Atamela ho Molimo
O Utloisisa Bohloko Boo re bo Utloang
“KUTLOELO-BOHLOKO ke ho utloa bohloko boo motho e mong a bo utloang joalokaha eka bo ho ’na.” Ke kamoo moromuoa e mong ea hōlileng oa Lipaki Tsa Jehova a ileng a hlalosa tšobotsi ena ea bohlokoa kateng. Jehova Molimo ke mohlala o ka sehloohong oa ho bontša kutloelo-bohloko. O utloa bohloko boo batho ba hae ba bo utloang. Re ka kholiseha joang hore ho joalo? Seo Jesu a ileng a se bua le ho se etsa ha a le lefatšeng se bontša hantle kamoo Jehova a nang le kutloelo-bohloko kateng. (Johanne 5:19) Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e hlalositsoeng ho Johanne 11:33-35.
Ha motsoalle oa Jesu ea bitsoang Lazaro a shoa ka tšohanyetso, Jesu o ile a ea motseng oa habo Lazaro. Ha ho pelaelo hore likhaitseli tsa Lazaro, e leng Maria le Maretha, li ne li saretsoe. Jesu o ne a rata lelapa lena haholo. (Johanne 11:5) O ne a tla etsa’ng? Tlaleho ena e re: “Ha Jesu a [bona Maria] a lla le Bajuda ba tlileng le eena ba lla, a bobola moeeng ’me a khathatseha; eaba o re: ‘Le mo behile hokae?’ Ba re ho eena: ‘Morena, tloo ’me u bone.’ Jesu a ntša meokho.” (Johanne 11:33-35) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lla? Ke ’nete hore motsoalle oa hae Lazaro o ne a shoele, empa Jesu o ne a tla tloha a mo tsosa. (Johanne 11:41-44) Na ho na le ntho e ’ngoe hape e ileng ea ama Jesu maikutlo?
Ak’u boele u shebe mantsoe a sa tsoa qotsoa. Hlokomela hore ha Jesu a bona Maria le ba bang ba nang le eena ba lla, o ile “a bobola” ’me “a khathatseha.” Mantsoe a lipuo tsa pele a sebelisitsoeng mona a bolela ho ameha maikutlo ka ho teba.a Jesu o ile a angoa maikutlo haholo ke seo a ileng a se bona. Ho ile ha totobala hore o utloile bohloko haholo ha a sekisitse meokho. Ho hlakile hore Jesu o ne a anngoe maikutlo ke bohloko boo ba bang ba bo utloang. Na u kile ua lla ha motho eo u mo ratang a lla?—Baroma 12:15.
Kutloelo-bohloko ea Jesu e re thusa ho tseba litšobotsi le litsela tsa Ntate oa hae, Jehova. Hopola hore Jesu o ne a etsisa litšobotsi tsa Ntate oa hae hantle hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Kahoo ha re bala hore “Jesu a ntša meokho,” re ka kholiseha hore Jehova o utloa bohloko boo barapeli ba hae ba bo utloang. Ha e le hantle, bangoli ba bang ba Bibele ba tiisa taba ena. (Esaia 63:9; Zakaria 2:8) Ruri Jehova ke Molimo ea lerato.
Re rata batho ba nang le kutloelo-bohloko. Ha re nyahame kapa re tetebetse maikutlo, re tšabela ho motho ea ka utloisisang maemo a rōna le ho utloa bohloko boo re bo utloang. Re tšabela ho Jehova le ho feta, Molimo ea nang le kutloelo-bohloko, ea utloang bohloko boo re bo utloang le ea utloisisang lebaka leo re llang ka lona.—Pesaleme ea 56:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hangata lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “ntša meokho” le bolela “ho llela ka pelong,” athe lentsoe le sebelisitsoeng ha ho hlalosoa ho lla ha Maria le ba bang le ka bolela “ho meketsa, ho bokolla.”