Bibele e Fetola Batho
Mocha eo e neng e le setho sa kenke ea Mexico e bitsoang bo-Satane ba Banyenyane o ile a susumetsoa ke eng hore a fetohe ’me e be motho ea tšepahalang le ea sebetsang ka thata? Ke hobane’ng ha mosali oa Mojapane ea nang le khoebo e atlehileng a ile a tlohela ho lelekisa leruo, hona o ikutloa joang ka liphetoho tseo a li entseng? Morekisi oa libetsa oa Morussia o ile a susumetsoa ke eng hore a tlohele khoebo ea hae e seng molaong e mo kenyetsang chelete e ngata? Utloa seo batho bana ba se buang.
PALE EA BOPHELO
LEBITSO: ADRIAN PEREZ
LILEMO: 30
NAHA: MEXICO
E NE E LE: SETHO SA KENKE
BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ha ke le lilemo tse ka bang 13, lelapa leso le ile la fallela Ecatepec de Morelos, Mexico State. Ka nako eo, ho ne ho tletse bacha ba litlokotsebe, bosenyi le bokhoba ba lithethefatsi sebakeng seo. Ka mor’a nakoana ke ile ka qala ho itlopa joala, ho senya thepa le ho itšoara hampe.
Hamorao, re ile ra khutlela toropong eo ke tsoaletsoeng ho eona ea San Vicente. Leha ho le joalo, bokhoba ba lithethefatsi bo ne bo jele setsi moo. E ne e se mohlolo ho bona bacha ba rapaletse literateng ba shoele. Ke ile ka kena kenkeng e bitsoang bo-Satane ba Banyenyane. Re ne re utsoa ’me re tsuba lithethefatsi, haholo-holo re tsuba teramotene kapa glue. Hangata, ke ne ke sa hopole hore na ke fihlile joang lapeng, ’me ka linako tse ling ke ne ke rapalla seterateng ke sa itsebe. Metsoalle e meng ea ka e ile ea qetella e tšoaretsoe bosholu le polao.
Le hoja ke ne ke etsa lintho tsena tse mpe, ke ne ke lumela ho Molimo. E le ho kokobetsa letsoalo la ka, ke ne ke ea litšebeletsong tsa bolumeli, tse kang tsela ea sefapano Bekeng e Halalelang. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, kaofela ha rōna, ho akarelletsa le motho ea neng a phetha karolo ea Kreste, re ne re ithabisa ka ho tahoa.
KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke habile lilemo tse 20, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke tseba hore ke phelela lelea le hore haeba ke sa fetohe, lintho li ke ke tsa ntsamaela hantle. Ke ile ka khahloa ke mantsoe a tlalehiloeng ho Bagalata 6:8, a reng: “Ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.” Lengolo lena le ile la mpontša hore haeba ke batla hore lintho li ntsamaele hantle, ke lokela ho jalla bokamoso.
Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka qala ho utloisisa hore Jehova ke Molimo ea phelang ea nthahasellang, le hore o ikemiselitse ho ntšoarela libe tseo ke li entseng nakong e fetileng. Ke ile ka inoesa ka nkho hore o mamela lithapelo ebile oa li araba.
Ho ne ho se bonolo hore ke fetole mokhoa oo ke neng ke phela ka oona ebile ho le thata hore ke tsoe kenkeng. Ho na le libaka tseo ke neng ke sa lokela ho kena ho tsona le hoja ke ne ke tsoile kenkeng eo. Ka linako tse ling, ke ne ke tlameha ho ipatela batho bao e neng e le metsoalle ea ka hobane ba ne ba tla leka ho nkhulela mekhoeng ea ka ea khale.
Empa ha ke qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova Holong ea ’Muso, ke ile ka hlokomela hore phutheho ea tsona e mofuthu ebile e lerato. Ke ile ka khahloa ke hore batho bana ba na le tumelo e matla ebile ba phelela seo ba se rutang. Ho ne ho fapane haholo le seo ke se tloaetseng.
MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke na le lilemo tse leshome ke le Paki ea Jehova e kolobelitsoeng. Ke ikitlaelletsa ho phela ka lithuto tsa Bibele. Ka lebaka leo, ke se ke e-na le seriti ka lapeng. Ba se ba ntseba ke le motho ea sebetsang ka thata, ebile ke khonne le ho ba thusa ka lichelete. ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele ’me e se e le Paki ea Jehova. Ntate le eena o leka ho fetoha. Bongata ba beng ka ’na hase Lipaki Tsa Jehova, empa ka lebaka la ho bona kamoo ke fetohileng kateng, baa lumela hore Bibele e ka thusa motho ho ntlafatsa bophelo ba hae.
PALE EA BOPHELO
LEBITSO: YAYOI NAGATANI
LILEMO: 50
NAHA: JAPANE
E NE E LE: MOSALI EA NANG LE KHOEBO E ATLEHILENG
BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse toropong ea mahaeng ea batho ba mosa. Ntate o ne a e-na le lebenkele le leholo toropong ’me a hirile basebetsi ba leshome. Re ne re lula haufi le lebenkele leo, kahoo le hoja Ntate le ’Mè ba ne ba lula ba phathahane, ho ne ho se mohla ke ikutloang ke hlorile.
Ke ’na e moholo bananeng ba bararo, ’me ho tloha ke sa le monyenyane, ke ile ka koetlisetsoa ho tsamaisa khoebo ea lelapa leso. Ke ile ka nyaloa ke sa le monyenyane. Monna oa ka o ile a tlohela mosebetsi bankeng e le hore a tl’o thusa khoebong ea lelapa leso. Re ile ra ba le bana ba bararo bao re neng re ba hlahlamisitse kapele. ’Mè o ne a hlokomela bana ba ka a ntse a etsa mesebetsi ea lelapa, ha ke ntse ke le mosebetsing ho tloha hoseng ho fihlela bosiu. Leha ho le joalo, re ne re fumana monyetla oa ho ba hammoho re le lelapa.
Eaba ho putlama ha moruo ho thefula mabenkele haholo, ’me khoebo eso ea qala ho hula ka thata. Ka lebaka leo, re ile ra etsa qeto ea ho bula lebenkele le rekisang thepa ea kaho ea matlo haufi le ’mila o moholo. Letsatsing le etellang pele mokete oa ho qala ho le haha, Ntate, eo e neng e le mopresidente oa k’hamphani eso, o ile a tsietsana ka lebaka la bothata ba boko. Ka mor’a moo o ne a se a sa khone ho bua hantle, eaba ke jara boikarabelo ba ho hlokomela lebenkele leo le lecha. Monna oa ka o ile a sala lebenkeleng la khale. Re ile ra ba maphathaphathe haholo.
Khoebo e ne e le ntle lebenkeleng leso le lecha. Katleho ea ka e ile ea ntlhatsoa pelo hoo ke ileng ka itima boroko ka lebaka la mosebetsi. Le hoja ke ne ke rata bana ba ka, ke ne ke lula ke nahana ka mosebetsi. Ke ne ke se na nako e kaalo ea ho bua le monna oa ka, ’me ha re fumane nako ea ho bua, re ne re ngangisana haholo. E le hore ke fokotse khatello ea kelello, ke ile ka qala ho intša hoo e ka bang bosiu bo bong le bo bong, ke il’o noa le metsoalle le bo-mphato ba ka khoebong. Sohle seo ke neng ke se etsa e ne e le ho sebetsa, ho noa le ho robala. Ke ne ke eme hantle licheleteng empa ke hloka thabo, ’me ke sa utloisise hore na hobane’ng.
KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ho na le litemana tse tharo tsa Bibele tse ileng tsa ba le tšusumetso e matla ho ’na. Ke ile ka lla ha ke utloisisa se boleloang ke Matheu 5:3 ha e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” Temana ena e ile ea etsa hore ke lemohe hore na ke hobane’ng ha ke sa thaba le hoja ke eme hantle licheleteng ’me ke nkeloa holimo ke bo-mphato ba ka khoebong. Ke ile ka hlokomela hore nka thaba hafeela ke ela hloko seo ke se hlokang moeeng ’me ke se fumana.
Ka nako eo, moruo oa Japane o ne o thefulehile haholo, ’me ka hlokomela kamoo mantsoe a 1 Timothea 6:9 a phethahalang kateng ho bo-mphato ba ka khoebong, ha e re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” Ke ile ka hlokomela hore seo Jesu a se buileng ho Matheu 6:24, ha a re “le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo,” sea ntšoanela, eaba ke etsa qeto ea ho fetoha.
Ke ile ka hlokomela hore ke hlokomolohile batsoali ba ka, monna oa ka le bana ba ka. Ka boela ka hlokomela hore ke na le mekhoanyana e seng metle. Ke ne ke se ke ikhohomosa, ke fella batho pelo ’me ke halefa kapele. Qalong, ke ne ke nahana hore nke ke ka khona ho fetoha Mokreste. Leha ho le joalo, ke ne ke rata bana ba ka haholo ’me ka hlokomela hore baa thaba ha ke sebelisa keletso ea Bibele lapeng. Ke ne ke qeta nako e eketsehileng le bona ’me ke ea libokeng tsa Bokreste le bona.
MELEMO EO KE E FUMANENG: Se entseng hore ke thabe le ho khotsofala e le kannete ke ho tseba hore na ke phelela’ng, ho sebeletsa Molimo le ho phela ka tsela e mo thabisang. Ha ke sa hlokomoloha lelapa ka lebaka la mosebetsi, kahoo ke boetse ke na le seriti.
Ha ’Mè a bona kamoo ke fetohileng kateng ka lebaka la ho sebelisa melao-motheo ea Bibele o ile a susumelletseha ho ithuta Bibele le ho ba Mokreste. Ho thabisang ke hore Ntate le monna oa ka ha baa ka ba ema liqeto tsa rōna pele. Re se re le mathe le leleme le bana ba ka, ’me hona joale bophelo ba lelapa la ka bo monate e le kannete.
PALE EA BOPHELO
LEBITSO: MIKHAIL ZUYEV
LILEMO: 51
NAHA: RUSSIA
E NE E LE: MOREKISI OA LIBETSA TSE SENG MOLAONG
BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Motse oa heso oa Krasnogorsk ke sebaka se setalana. Nōka ea Moscow e phallela ka boroa. Metse e ka bophirimela le e ka leboea e pota-potiloe ke meru.
Ha ke sa le mocha, ke ne ke rata ho loana ka lifeisi le ho bapala ka libetsa. Ke ne ke qeta nako e ngata ke ikoetlisa. Ka etsa le lithunya, libetsa le lithipa tse seng molaong. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka hoeba ka tsona. Ke ne ke tseba taba tsa ka ’me ke khona ho rekisetsa likebekoa thepa ea ka.
KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova, empa qalong ke ne ke sa li tšepe. Ke ne ke bona li botsa lipotso tse ngata ho feta tekano.
Ka letsatsi le leng, Paki e ’ngoe e ile ea mpalla Baroma 14:12, e reng: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” Ka ipotsa hore na ke tla ikarabella ka ho re’ng ho Molimo. Temana ena e ile ea ntšusumelletsa ho ithuta seo Molimo a se hlokang ho ’na.
Ke ile ka ikitlaelletsa ho sebelisa keletso ea Bibele e tlalehiloeng ho Bakolose 3:5-10, e reng: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo. Ka lebaka la lintho tseo khalefo ea Molimo ea tla. . . . Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna. Le se ke la bolellana leshano. Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha.”
Ho ile ha ba thata haholo hore ke fetohe. “Bo-mphato ba ka” ba nakong e fetileng ba ne ba lula ba ’nonosa chelete ea libetsa, ’me ho le thata hore ke ithibe ha batho ba nthohaka. Leha ho le joalo, ke ile ka senya moqeqekohali oa ka oa libetsa. Ha ke ntse ke ithuta ka lerato leo Molimo le Kreste ba mpontšitseng lona, le ’na ka susumelletseha ho ba rata. Ke ile ka ithuta Bibele ke sa phetse, ka ea libokeng tsa phutheho ’me ka rapela hore Molimo a nthuse.
MELEMO EO KE E FUMANENG: Hanyane ka hanyane, ka thuso ea barab’eso ba Bakreste ke khonne ho fetoha le hoja ke sokotse haholo. Ke thabela ho tseba hore Jehova Molimo o tsotella e mong le e mong oa rōna, ho akarelletsa le bafu. (Liketso 24:15) Ke rata botšepehi le ho hloka boikaketsi ha Lipaki Tsa Jehova. ’Me ke ananela hore ebe li ile tsa nthahasella e le kannete le hore ebe lia tšepahala ho Molimo.
Qalong, ba bang lapeng leso esita le metsoalle ba ne ba hanyetsa tumelo ea ka e ncha. Empa ba itšelisa ka hore ho molemo hore ke be setho sa bolumeli ho e-na le ho ba sekebekoa. Ke thabetse hore ebe ha ke sa iteletse ho rekisa libetsa empa ke iteletse ho thusa batho ba bang hore ba ithute ka Molimo oa khotso.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
E le ho kokobetsa letsoalo la ka, ke ne ke ea litšebeletsong tsa bolumeli ba K’hatholike
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ke ne ke eme hantle licheleteng empa ke hloka thabo