Taetsano ea Bohlokoahali
HO NA le taetsano ea bohlokoahali eo ke e entseng. A nke ke hlalose hore na ke eng e entseng hore ’na mosali e mocha oa Lesepanishe, ke etse taetsano eo.
Lelapeng la batsoali ba ka ho ne ho se na khotso le kutloano. Lelapa leso le ile la sareloa haholo ha khaitseli ea ka e nyenyane e hlokahala kotsing e sehlōhō ha e le lilemo li ’nè. Ho feta moo, mekhoa ea Ntate e mebe e ne e thatafalletsa ’Mè ho thaba lenyalong. Leha ho le joalo, bothata boo, ha boa ka ba thibela ’Mè hore a rute ’na le abuti oa ka boitšoaro bo botle.
Hamorao, abuti o ile a nyala, ’me le ’na ke ile ka nyaloa. Nakoana ka mor’a moo, lingaka li ile tsa fumana hore ’Mè o na le kankere, ’me qetellong e ile ea mo bolaea. Empa pele a e-shoa, o ile a re fa letlotlo.
Motsoalle e mong oa hae o ne a ile a buisana le eena ka tšepo ea Mangolo ea tsoho, eaba ’Mè o lumela ho rutoa Bibele. Karolong e qetellang ea bophelo ba hae, molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo o ile oa etsa hore a be le seo a se phelelang oa ba oa mo thusa hore a thabe.
Ha re bona phello e ntle ea molaetsa oa Bibele ho eena, ’na le abuti re ile ra qala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova khoeli pele ke beleha ngoana oa ka oa bobeli, ngoanana e motle eo re ileng ra mo reha lebitso la Lucía.
Letsatsi leo ke kolobelitsoeng ka lona e ne e le la bohlokoa haholo ho ’na. Lebaka le leng ke hore joale ke ne le oa Jehova, kaha ke ne ke nehetse bophelo ba ka ho eena hore ke mo sebeletse ka ho sa feleng. Lebaka le leng e ne e le hore ke ne ke tla khona ho bua ka tumelo ea ka le mora oa ka eo ke mo ratang le morali oa ka eo ke mo ratang.
Leha ho le joalo, kapele ho na le ntho e ileng ea kena-kenana le lebaka leo la bobeli la ho thaba. Ha Lucía a le lilemo li ’nè, o ile a qala ho ba le mahlaba a bohloko haholo ka mpeng. Ka mor’a hore lingaka li etse liteko tse ’maloa, ngaka e sebetsang ka li-X-ray e ile ea hlalosa hore sebeteng sa hae ho na le hlala e lekanang le lamunu. Ngaka eo e ile ea hlalosa hore Lucía o ne a e-na le neuroblastoma, e leng hlala e hōlang kapele e bakoang ke kankere. Kahoo, Lucía o ile a qala ho loana le kankere ka lilemo tse supileng, ’me sena se ne se akarelletsa ho lula sepetlele nako e telele.
Moea oa Boitelo
Lilemong tsena tse thata, hangata Lucía o ne a ntsosa molota ka ho nkopa ka mofuthu ka matsoho le ka ho ’meta ka khothatso. Tsela eo a neng a mamella boloetse ka eona e ne e boetse e khahla basebetsi ba sepetlele. Kamehla o ne a chesehela ho sebelisana le baoki, a ba thusa ho isa lintho tse kang yokate, juse le tse ling ho bana ba keneng sepetlele ba likamoreng tse haufi. Baoki ba bile ba fa Lucía seaparo se sesoeu le beche e mo tsebahatsang hore ke “mothusi oa baoki.”
Mosebetsi e mong oa sepetlele o re: “Lucía o ne a nkhahla haholo. E ne e le ngoana ea mahlahahlaha le ea tsebang ho qapa ’me o ne a rata ho taka. O ne a tseba ho itlhalosa ka bolokolohi ebile e le ngoana ea butsoitseng, ea bohlale haholo.”
Lucía o ne a matlafatsoa ke Lentsoe la Molimo le bile le mo khoba matšoafo. (Baheb. 4:12) O ne a kholisehile hore joalokaha Lentsoe la Molimo le tšepisa, lefatšeng le lecha, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšen. 21:4) Kaha o ne a rata batho, e ne e le malala-a-laotsoe ho buisana le bona ka molaetsa oa Bibele. Tšepo e matla eo Lucía a neng a e-na le eona tsohong e ile ea mo thusa hore a laole maikutlo a hae le hore a lule a thabile ho sa tsotellehe hore o ne a e-na le tšepo e fokolang ea hore a ka fola. (Esa. 25:8) O ile a lula a le joalo ho fihlela letsatsing leo kankere e ileng ea mo bolaea ka lona.
Ke hona letsatsing leo moo ke ileng ka etsa taetsano eo ea bohlokoahali. Lucía o ne a sitoa le ho bula mahlo feela. Ntate oa hae o ne a mo tšoere ka letsoho le leng ’na ke mo tšoere ka le leng. Ke ile ka mo sebela ka re: “U se ke ua tšoenyeha, nke ke ka u siea. Phefumoloha butle feela. Ha u tsoha, u tla be u folile. U ke ke ua hlola u utloa bohloko, ’me ke tla be ke e-na le uena.”
Joale, ke lokela ho phelela taetsano eo. Kea tseba hore nako ea ho leta e ke ke ea e-ba bonolo. Empa ke boetse kea tseba hore haeba ke mamella ka lebaka la ho tšepa Jehova, ebile ke lula ke tšepahala, ha a tsoha, ke tla be ke le teng.
Lefa Leo Lucía a re Sietseng Lona
Monna oa ka, eo e neng e se Paki ea Jehova, o ile a angoa haholo ke mohlala oa sebete sa Lucía, hammoho le thuso e babatsehang ea phutheho. Letsatsing leo Lucía a hlokahetseng ka lona, o ile a mpolella hore o tlameha ho itlhahloba. Libeke tse ’maloa hamorao, o ile a kōpa moholo e mong oa phutheho hore a mo rute Bibele. Kapele feela monna oa ka o ile a qala ho ba teng libokeng tsohle. Ka thuso e tsoang ho Jehova, o ile a tlohela ho tsuba, e leng ntho eo a neng a paletsoe ho e etsa pele ho moo.
Masoabi ao ke a utloang ka lebaka la lefu la Lucía a sa ntse a saletse, empa ke leboha Jehova haholo ka lefa leo Lucía a le siileng. ’Na le monna oa ka re tšelisana ka tšepo e babatsehang ea tsoho, re bile re bona ka kelello nako eo ka eona re tla bona Lucía hape—mahlo a hae a chatsi a machitja le maramanyana a hae a reng boche! ha a bososela.
Ketsahalo e bohloko ea morali oa ka e ile ea boela ea ama moahelani e mong ka ho khetheha. Ka Moqebelo o mong e sa le hoseng, pula e ne e na ha mosali e mong eo mora oa hae a neng a kena sekolo moo Lucía a neng a kile a kena sekolo teng a fihla ha rōna. Mora e mong oa hae, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 11, o ne a bolailoe ke boloetse bo tšoanang. Ha mosali eo a utloa hore na ho ne ho etsahetse’ng ka Lucía, o ile a batla moo re lulang teng eaba oa re etela. O ne a batla ho tseba hore na lefu la Lucía le ntšoere joang ’me a etsa tlhahiso ea hore re thehe mokhatlo o tšelisang bo-’mè ba bang ba maemong a tšoanang.
Ke ile ka mo hlalosetsa hore ’na ke fumane matšeliso a ’nete tšepisong e ’ngoe ea Bibele, e fetang eng kapa eng eo motho a ka e tšepisang. Mahlo a hae a ile a tlala tšepo ha ke mo balla mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 5:28, 29. O ile a lumela ho ithuta Bibele ’me kapele feela a qala ho utloa “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:7) Hangata ha re ithuta Bibele hammoho, rea thola ebe re nahana re se re le lefatšeng le lecha, re amohela baratuoa ba rōna ba tsositsoeng.
Ha ho pelaelo hore nakoaneng eo Lucía a e phetseng, o siile lefa le tla tšoarella. Tumelo ea hae e momahantse lelapa la rōna tšebeletsong ea Molimo, ’me e ekelitse boikemisetso ba ka ba hore ke lule ke tiile tumelong. Ka sebele rōna bohle ba shoetsoeng ke baratuoa ba ka ’nang ba tsosoa re na le taetsano ea bohlokoahali.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Setšoantšo sa Lucía sa Paradeise