Na Lefatše le Feletsoe ke Nako?
U ka khetha karabo efe ho tsee tse tharo?
Na haufinyane maemo a lefatše
(a) a tla ntlafala?
(b) a ke ke a fetoha?
(c) a tla mpefala?
NA U na le tšepo ea hore lintho li tla loka nakong e tlang? Ho ba le tšepo e joalo ho na le melemo e mengata. Liphuputso li bontšitse hore batho ba tletseng tšepo ba sebetsa hamolemo lithutong tsa sekolo ba bile ba phela hantle ’meleng. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng ka nako e telele ho ile ha fumanoa hore hase hangata banna ba tletseng tšepo ba tšoaroang ke lefu la pelo joaloka ba se nang tšepo. Sena se lumellana le polelo e ka Bibeleng e ngotsoeng lilemong tse makholo tse fetileng, e reng: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.
Leha ho le joalo, ho latela seo bo-rasaense ba reng se tla etsahalla lefatše, ho thata hore ba bangata ba lule ba thabile ’me ba tletse tšepo. Nahana ka tse ling tsa lintho tse tšosang tseo ba reng li tla etsahala.
Lefatše le Kotsing
Ka 2002 Stockholm Environment Institute e hlomphuoang e ile ea lemosa hore ho hlokomoloha tšenyo e etsoang tikolohong ka lebaka la ntlafatso ea moruo ho ka ’na ha baka “liketsahalo tse ka ’nang tsa etsa hore boemo ba leholimo le tikoloho le lintho tse phelang ho eona li fetohe haholo.” Ha tlaleho ena e tsoela pele e ile ea bolela hore bofutsana bo aparetseng lefatše, leeme le tsoelang pele, le tšenyo ea lirafshoa li ka etsa hore moloko oa batho o “hlaheloe ke tlokotsi e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ea tikoloho.”
Ka 2005 Machaba a Kopaneng a ile a lokolla Millennium Ecosystem Assessment Synthesis Report. Ke tlaleho ea patlisiso ea lilemo tse ’nè ea tikoloho ea Lefatše, e entsoeng ke litsebi tse fetang 1 360 tse tsoang linaheng tse 95. E ne e e-na le temoso e matla e reng: “Mesebetsi ea batho e thatafalletsa Lefatše ho sebetsa ka tsela ea tlhaho hoo nakong e tlang ho tla ba thata hore le ’ne le khone ho hlokomela lintho tse phelang ho lona.” Tlaleho ena e re, e le hore ho qojoe tlokotsi ena ho tla hlokahala “liphetoho tse khōlō maanong, tsamaisong le mekhoeng e sebelisoang, ’me ha ho e-s’o nkoe bohato ba ho qalisa liphetoho tsena.”
Anna Tibaijuka, eo e leng mookameli oa Human Settlements Programme ea Machaba a Kopaneng o bolela seo babatlisisi ba bangata ba lumellanang ka sona. O re: “Haeba re tsoela pele joalokaha eka ha ho letho le etsahetseng, re tla ba tlokotsing nakong e tlang.”
Lebaka la ho ba le Tšepo
Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, le tsona li lumela hore haufinyane ho tla ba le liphetoho tse khōlō lefatšeng. Leha ho le joalo, li kholisehile hore ho e-na le hore liketsahalo tsena li etse hore nako e tlang e be e sa jeseng litheohelang, li tla hleka tsela bakeng sa maemo a babatsehang ka ho fetisisa a kileng a e-ba teng lefatšeng. Ke hobane’ng ha li e-na le tšepo e kaalo? Hobane li na le tšepo ea hore seo Lentsoe la Molimo Bibele le se tšepisang se tla phethahala. E ’ngoe ea litšepiso tsena e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
Na tšepo e joalo ke toro feela? Pele u araba, nahana ka sena: Lilemo tse likete esale pele, Bibele e boletse ka nepo mathata a mangata ao hona joale re bonang a hlasela lefatše le moloko oa batho. Ka kōpo bala mangolo a hlahang sehloohong se latelang, ’me u a bapise le lintho tse etsahalang lefatšeng. Ha u ntse u etsa joalo, tšepo ea hao ea hore Bibele e khona ho profeta se tla etsahala e tla eketseha.