Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/15 maq. 18-22
  • Amohela Bolaoli ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Amohela Bolaoli ba Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re Talimang Bolaoli Kateng
  • Ho Koetlisa Matla a Rōna a ho Lemoha
  • Satane o Batla ho Thefula Bolaoli ba Molimo
  • Itlhokomele Hore U se ke Ua Hahlameloa ke Moea oa Boitaolo
  • Bohlokoa ba Boikokobetso
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Bolaoli?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Maikutlo a Bokreste ka Bolaoli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hlompha ba Nang le Matla a ho Laela—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Kamoo Bakreste ba Lokelang ho Ikutloa Kateng ka Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/15 maq. 18-22

Amohela Bolaoli ba Jehova

“Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 JOH. 5:3.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bangata kajeno ba sa batle ho ikokobelletsa bolaoli? (b) Na batho ba ipitsang lingangele ba hlile ba lokolohile? Hlalosa?

KAJENO batho ba bangata ha ba batle ho ikokobelletsa bolaoli ba motho leha e le ofe. Batho ba ipitsang lingangele ba re, “’Na ha ho motho ea mpolellang hore na ke etse’ng.” Empa na ba hlile ba lokolohile ho etsa ntho eo ba e batlang? Le hanyenyane! Boholo ba bona bo mpa bo latela mekhoa ea batho ba bangata ba etsang lintho ho ea ka “sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Bar. 12:2) Ha re qotsa mantsoe a moapostola oa Mokreste Petrose, ho hang ha baa lokoloha, empa ke “makhoba a ho bola.” (2 Pet. 2:19) Ba tsamaea “ho ea ka tsamaiso ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea” e leng Satane Diabolose.—Baef. 2:2.

2 Mongoli e mong o ile a ikotla sefuba ka ho re: “’Na ha ke lumelle batsoali ba ka kapa moprista kapa moruti kapa moeta-pele oa Bohindu kapa eona Bibele ho nketsetsa qeto ea hore na se nepahetseng ke sefe.” Ke ’nete hore batho ba bang ba sebelisa bolaoli ba bona hampe ’me e ka ’na eaba ha ba tšoanelehe hore re ikokobeletse bona. Empa na ho hana ka ho feletseng hore re hloka tataiso ho rarolla bothata? Ha u habanya lihlooho tsa litaba likoranteng u tla hlokomela hore li fana ka karabo e bohloko. Se bohloko ke hore nakong ea ha batho ba hlile ba hloka tataiso, ba bangata ha ba e batle.

Kamoo re Talimang Bolaoli Kateng

3. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša joang hore ba ne ba sa huloe ka nko ke batho ba nang le matla a bolaoli?

3 Kaha re Bakreste, ha re etse lintho ka tsela eo lefatše le li etsang ka eona. Seo ha se bolele hore re huloa ka nko. Ho e-na le hoo, ka linako tse ling re tlameha ho hana ho etsa seo ba bang ba se batlang esita le haeba ba e-na le matla a bolaoli. Seo ke sona se ileng sa etsoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ka mohlala, ha baapostola ba ne ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, ha baa ka ba lumela ho etsa seo moprista ea phahameng le balaoli ba bang ba lekhotla la Sanhedrine ba neng ba se batla. Ha baa ka ba khaotsa ho etsa se nepahetseng eaba ba latela batho ba nang le matla a bolaoli.—Bala Liketso 5:27-29.

4. Mangolo a Seheberu a fana ka mehlala efe e bontšang hore batho ba bangata ba Molimo ba ile ba khetha ho phela ka tsela eo ba bangata ba sa e rateng?

4 Bahlanka ba bangata ba Molimo ba mehleng ea pele ho Bokreste ba ne ba e-na le boikemisetso bo tšoanang. Ka mohlala, Moshe “o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo” le hoja ho etsa joalo ho ile ha qholotsa “bohale ba morena.” (Baheb. 11:24, 25, 27) Josefa o ile a hana ho hoka-hokoa ke mosali oa Potifaro, le hoja mosali eo a ne a e-na le matla a ho iphetetsa le a ho mo kenya mathateng. (Gen. 39:7-9) Daniele o ile “a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka limenyemenye tsa morena,” le hoja ho ne ho se bonolo hore molaoli ea ka sehloohong oa lekhotla la Babylona a lumellane le qeto eo. (Dan. 1:8-14) Mehlala eo e bontša hore ho theosa le histori, haesale batho ba Molimo ba tsitlallela ho etsa se nepahetseng ho sa tsotellehe liphello tsa seo. Ha baa ka ba inehela feela ho khahlisa batho; le rōna ha rea lokela ho etsa joalo.

5. Tsela eo re talimang bolaoli ka eona e fapane joang le eo lefatše le bo talimang ka eona?

5 Ho ba sebete ha rōna hase ho ba manganga; ebile ha re tšoane le ba fetohang marabele hobane ba sa lumellane le tsamaiso e itseng ea lipolotiki. Ho e-na le hoo, re ikemiselitse ho amohela bolaoli ba Jehova ho fapana le ba motho leha e le ofe. Ha molao oa motho o le khahlanong le molao oa Molimo, re tseba hantle hore na re lokela ho etsa qeto efe. Joaloka baapostola lekholong la pele la lilemo, re mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.

6. Ke hobane’ng ha ka linako tsohle ho le molemo ho mamela litaelo tsa Jehova?

6 Ke eng e re thusitseng ho amohela bolaoli ba Molimo? Re lumellana le mantsoe a boletsoeng ho Liproverbia 3:5, 6 a reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Re lumela hore eng kapa eng eo Molimo a batlang hore re e etse e tla qetella e re tsoetse molemo. (Bala Deuteronoma 10:12, 13.) Ha Jehova a hlalosetsa Baiseraele hore na ke Molimo oa mofuta ofe, o ile a re, “ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” O ile a phaella ka ho re: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esa. 48:17, 18) Re tšepa mantsoe ao. Re kholisehile hore ka linako tsohle ho mamela litaelo tsa Molimo ho molemong oa rōna.

7. Re lokela ho etsa’ng ha re sa utloisise ka botlalo taelo e itseng e hlahang Lentsoeng la Molimo?

7 Re amohela bolaoli ba Jehova ebile rea mo mamela esita le ha re sa utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha Lentsoe la hae le re ho hlokahala re etse ntho e itseng. Seo hase ho lumela feela ka hlooho e ntšo empa se bontša hore rea mo tšepa. Se bontša hore re kholisehile ka pelo eohle hore Jehova o tseba se molemong oa rōna. Hape ha re mamela re bontša lerato hobane moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Joh. 5:3) Empa ho na le tšobotsi e ’ngoe ea ho mamela eo re sa lokelang ho iphapanyetsa eona.

Ho Koetlisa Matla a Rōna a ho Lemoha

8. Ho ‘koetlisa matla a rōna a ho lemoha’ ho amana joang le ho amohela bobusi ba Jehova?

8 Bibele e re re lokela ho ‘koetlisa matla a rōna a ho lemoha hore re khetholle se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheb. 5:14) Kahoo boikemisetso ba rōna hase ho mamela melao ea Molimo hobane feela re tlamehile; ho e-na le hoo, re batla “ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng” re itšetlehile ka melao ea Jehova. Re batla ho iponela bohlale ba litsela tsa Jehova, e le hore re ka khona ho bua joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.”—Pes. 40:8.

9. Re ka etsa joang hore matsoalo a rōna a lumellane le litsela tsa Molimo, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa joalo?

9 Ho hlokahala hore re thuise ka seo re se balang ka Bibeleng e le hore re ananele melao ea Molimo joaloka mopesaleme. Ka mohlala, ha re ithuta ntho e itseng eo Jehova a batlang hore re e etse, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha taelo ee kapa molao-motheo oo o le bohlale? Ke hobane’ng ha ho le molemong oa ka hore ke o mamele? Ba ileng ba iphapanyetsa keletso ee ea Molimo ba kotutse litholoana life tse bosula?’ Haeba re lumellanya matsoalo a rōna le litsela tsa Jehova ka tsela e joalo, re tla khona ho etsa liqeto tse lumellanang le thato ea hae. Seo se re thusa hore re ‘tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona’ ebe re etsa lintho ka tsela e lumellanang le eona ka hore re mamele. (Baef. 5:17) Hase kamehla ho leng bonolo ho etsa joalo.

Satane o Batla ho Thefula Bolaoli ba Molimo

10. Ke karolong efe hape ea bophelo moo Satane a lekileng ho thefula bolaoli ba Molimo?

10 Haesale Satane a ntse a leka ho thefula bolaoli ba Molimo. Moea oa hae oa boitaolo o bonahala ka litsela tse ngata. Ka mohlala, batho ha ba sa hlompha tokisetso ea Molimo ea lenyalo. Ba bang ba khetha ho lula ’moho ba sa nyalana, ha ba bang ba etsa maqiti a ho lahla balekane ba bona. Batho bana kaofela ba ka ’na ba lumellana le sebapali sa litšoantšiso se tummeng haholo se ileng sa re: “Ha ho monna kapa mosali ea ka khonang ho phela le molekane a le mong feela oa lenyalo.” Se ile sa phaella ka ho re: “Ha ke tsebe motho le ea mong ea tšepahalang ho molekane oa hae kapa ea batlang ho tšepahala.” Ha sebapali se seng sa litšoantšiso se tummeng se bua ka likamano tsa sona tsa lerato tse ileng tsa nyopa, se ile sa bolela mantsoe a tšoanang le ao, sa re: “Ha ke kholoe hore ke ha tlhaho hore motho a qete bophelo bohle ba hae a e-na le molekane a le mong.” Re lokela ho ipotsa lipotso tse kang tsena, ‘Na ke amohela bolaoli ba Jehova tabeng ea lenyalo kapa na ke hahlametsoe ke boikutlo ba lefatše ba ho nka lenyalo habobebe?’

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha bacha ba ka ’na ba thatafalloa ho amohela bolaoli ba Jehova? (b) Pheta phihlelo e bontšang hore na ke hobane’ng ha e le booatla ho se natse melao ea Jehova le melao-motheo ea hae.

11 Na u e mong oa bacha ba ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ke uena eo Satane a hlileng a batlang ho mo hlasela ha a leka ho thefula bolaoli ba Jehova. “Litakatso tsa tlhaho tsa bocha” hammoho le khatello e tsoang ho lithaka tsa hao li ka etsa hore u nahane hore melao ea Molimo e boima. (2 Tim. 2:22) U se ke ua lumella seo. Leka ho iponela bohlale ba litsela tsa Molimo. Ka mohlala, Bibele e re u ‘balehele bohlola.’ (1 Bakor. 6:18) Le mona, ipotse lipotso tse latelang: ‘Ke hobane’ng ha ho le bohlale ho latela taelo ee? Ho e mamela ho tla ntsoela molemo ofe?’ Mohlomong u tseba batho ba bang ba ileng ba iphapanyetsa keletso ea Molimo ’me ba kotula litholoana tse babang ka lebaka la phoso eo. Na hona joale ba hlile ba thabile? Na bophelo ba bona bo ntlafetse ha bo bapisoa le boo ba neng ba bo phela ha ba ntse ba kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? Na ka sebele ba fumane lekunutu la thabo leo bahlanka ba Molimo kaofela ba sa le tsebeng?—Bala Esaia 65:14.

12 Ak’u nahane ka seo Mokreste e mong ea bitsoang Sharon a ileng a se bua nakong e fetileng, ha a re: “Ka lebaka la ho se mamele molao oa Jehova, ke tšoeroe ke lefu le bolaeang la AIDS. Hangata ke nahana ka lilemo tse ngata tse fetileng tseo ke li qetileng ke sebeletsa Jehova ke thabile.” O ile a hlokomela hore o bile booatla ka ho tlōla melao ea Jehova le hore o ne a lokela ho e hlompha ka ho tebileng. Melao ea Jehova e behetsoe ho re sireletsa. Sharon o ile a hlokahala libeke tse supileng feela ka mor’a hore a ngole mantsoe ao a ka holimo. Joalokaha ketsahalo ena e bohloko e mo hlahetseng e bontša, ha ho letho le molemo leo Satane a ka le etsetsang ba fetohang karolo ea tsamaiso ena e khopo. Kaha ke “ntate oa leshano,” o tšepisa batho ntho li hana ho fela, empa ha a phethe le e ’ngoe ea litšepiso tseo, joalokaha a sa ka a phetha seo a neng a se tšepisitse Eva. (Joh. 8:44) Ha ho pelaelo hore ka linako tsohle ho molemo ho amohela bolaoli ba Jehova.

Itlhokomele Hore U se ke Ua Hahlameloa ke Moea oa Boitaolo

13. Ke karolong efe hape moo re lokelang ho itlhokomela hore re se ke ra hahlameloa ke moea oa boitaolo?

13 Ha re amohela bolaoli ba Jehova, re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra hahlameloa ke moea oa boitaolo. Boikhohomoso bo ka etsa hore re nke hore ha re hloke tataiso ea motho leha e le ofe. Ka mohlala, re ka ’na ra hanyetsa keletso e tsoang ho ba etellang pele har’a batho ba Molimo. Molimo o entse tokisetso ea hore sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se fane ka lijo tsa moea ka nako e loketseng. (Mat. 24:45-47) Ka boikokobetso re lokela ho elelloa hore ena ke tsela eo Jehova a hlokomelang batho ba hae ka eona kajeno. Re lokela ho etsisa baapostola ba tšepahalang. Ha barutuoa ba bang ba khoptjoa, Jesu o ile a botsa baapostola ba hae potso ena: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Eaba Petrose oa mo araba: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 6:66-68.

14, 15. Ke hobane’ng ha ka boikokobetso re lokela ho mamela keletso ea Bibele?

14 Ho amohela bolaoli ba Jehova ho akarelletsa ho latela keletso e thehiloeng Lentsoeng la hae. Ka mohlala, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se ’nile sa re lemosa hore re ‘lule re falimehile re bile re hlaphohetsoe likelellong.’ (1 Bathes. 5:6) Ka sebele keletso eo e loketse matsatsing ana a ho qetela ao ho ’ona ba bang e leng “baithati, ba ratang chelete.” (2 Tim. 3:1, 2) Na ebe re ka hahlameloa ke moea o joalo o renang hohle? E, o ka re hahlamela. Lipakane tsa lefatše li ka re koeetsa ho fihlela re otsela moeeng kapa re ka ’na ra nkeha ke ho rata lintho tse bonahalang. (Luka 12:16-21) Kahoo, ruri re etsa hantle ha re amohela keletso ea Bibele ’me re qoba bophelo ba ho icheba borōna feela bo atileng hakana lefatšeng la Satane!—1 Joh. 2:16.

15 Baholo ba khethiloeng ba abela liphutheho tsa habo bona lijo tsa moea tse tsoang ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Bibele ea re eletsa: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheb. 13:17) Na seo se bolela hore baholo ba phutheho ha ba etse liphoso? Che! Molimo o bona mefokolo ea bona hantle ho feta motho leha e le ofe. Ho ntse ho le joalo, o lebeletse hore re ipehe tlaase. Ho sebelisana le baholo, esita le hoja ba sa phethahala, ho paka hore re amohela bolaoli ba Jehova.

Bohlokoa ba Boikokobetso

16. Re ka bontša joang hore re hlompha Jesu e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste?

16 Ka linako tsohle re lokela ho hopola hore Jesu ke eena eo e hlileng e leng Hlooho ea phutheho. (Bakol. 1:18) Lena ke lebaka le leng leo ka lona ka boikokobetso re latelang tataiso ea baholo ba khethiloeng, le leo ka lona re ‘ba elang hloko haholo ho feta kamoo ho tloaelehileng.’ (1 Bathes. 5:12, 13) Ho hlakile hore baholo ba phutheho le bona ba ka bontša hore ba ipeha tlaase ka hore ba be hlokolosi hore seo ba se rutang phutheho e be se tsoang ho Molimo e se ke ea e-ba maikutlo a bona. Ha ba ‘fetele ka nģ’ane ho lintho tse ngoliloeng’ e le hore ba rute maikutlo a bona.—1 Bakor. 4:6.

17. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho rata maemo?

17 Bohle ka phuthehong ba lokela ho itlhokomela hore ba se ke ba ipatlela khanya. (Liprov. 25:27) Ho bonahala eka leo ke lona leraba le ileng la tšoasa morutuoa ea itseng eo moapostola Johanne a ileng a kopana le eena. Ha a ngola o ile a re: “Diotrefe, ea ratang ho ba le sebaka sa pele har’a bona, ha a amohele letho le tsoang ho rōna ka tlhompho. Ke ka lebaka leo, haeba ke tla, ke tlang ho hopola mesebetsi ea hae eo a tsoelang pele ho e etsa, a bebera ka rōna ka mantsoe a khopo.” (3 Joh. 9, 10) Ho na le ntho eo le rōna kajeno re ka ithutang eona tabeng ena. Ho na le mabaka a utloahalang ao ka ’ona re lokelang ho qhela litakatso leha e le life tsa ho rata maemo tseo re ka ’nang ra ba le tsona. Bibele e re: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” Ba amohelang bolaoli ba Molimo ba lokela ho qoba leraba la ho iketelletsa pele, ho seng joalo, ba ka tlotloloha.—Liprov. 11:2; 16:18.

18. Ke eng e tla re thusa ho amohela bolaoli ba Jehova?

18 Ikemisetse ho hanyetsa moea oa lefatše oa boitaolo ’me u amohele bolaoli ba Jehova. Bontša kananelo ka hore nako le nako u nahanisise ka tlotla e khōlō eo u nang le eona ea ho sebeletsa Jehova. Taba ea hore ebe u har’a batho ba Molimo ke bopaki ba hore o u hutse ka moea oa hae o halalelang. (Joh. 6:44) Le ka mohla u se ke ua nka kamano ea hao le Molimo habobebe. Etsa sohle se matleng a hao ho bontša hore likarolong tsohle tsa bophelo ba hao u qhelela moea oa boitaolo hōle le uena ebile u amohela bolaoli ba Jehova.

Na U sa Hopola?

• Ho amohela bolaoli ba Jehova ho akarelletsa eng?

• Ho koetlisa matla a rōna a ho lemoha ho amana joang le ho amohela bolaoli ba Jehova?

• Ke likarolong life tsa bophelo moo Satane a lekang ho thefula bolaoli ba Molimo?

• Ke hobane’ng ha boikokobetso e le ba bohlokoa tabeng ea ho amohela bolaoli ba Jehova?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

“Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka linako tsohle ho bohlale hore re latele litsela tsa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela