Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 3/15 maq. 21-25
  • “Ke Mang ea Bohlale le ea Utloisisang Har’a Lōna?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Mang ea Bohlale le ea Utloisisang Har’a Lōna?”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso li Khetholla ba Bohlale e le Kannete
  • Litšobotsi Tsa Batho ba Seng Bohlale
  • Litšobotsi Tseo ba Bohlale ba Batlang ho li Bontša
  • Aparang Bonolo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Hobane’ng ha re Apara Bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
  • Bonolo​—⁠Re rua molemo joang ha re le bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 3/15 maq. 21-25

“Ke Mang ea Bohlale le ea Utloisisang Har’a Lōna?”

“Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lōna? A ke a bontše mesebetsi ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale.”—JAK. 3:13.

1, 2. Ho ka thoe’ng ka batho ba bangata ba nkoang ba le bohlale?

KE MOTHO ofe eo u nkang hore o bohlale e le kannete? Na ebe ke batsoali ba hao, monna-moholo ea itseng, kapa moprofesa oa univesithi? Pono ea hao mabapi le hore na motho ea bohlale ke ea joang e ka ’na ea susumetsoa ke tsela eo u hōlisitsoeng ka eona kapa maemo a hao. Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba thahasella haholo pono ea hae mabapi le hore na ke eng e etsang hore motho e be ea bohlale e le kannete.

2 Hase batho bohle bao lefatše le ba nkang ba le bohlale ba hlileng ba leng bohlale mahlong a Molimo. Ka mohlala, Jobo o ile a bua le banna ba neng ba nahana hore ba bua mantsoe a bohlale, empa o ile a phetha ka ho re: “Ha ke fumane mang kapa mang ea bohlale har’a lōna.” (Jobo 17:10) Mabapi le ba bang ba ileng ba hana tsebo e tsoang ho Molimo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le hoja ba ne ba tiisa hore ba bohlale, e bile maoatla.” (Bar. 1:22) A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova ka boeena o ile a bua ka matla a re: “Ho malimabe ba iponang bohlale.”—Esa. 5:21.

3, 4. Ho hlokahala eng hore motho a be bohlale e le kannete?

3 Ho hlakile hore re lokela ho fumana hantle hore na ke eng e etsang hore motho e be ea bohlale e le kannete ’me kahoo a amohelehe ho Molimo. Liproverbia 9:10 e re fa leseli le latelang: “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale, ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.” Ba bohlale ba lokela ho tšaba Molimo ka tsela e nepahetseng ba be ba hlomphe le melao ea hae. Leha ho le joalo, ho hlokahala ho hongata ho feta feela ho lumela hore Molimo o teng le hore o na le melao. Morutuoa Jakobo o re thusa ho nahana ka sena. (Bala Jakobo 3:13.) Hlokomela polelo e reng: “A ke a bontše mesebetsi ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle.” Bohlale ba ’nete bo lokela ho bonahala boitšoarong ba hao le lipuong tsa hao letsatsi le leng le le leng.

4 Bohlale ba ’nete bo akarelletsa ho bontša kahlolo e molemo le ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka tsela e atlehang. Ke liketso life tse tla bontša hore re na le bohlale bo joalo? Jakobo o thathamisa lintho tse ’maloa tse tla bonahala liketsong tsa ba bohlale.a O itse ke eng e ka re thusang hore re sebelisane hantle le balumeli-’moho le rōna, hammoho le batho ba ka ntle ho phutheho?

Liketso li Khetholla ba Bohlale e le Kannete

5. Motho ea bohlale e le kannete o tla itšoara joang?

5 Joalokaha ho se ho boletsoe, Jakobo o ile a amahanya bohlale le boitšoaro bo botle. Kaha ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale, motho ea bohlale o loanela ho itšoara ka tsela e lumellanang le litsela tsa Molimo le melao ea hae. Ha re tsoaloe re e-na le bohlale ba bomolimo. Leha ho le joalo, re ka bo fumana ka ho ithuta Bibele kamehla le ka ho thuisa. Lintho tsena li tla etsa hore re etse seo Baefese 5:1 e re khothalletsang sona: “Le be baetsisi ba Molimo.” Ha re ikitlaelletsa ho etsisa Jehova, re tla bontša bohlale haholo liketsong tsa rōna. Litsela tsa Jehova li phahametse litsela tsa batho kahohle-hohle. (Esa. 55:8, 9) Kahoo, ha re ntse re etsisa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona, batho ba ka ntle ba tla bona hore re fapane le batho ba bang.

6. Ke hobane’ng ha bonolo e le pontšo ea ho tšaba Molimo, hona tšobotsi ee e akarelletsa eng?

6 Jakobo o bontša hore tsela e ’ngoe eo re ka tšoanang le Jehova ka eona ke ka ho ba le “bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” Le hoja ho ba bonolo ho akarelletsa ho ba mosa, ka nako e tšoanang, Mokreste a ka emela melao-motheo ea Bibele ka tieo, e leng se tla mo thusa ho etsa lintho ka teka-tekano. Le hoja matla a hae a se na moeli, Molimo o bonolo, ’me ha re tšabe ho mo atamela. Mor’a Molimo o ile a bonahatsa bonolo ba Ntate oa hae hantle haholo hoo a neng a ka re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.”—Mat. 11:28, 29; Bafil. 2:5-8.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka Moshe e le mohlala o motle oa motho ea bonolo?

7 Bibele e bua ka batho ba bang ba neng ba ipabola tabeng ea ho ba bonolo. Moshe e ne e le e mong oa bona. O ne a e-na le boikarabelo bo boholo, empa o hlalosoa e le motho ea neng “a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 11:29; 12:3) Hopola matla ao Jehova a ileng a a fa Moshe e le hore a phethe thato ea Hae. Jehova o ne a thabela ho sebelisa batho ba bonolo ho phetha morero oa hae.

8. Batho ba sa phethahalang ba ka bontša “bonolo bo tsamaisanang le bohlale” joang?

8 Ho hlakile hore ho ka khoneha hore batho ba sa phethahalang ba bontše “bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” Ho thoe’ng ka rōna? Re ka ntlafatsa joang tabeng ea ho bontša tšobotsi ee? Bonolo ke karolo ea tholoana ea moea o halalelang oa Jehova. (Bagal. 5:22, 23) Re ka rapella moea oa hae ’me ra ikitlaelletsa ho bonahatsa tholoana ea oona, re e-na le tšepo ea hore Molimo o tla re thusa ho ntlafatsa tabeng ea ho bontša bonolo. Re fumana tšusumetso e matla ea ho etsa sena mantsoeng ana a mopesaleme a bontšang kholiseho: “[Molimo] o tla ruta ba bonolo tsela ea hae.”—Pes. 25:9.

9, 10. Ho hlokahala hore re etse boiteko bofe e le hore re bontše bonolo ba bomolimo, hona hobane’ng?

9 Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala boikitlaetso bo matla hore re ntlafatse tabeng ena. Ka lebaka la tsela eo re hōlisitsoeng ka eona, ho ka ’na ha e-ba thata hore ba bang ba rōna ba be bonolo. Ho feta moo, batho bao re phelang har’a bona ba ka ’na ba re khothalletsa hore re se ke ra ba bonolo, ba bolela hore “moleko o ntšoa ka o mong.” Empa na ho etsa joalo ho hlile ho bontša bohlale? Haeba ntlo ea hao e ne e cha, na u ne u ka leka ho e tima ka oli kapa ka metsi a batang? Ho tšela oli mollong ho ne ho tla o hakatsa, athe ho o tima ka metsi a batang ho ne ho ka ’na ha o tima. Ka tsela e tšoanang, Bibele ea re eletsa: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liprov. 15:1, 18) Nakong e tlang ha ho e-ba le likhohlano, ebang ke ka phuthehong kapa ka ntle, re ka bontša hore re na le bohlale ba sebele haeba re itšoara ka tsela e bonolo.—2 Tim. 2:24.

10 Joalokaha ho boletsoe ka holimo, batho ba bangata ba susumelitsoeng ke moea oa lefatše ha ba bonolo, ha ba na khotso ebile ha ba khone ho itšoara. Ho fapana le moo, batho ba bangata ba bohale ebile baa ikakasa. Jakobo o ne a hlokometse sena, ’me o ile a fana ka litemoso e le hore batho ba ka phuthehong ba se ke ba silafatsoa ke moea o joalo. Ke eng hape eo re ka ithutang eona keletsong eo a faneng ka eona?

Litšobotsi Tsa Batho ba Seng Bohlale

11. Ke litšobotsi life tse sa lumellaneng le bohlale ba bomolimo?

11 Jakobo o ile a ngola a sa hlathe koana le koana ka litšobotsi tse sa lumellaneng le bohlale ba bomolimo. (Bala Jakobo 3:14.) Mōna le ho rata likhang ke litšobotsi tsa nama, eseng tsa moea. Hlokomela hore na ho etsahala’ng ha motho a nahana ka tsela ea nama. Lihlopha tse tšeletseng tsa “Bakreste” li laola likarolo tsa Kereke ea Lebitla le Halalelang Jerusalema, eo ho nahanoang hore e hahiloe moo Jesu a bolaetsoeng a ba a bolokoa teng. Kamano ea tsona e bile ea lintoa tse sa feleng. Ka 2006, makasine ea Time e ile ea bua ka ketsahalo e ’ngoe eo ho eona baitlami ba banna ba moo “ba ileng ba tjolietsana ka nako e telele, . . . ba otlana ka likandelare tse khōlō.” Ha ba tšepane hoo ba kōpileng Momosleme hore a tšoare senotlolo se bulang monyako oa kereke.

12. Ho ka ’na ha etsahala eng ha bohlale bo le sieo?

12 Ka sebele ho rata likhang ho joalo ho feteletseng ha hoa lokela ho ba teng ka phuthehong ea ’nete ea Bokreste. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho se phethahale ho ile ha etsa hore ba bang ba tsitlelle maikutlong a bona. Seo se ka baka likhang le liqabang. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena phuthehong ea Korinthe, kahoo o ile a ngola: “Etsoe ha poulelo le ho qabana li le teng har’a lōna, na ha le ba nama ’me na ha le tsamaee joalokaha batho ba tsamaea?” (1 Bakor. 3:3) Boemo boo bo soabisang bo ile ba e-ba teng ka nakoana phuthehong ena lekholong la pele la lilemo. Ka hona, re lokela ho itebela hore moea o joalo o se ke oa kena ka phuthehong kajeno.

13, 14. Fana ka mehlala ea kamoo moea oa lefatše o ka bonahalang kateng.

13 Moea o joalo o ka kena joang? O ka qala ka litsela tse nyenyane. Ka mohlala, ha ho ntse ho hahoa Holo ea ’Muso, ho ka ’na ha e-ba le maikutlo a fapaneng mabapi le hore na lintho li lokela ho etsoa joang. Mor’abo rōna e mong a ka ’na a tsosa khang haeba tlhahiso ea hae e sa amoheloe, mohlomong a ipuela feela ha a nyatsa liqeto tse entsoeng. A ka ba a hana le ho etsa ntho leha e le efe e ’ngoe kahong eo ea Holo ea ’Muso! Motho ea etsang joalo o tla be a lebala hore ho etsa mosebetsi o amang phutheho hangata ho itšetlehile haholo ka hore phutheho e be le moea oa khotso eseng ka hore na ho sebelisitsoe mokhoa ofe. Jehova o tla hlohonolofatsa moea o bonolo, eseng ho rata likhang.—1 Tim. 6:4, 5.

14 Mohlala o mong e ka ’na ea e-ba oa ha baholo ka phuthehong ba hlokomela hore moholo e mong, le hoja ebile moholo ka nako e telele, hona joale ho se ho bonahala hantle hore ho ea ka Mangolo ha a sa tšoaneleha. Ha molebeli oa potoloho ea etileng a hlokomela hore mora eo oabo rōna o se a kile a fuoa keletso e tobileng empa o hlōlehile ho ntlafatsa, o lumellana le baholo ha ba buella hore a tlosoe boholong. Mor’abo rōna o tla talima seo joang? Na ka boikokobetso le ka moea o bonolo o tla amohela qeto le keletso ea Mangolo eo baholo ba e entseng ba le ntsoe-leng ebe o ikemisetsa ho finyella litšoaneleho tsa Mangolo e le hore e ka ba moholo hape? Kapa na o tla halefa le ho ba mōna ha a se a sa sebeletse e le moholo? Ke hobane’ng ha mor’abo rōna a ne a ka iketsa eka o tšoaneleha ho ba moholo empa bonneteng a ne a se a sa tšoanelehe? Ho ne ho ka ba bohlale hakaakang ho bontša boikokobetso le kutloisiso!

15. Ke hobane’ng ha u nahana hore keletso e bululetsoeng e ho Jakobo 3:15, 16 ke ea bohlokoa haholo?

15 Ke ’nete hore boikutlo bo tšoanang bo ka hlaha ka litsela tse ling. Empa ho sa tsotellehe hore na ho hlaha boemo bofe, re lokela ho loanela ho qoba ho ba le litšobotsi tse joalo. (Bala Jakobo 3:15, 16.) Morutuoa Jakobo o ile a re maikutlo a joalo ke a “lefatše” hobane ke a nama, ha a na bomoea. Ke a “bophoofolo” ka kutloisiso ea hore a hlaha litakatsong tsa nama, tse tšoanang le tsa libōpuoa tse sa nahaneng. Maikutlo a joalo ke a “bodemona,” hobane a bonahatsa botho ba lira tsa Molimo tsa moea. E ka ba ho sa lokelang hakaakang hore Mokreste a bonahatse litšobotsi tse joalo!

16. Ke liphetoho life tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re li etse, hona re ka atleha joang ho li etsa?

16 Setho se seng le se seng sa phutheho se lokela ho itlhahloba ’me se loanele ho lahla mekhoa e joalo. Kaha balebeli ke mesuoe ka phuthehong, ba lokela ho lemoha bohlokoa ba hore ba lahle maikutlo a seng matle. Ka lebaka la ho se phethahale ha rōna le ka lebaka la tšusumetso ea lefatše lena, ha ho bonolo ho lahla mekhoa e joalo. Ho etsa joalo ho ka tšoantšoa le ho leka ho hloa moepa o seretse, o thellang. Haeba ho se na ntho eo re ka itšoarellang ka eona, re ka thellela morao. Leha ho le joalo, ka ho khomarela ka hloko keletso e fumanoang ka Bibeleng, hammoho le thuso e fanoang ke phutheho ea Molimo ea lefatše ka bophara, re ka hatela pele.—Pes. 73:23, 24.

Litšobotsi Tseo ba Bohlale ba Batlang ho li Bontša

17. Hangata batho ba bohlale ba etsa’ng ha ba tobane le bobe?

17 Bala Jakobo 3:17. Re ka rua molemo ka ho hlahloba tse ling tsa litšobotsi tse tlisoang ke ho bontša “bohlale bo tsoang holimo.” Ho hloeka ho akarelletsa ho hloka sekoli le hore liketso tsa rōna le merero ea rōna e se ke ea e-ba tse silafetseng. Re lokela ho furalla lintho tse mpe kapele-pele. Ho lokela ho itlela feela hore re etse joalo. Mohlomong ngaka e kile ea sebelisa hamore e nyenyane ea rabara ho otla mosifa o ka tlas’a theleli ea lengole la hao. Ho ile ha itlela feela hore leoto la hao le thakhinye. Ke ntho e itlelang feela; ha ho hlokahale le hore u nahane ka eona. Ho lokela ho ba joalo ha re lekoa hore re etse bobe. Ho lokela ho iketsahalla feela hore bohloeki ba rōna le matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele li re susumelletse hore re furalle bobe. (Bar. 12:9) Bibele e fana ka mehlala ea batho ba ileng ba itšoara ka tsela ena ba kang Josefa le Jesu.—Gen. 39:7-9; Mat. 4:8-10.

18. Ho bolela’ng (a) ho ba le khotso? (b) ho ba motho ea bōpang khotso?

18 Bohlale ba bomolimo bo boetse bo hloka hore re be le khotso. Sena se akarelletsa ho qoba mabifi, maikutlo a ntoa, kapa liketso tse ka senyang khotso. Jakobo o qaqisa ntlha ena ha a re: “Litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” (Jak. 3:18) Hlokomela polelo e reng “ba etsang khotso.” Na phuthehong re tsejoa re le batho ba bōpang khotso kapa ba senyang khotso? Na re ba le liphapang le batho ba bang khafetsa, re khopeha le feela kapa re khopisa ba bang? Na re tsitlella hore ba bang ba mamelle tsela eo re leng ka eona, kapa na ka boikokobetso re loanela ho lahla mekhoa e khopisang ba bang? Na re tsejoa re le batho bao kamehla ba etsang boiteko ba ho bōpa khotso le ba bang, ba tšoarelang kapele le ba lebalang liphoso tseo ba bang ba re etsetsang tsona? Ho itlhahloba ka botšepehi ho ka re thusa hore re bone haeba re lokela ho ntlafatsa mabapi le ho bontša bohlale ba bomolimo ntlheng ena.

19. Ho tla joang hore motho a tsebahale e le ea nang le kahlolo e molemo?

19 Jakobo o akarelelitse taba ea ho ba le kahlolo e molemo ha a hlalosa lintho tse bonahatsang bohlale bo tsoang holimo. Na re tsejoa re le batho ba tenyetsehang ha ho se na molao-motheo oa Mangolo o amehang, ba sa potlakeleng ho tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea bona? Na re tsebahala re le batho ba mosa bao ho leng bonolo ho bua le bona? Tsena ke lintho tse bontšang hore re ithutile ho ba batho ba nang le kahlolo e molemo.

20. Haeba re bonahatsa litšobotsi tsa bomolimo tse sa tsoa tšohloa seo se tla fella ka eng?

20 Ka sebele e ka ba thabo feela ka phuthehong ha bara le baralib’abo rōna ba loanela ho bonahatsa litšobotsi tsa bomolimo tseo Jakobo a ngotseng ka tsona! (Pes. 133:1-3) Ka sebele ha re le bonolo, re e-na le khotso le kahlolo e molemo ha re sebelisana le ba bang, seo se tla ntlafatsa likamano tsa rōna le bona ’me se bontše hore re na le “bohlale bo tsoang holimo.” Sehloohong se latelang re tla bona kamoo ho ithuta ho talima batho ba bang kamoo Jehova a ba talimang kateng ho ka re thusang tabeng ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litemana tse potolohileng taba li bontša hore qalong Jakobo o ne a nahanne ka banna ba hōlileng, kapa “mesuoe,” ea phutheho. (Jak. 3:1) Ka sebele banna bana e lokela ho ba mehlala tabeng ea ho bontša bohlale ba bomolimo, empa kaofela ha rōna re ka ithuta ho hong keletsong ea hae.

Na U ka Hlalosa?

• Ke eng e etsang hore Mokreste e be ea bohlale e le kannete?

• Re ka ntlafatsa joang tabeng ea ho bontša bohlale ba bomolimo?

• Ke litšobotsi life tse bonahalang ho batho ba sa bontšeng “bohlale bo tsoang holimo”?

• Ke litšobotsi life tseo u ikemiselitseng ho sebeletsa ho ba le tsona haholo?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Liqabang li ka kena ka lenyele joang kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na ho furalla bobe ke ntho e itlelang feela ho uena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela