae e neng e le hore batho ba phele ka khotso lefatšeng ka bophara, o tla finyella seo motho a ke keng a se finyella. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore seo ha se ntho e ka etsahalang. Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela morero oa Molimo e ne e le hore batho ba phele ka khotso le kutloano.a Mangolo a mangata a Bibele a bontša hore e sa ntse e le morero oa Molimo ho etsa hore moloko oa batho o be bonngoeng. Nahana ka mehlala e seng mekae:
• “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”—PESALEME EA 46:8, 9.
• “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—ESAIA 11:9.
• “O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle. O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle, etsoe Jehova o boletse hoo.”—ESAIA 25:8.
• “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.”—2 PETROSE 3:13.
• “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—TŠENOLO 21:4.
Litšepiso tsena li tla phethahala. Hobane’ng? Hobane ’Mōpi, Jehova Molimo, o na le matla le bokhoni ba ho etsa hore batho ba be bonngoeng. (Luka 18:27) O boetse o rata ho etsa seo. Ha e le hantle, Bibele e re Molimo o “khahloa [ke] . . . ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.”—Baefese 1:8-10.
Tšepiso ea Molimo ea “lefatše le lecha” leo ho lona “ho loka ho tla aha” hase ntho feela eo batho ba e lakatsang. (2 Petrose 3:13) Mabapi le seo a ileng a se tšepisa, Jehova Molimo o re: “Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.
Ba Kopanngoa ke Lentsoe la Molimo
Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, hangata bolumeli bo ’nile ba arola batho ho e-na le ho ba kopanya. Ena ke taba eo re lokelang ho nahana ka eona ka ho teba, hobane haeba re lumela hore ho na le ’Mōpi, na hase ntho e utloahalang ho lebella hore barapeli ba hae ba ne ba tla phelisana ka khotso ’me ba be bonngoeng? Ka sebele ho joalo!
Likarohano tseo bolumeli bo arotseng batho ka tsona ha lia bakoa ke Jehova Molimo le Lentsoe la hae. Ho e-na le hoo, ke molato oa malumeli a buellang maano a batho a ho kopanya batho empa a sa buelle morero oa Molimo. Jesu o ile a re baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ke “baikaketsi” eaba o re ho bona: “Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna, ha a re, ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa leha ho le joalo lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na. Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’”—Matheu 15:7-9.
Bolumeli ba ’nete bona bo fapane, bo kopanya batho. Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; lichaba tsohle li tla phallela ho eona. Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba ’me a lokise litaba lichabeng tse ngata. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:2, 4.
Kajeno linaheng tse fetang 230, Lipaki Tsa Jehova li amohela litaelo tseo li li fuoang ke Jehova Molimo mabapi le litsela tsa ho finyella bonngoe. Bonngoe ba tsona bo thehiloe hokae? Moapostola Pauluse o ngotse: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng bakeng sa “tlamo” le ka bolela mesifa ea ’mele oa motho. Mesifa eo e ka ba thata joaloka ropo, ’me e phetha mesebetsi e ’meli ea bohlokoa. E tlamella masapo le litho tsa ’mele libakeng tsa tsona.
Lerato le etsa se tšoanang, ha le thibele batho feela hore ba se ke ba bolaeana. Lerato le kang la Kreste le etsa hore batho ba sa hōlisoang ka tsela e tšoanang ba sebetse ’moho ka khotso. Ho tea mohlala, le etsa hore batho ba phele ka o mong oa melao-motheo ea Jesu o tsebahalang haholo. Joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 7:12, Jesu Kreste o ile a re: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” Ho latela molao-motheo ona ho thusitse batho ba bangata ho hlōla leeme.
“Lerato Har’a Lōna”
Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ho bontša hore ke barutuoa ba Kreste ka hore li mamele seo Jesu a se boletseng ha a ne a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato le joalo le ’nile la bontšoa ka tsela e makatsang nakong eo ho nang le liqhoebeshano tsa merabe le merusu ea lipolotiki. Ho tea mohlala, ha merabe e ne e felisana Rwanda ka 1994, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bontšana lerato. Lipaki tsa morabe oa Mahutu li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing e le hore li sireletse bara babo tsona ba Matutsi!
Ke ’nete hore e ka ba ho lebella mohlolo hore linaha tsa lefatše li ka ba le lerato la boahelani le ka qetellang le entse hore lefatše le be bonngoeng. Ho ea ka Bibele, Molimo ke eena ea tla finyella seo ka nako ea hae. Leha ho le joalo, esita le hona joale, batho ka bomong ba ka ikapesa lerato ’me ba ba bonngoeng.
Selemong se fetileng, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse fetang limilione tse sekete li ntse li buisana le batho ka Bibele le ka molemo oa eona bophelong ba mehleng ena. Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e kopantse batho ba limilione, bao ba bang ba bona ba neng ba hloeane pele. Batho bana ba akha Maarabo, Bajuda, Maarmenia, Maturkey, Majeremane le Marussia ha re bolela ba seng ba kae feela.
Na u ka rata ho fumana thuto e batsi ea kamoo Lentsoe la Molimo, Bibele le kopanyang batho kateng? Haeba ho joalo, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo bong hape mabapi le morero oa Molimo ka batho, sheba khaolo ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 4]
Lilekane tse likete tsa khotso li ’nile tsa thehoa tsa ba tsa rojoa
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 7]
Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho entse seo mebuso ea batho e ke keng ea se etsa
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lentsoe la Molimo le bontša hore na Mohloli oa bonngoe ba ’nete ke ofe
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lipaki Tsa Jehova tsa Mahutu le Matutsi li haha sebaka sa borapeli li le hammoho