“Ngoananyana oa Moiseraele” oa Mehleng ea Rōna
KA 2006, libeke tse peli pele ho Sehopotso sa lefu la Jesu, setho ka seng sa lelapa la ha Sales le lulang Praia Grande, Brazil, se ile sa ngola batho bao se neng se tla ba mema. Abigayl ea lilemo li tšeletseng o ile a fuoa memo eaba o botsoa hore na o batla ho e fa mang.
O ile a re: “Ke tla e fa ntate ea tloaetseng ho bososela ha a mpona.”
Batsoali ba hae ba re: “Ke mang?”
A re: “Ea tsamaeang ka setulo sa batho ba holofetseng.”
Ka mor’a matsatsi a mane Abigayl o ile a bontša batsoali ba hae ntate eo. Ntate eo ea bitsoang Walter, o ne a sa lule hōle le Holo ea ’Muso. Lilemong tse fetang 15 tse fetileng, ha a le lilemo li 28, o ile a holofala ho tloha thekeng ka mor’a ho hlaheloa ke kotsi ea koloi. O ne a e-na le balebeli ba babeli kaha o ne a ruile. Ha Abigayl a qeta ho lumelloa ho bua le Walter, batsoali ba hae ba ile ba mo bolella hore morali oa bona o batla ho mo fa memo.
Ha Abigayl a qeta ho beha litaba tsa hae o ile a re: “Bohle ba filoe limemo tse ngata Holong ea rōna ea ’Muso, empa ’na ke fuoe e le ’ngoe feela. Kahoo ke mema uena feela. Haeba u sa tle, ha ho na motho ea menngoeng ke ’na ea tla beng a tlile. Empa haeba u e-tla, ke tla thaba haholo, ’me Jehova o tla thaba le ho feta.”
Letsatsing la Sehopotso, Abigayl e ne e le e mong oa Lipaki tse hloekisang Holo ea ’Muso e le hore e lokele tšebeletso ea Sehopotso mantsiboeeng ao. Thapama Walter o ne a feta, eare ha a bona Abigayl, a bolella mokhanni oa hae hore a emise koloi. Fensetere ea buleha, eaba o botsa Abigayl hore na o etsa’ng. O ile a mo bolella hore ba hloekisa holo hore a e fumane e le ntle.
Mantsiboeeng ao Abigayl o ne a sa tsitsa. Puo ea qala, eaba eena o ntse a sheba koana le koana e le hore a bone hore na Walter o fihlile. Ka tšohanyetso o ile a fihla a e-na le balebeli ba hae. Hlathe ea lelekisa tsebe. Ka mor’a puo, Walter o ile a bolela hore o ne a re o ea motseng o mong empa a fetola maikutlo eaba o ea Sehopotsong, feela hore a thabise ngoananyana enoa. Eaba o tsoela pele o re: “Ekare puo ena e ne e lokiselitsoe ’na.” O ile a kōpa Bibele eaba o qala ho ithuta le ho ea libokeng.
Ho sa le joalo, khaitseli ea Walter o ile a re o batla ho kopana le Abigayl enoa eo abuti oa hae a sa omeng mathe ha a bua ka eena. Ha a kopana le eena, o ile a thabela ho tseba hore Abigayl ke ngoananyana ea lokileng haholo. O ile a re: “Joale kea tseba hore na ke hobane’ng ha abuti oa ka a thabile hakana.”
Walter o tsoela pele ho ithuta le ho ba teng libokeng. O bile oa araba ’me o bolella ba bang lintho tseo a ithutileng tsona. Ka sebele Abigayl e monyenyane o re hopotsa ngoananyana oa Moiseraele ea ileng a thusa Naamane ho tseba Jehova, Molimo oa ’nete.—2 Marena 5:2-14.