Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/1 maq. 28-31
  • Kamoo Tumelo e Nthusitseng ho Mamella Litsietsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Tumelo e Nthusitseng ho Mamella Litsietsi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hōtse Hamonate ke se na Mathata a Makaalo
  • Re Hōlisa Ngoana oa Rōna Hore a Rate Jehova
  • O Loantša Kankere ea Mali
  • Ba Bang ba Khahloa ke Tumelo ea Saúl
  • Ho Thusa Bana ba Saretsoeng
    Tsoha!—2012
  • “Ke Bolokile Tumelo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Ha Ngoana a Tšoeroe ke Kankere
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/1 maq. 28-31

Kamoo Tumelo e Nthusitseng ho Mamella Litsietsi

Joalokaha ho boletse Soledad Castillo

Ka makhetlo a ’maloa bophelong ba ka, ke batlile ke sithabetsoa ke ho hlora​—empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Ha ke le lilemo li 34, monna oa ka ea ratehang o ile a hlokahala. Lilemo tse tšeletseng hamorao Ntate a hlokahala. Likhoeli tse robeli ka mor’a lefu la Ntate, ka bolelloa hore mora oa ka ea mong o tšoeroe ke lefu le sa foleng.

LEBITSO la ka ke Soledad, e bolelang “Ho hlora.” Le hoja ho thoe bitso-lebe ke seromo, ha ke e-s’o ka ke ikutloa eka ha ke na mang-oee. Ha ke hlaheloa ke litsietsi, ke ne ke lumela hore Jehova Molimo o na le ’na, ‘o ntšoere ka letsoho ’me o nthusa hore ke se ke ka tšoha.’ (Esaia 41:13) E-re ke u hlalosetse hore na ke thusitsoe ke eng hore ke mamelle litsietsi tse ileng tsa ntlhahela le kamoo li entseng hore ke atamele ho Jehova.

Ke Hōtse Hamonate ke se na Mathata a Makaalo

Ke hlahetse Barcelona, Spain, ka la 3 May, 1961, ke le ngoana ea mong oa batsoali ba ka, José le Soledad. Ha ke le lilemo li robong, ’Mè o ile a ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo. O ne a ipotsa lipotso tse amanang le bolumeli empa a sa fumane likarabo tse mo khotsofatsang kerekeng ea hae. Ka letsatsi le leng, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa mo etela hae eaba li araba lipotso tsa hae kaofela li sebelisa Bibele. O ile a lumela kapele ha li kōpa ho ithuta Bibele le eena.

Ka mor’a nako e khutšoanyane ’Mè e ile ea e-ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng, ’me lilemo tse seng kae hamorao, Ntate le eena a kolobetsoa. Eliana, ea neng a ruta ’Mè Bibele o ile a hlokomela hore ke thahasella Lentsoe la Molimo. Le hoja ke ne ke sa le monyenyane, Eliana o ile a nkhothalletsa hore ke rutoe Bibele ke le mong. Ka lebaka la thuso ea hae le khothatso ea ’Mè, ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 13.

Ha ke le moroetsana, hangata ke ne ke rapela Jehova—haholo-holo ha ke lokela ho etsa liqeto. Ho bua ’nete, ha kea ka ka ba le mathata a makaalo boroetsaneng ba ka. Ke ne ke e-na le metsoalle e mengata ka phuthehong, ’me ke utloana le batsoali ba ka. Ka 1982, ke ile ka nyaloa ke Felipe, eo e neng e le Paki e ikemiselitseng ho tsoela pele e sebeletsa Jehova joaloka ’na.

Re Hōlisa Ngoana oa Rōna Hore a Rate Jehova

Ka mor’a lilemo tse hlano, ke ile ka ba le ngoana e motle oa moshanyana eo re ileng ra mo reha lebitso la Saúl. ’Na le Felipe re ne re thabetse ho ba le ngoana. Re ne re tšepile hore Saúl o tla hōla e le ngoana ea phetseng hantle, ea tsitsitseng, ea ratang Molimo. Re ne re qeta nako e ngata re e-na le Saúl, re mo bolella ka Jehova, re ja hammoho, re e-ea le eena serapeng sa boikhathollo, re bile re bapala le eena. Saúl o ne a rata ho tsamaea le Felipe ha a il’o bolella batho ’nete ea Bibele, ’me Felipe a mo thusa ho etsa mosebetsi ona a sa le monyenyane, a mo ruta ho kokota menyako le ho fa batho lipampitšana.

Saúl o ne a sa sokolise. Ha a le lilemo li tšeletseng, o ne a tloaetse ho tsamaea le rōna ha re il’o bolela evangeli. O ne a rata ho mamela lipale tsa Bibele, ’me a labalabela nako ea lelapa ea ho ithuta Bibele. Nakoana ka mor’a hore a qale ho kena sekolo, o ile a qala ho iketsetsa liqeto tse fokolang tse thehiloeng ho seo a ithutileng sona Bibeleng.

Leha ho le joalo, ha Saúl a e-ba lilemo li supileng, bophelo ba lelapa la rōna bo ile ba fetoha haholo. Felipe o ile a tšoaroa ke lefu la matšoafo. O ile a hoehla ka likhoeli tse 11, a sa khone ho sebetsa ’me hangata a sitoa ho phahama likobong. Monna oa ka o ile a hlokahala a le lilemo li 36.

Ke sa ntsane ke lla ha ke hopola selemo seo se boima. Ke ile ka bona ha monna oa ka a hlōloa ke ntoa butle-butle, ’me ho se seo nka se etsang. Nakong eo eohle, ke ne ke leka ho khothatsa Felipe, le hoja botebong ba pelo ke ne ke hlokomela hore litoro tsa ka li ne li tlil’o fetoha lefeela. Ke ne ke mo balla lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ’me li ne li re khothatsa ha re sa khone ho ea libokeng tsa phutheho. Ha a hlokahala, ke ile ka hlora haholo.

Leha ho le joalo, Jehova o ile a ntšehetsa. Ke ne ke lula ke mo kōpa hore a mphe moea oa hae. Ke ne ke mo leboha bakeng sa lilemo tse monate tseo ke li qetileng ke e-na le Felipe le bakeng sa tšepo ea hore ke tla mo bona hape ha a tsoha bafung. Ke ile ka kōpa Molimo hore a nthuse ke thabe ha ke hopola bophelo boo ke ileng ka bo phela le monna oa ka ’me a mphe bohlale ba ho hōlisa ngoana oa rōna hore e be Mokreste oa ’nete. Nakong eo ea mesarelo, ke ile ka ikutloa ke tšelisehile.

Ke ile ka tšehetsoa haholo ke batsoali ba ka le litho tsa phutheho. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho hlokahala hore ke rute Saúl Bibele ’me ke mo rute ho sebeletsa Jehova. Motho ea kileng a nkhira o ile a mpha mosebetsi o motle oa ofising, empa ke ile ka khetha mosebetsi oa ho hloekisa e le hore nka ba le nako e ngata le Saúl ’me a mphumane lapeng ha a tsoa sekolong.

Lengolo le ileng la etsa hore ke bone hore ke habohlokoa ho ruta Saúl ka Molimo ke le reng: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Temana ena e ile ea mpha tšepo ea hore haeba ke etsa sohle seo nka se khonang ho ruta Saúl ka litsela tsa Jehova, O tla hlohonolofatsa boiteko boo. Ho hlakile hore ke ile ka lokela ho tela lintho tse itseng tsa nama, empa ho ne ho hlokahala hore ke be le mora oa ka, ’me e ne e le eona ntho ea bohlokoa ho feta ho fumana lintho tsa nama.

Ha Saúl a le lilemo li 14, Ntate o ile a hlokahala. Saúl o ile a utloa bohloko haholo, kaha lefu la ntate-moholo oa hae le ile la mo tsosetsa bohloko boo a ileng a bo utloa ha a hlokahalloa ke ntate oa hae. Hape, Ntate o ne a behile mohlala o motle oa ho rata Jehova. Ka mor’a lefu la hae, Saúl o ile a etsa qeto ea hore e tla ba eena “monna” oa lelapa, ’me ho tla hlokahala hore a hlokomele ’mè oa hae le nkhono oa hae.

O Loantša Kankere ea Mali

Likhoeli tse robeli Ntate a hlokahetse, ngaka ea rōna e ile ea mpolella hore ke ise Saúl sepetlele kahobane o ne a e-na le mokhathala o feteletseng. Ka mor’a hore ho etsoe liteko tse ngata, lingaka li ile tsa mpolella hore Saúl o tšoeroe ke kankere ea mali.a

Lilemong tse peli le halofo tse hlahlamang, Saúl o ne a kena a tsoa sepetlele ka lebaka la kankere le chemotherapy, e leng phekolo ea lik’hemik’hale eo lingaka li neng li leka ho e loantša ka eona. Phekolo ea pele ea likhoeli tse tšeletseng e ile ea etsa hore kankere e re khoe! ka likhoeli tse ka bang 18. Empa e ile ea boea sekoele, ’me Saúl a phekoloa hape ka lik’hemik’hale ka nako e khutšoanyane ’me phekolo ena ea mo fokolisa haholo. Kankere e ile ea re khoe! ka nako e khutšoanyane feela, ’me Saúl o ne a se a fokola hoo phekolo ea boraro ea lik’hemik’hale e neng e ka mo imela. Saúl o ne a nehetse bophelo ba hae ho Molimo ’me a boletse hore o batla ho ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng, empa o ile a hlokahala nakoana ka mor’a hore a be lilemo li 17.

Hangata lingaka li buella hore motho a tšeloe mali bakeng sa ho etsa hore phekolo ea lik’hemik’hale e se ke ea mo sohloka haholo. ’Nete ke hore ho tšeloa mali ho ke ke ha phekola motho boloetse boo a nang le bona. Ha lingaka li lemoha ka lekhetlo la pele hore Saúl o na le kankere ea mali, ’na le eena re ile ra lokela ho bolela ka ho hlakileng hore re ke ke ra lumela hore a tšeloe mali, hobane re ne re batla ho mamela molao oa Jehova o reng re “ile . . . mali.” (Liketso 15:19, 20) Ka makhetlo a mangata ho ile ha hlokahala hore Saúl a kholise lingaka ke le sieo hore ke eena ea iketselitseng qeto ena. (Sheba lebokose le leqepheng la 31.)

Qetellong lingaka li ile tsa etsa qeto ea hore Saúl ke ngoana ea khonang ho ikemela ea utloisisang ka botlalo hore na o tšoeroe ke lefu la mofuta ofe. Li ile tsa lumela hore li tla hlompha qeto ea rōna ’me li se ke tsa mo tšela mali, le hoja li ne li re emella kamehla hore re fetole maikutlo. Ke ile ka hlatsoeha pelo ha ke utloa Saúl a hlalosetsa lingaka qeto ea hae. Ho hlakile hore o ne a e-na le kamano e haufi le Jehova.

Hlabuleng la ha re qala ho tseba hore Saúl o tšoeroe ke kankere, ho ile ha lokolloa buka ea Atamela ho Jehova kopanong ea rōna ea setereke Barcelona. Buka eo ea bohlokoa e ile ea tšoana le seikokotlelo se ileng sa re thusa hore re eme re tiile nakong ea ha re sa tsebe hore na re tla hlaheloa ke eng re bile re tšoenyehile. Ha re le sepetlele, re ne re bala likarolo tse itseng tsa buka ena hammoho. Hangata ha re ne re imetsoe, re ne re hopola se ngotsoeng bukeng ena. Ke nakong ena moo re ileng ra rata lengolo la Esaia 41:13, le hlahang selelekeleng sa buka ena. Le re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”

Ba Bang ba Khahloa ke Tumelo ea Saúl

Lingaka le baoki Sepetleleng sa Vall d’Hebrón ba ile ba khahloa ke kamoo Saúl a neng a khona ho ikemela kateng a bile a tletse tšepo. E ne e le thatohatsi ea sehlopha sohle se neng se mo hlokometse. Ho tloha ka nako eo, ngaka e khōlō ea mali e hlokomelang bakuli ba kankere e okile bana ba bang ba Lipaki ba tšoeroeng ke kankere ea mali, ’me e ba tšoere ka tlhompho e khōlō le seriti. E sa ntsane e hopola qeto e tiileng ea Saúl ea ho tšoarella tumelong ea hae, le sebete sa hae leha a ne a tobane le lefu, le kamoo a neng a khanya khotso kateng.[1] Baoki ba ile ba bolella Saúl hore ha ba e-s’o ka ba e-ba le mokuli ea nang le botho bo botle joaloka eena. Ba re ho ne ho se mohla a tletlebang kapa a sa soasoeng—esita leha a le makhatheng a lefu.

Setsebi se seng sa kelello se ile sa mpolella hore bana ba bangata ba tšoaroang ke lefu le bolaeang ha ba le lilemong tseo ba atisa ho se hlomphe lingaka le batsoali ka lebaka la ho opeloa le ho ferekana. Setsebi sena se ile sa hlokomela hore Saúl o ne a se joalo. Se ile sa makala ho bona kamoo Saúl a neng a khobile matšoafo kateng a bile a tletse tšepo. ’Na le Saúl re ile ra ba le monyetla oa ho se bolella ka tumelo ea rōna.

Hape ke sa hopola kamoo ka tsela e sa tobang Saúl a ileng a thusa Paki e ’ngoe phuthehong ea heso. E ne e se e le lilemo tse tšeletseng a tetebetse maikutlo, ’me meriana e hlōlehile ho mo thusa. Ka makhetlo a ’maloa o ile a sesa bosiu sepetlele a hlokometse Saúl. O ile a mpolella hore tsela eo Saúl a neng a le ka eona leha a tšoeroe ke kankere ea mali e ile ea mo ama maikutlo haholo. O ile a hlokomela hore le hoja Saúl a ne a khathetse, o ne a leka ho khothatsa e mong le e mong ea neng a mo etela. Paki ena e re: “Mohlala oa Saúl o nthusitse hore ke be sebete ho loantša ho tetebela maikutlo.”

Ho se ho fetile lilemo tse tharo Saúl a hlokahetse. Ha ho pelaelo hore ke ntse ke utloile bohloko. Ha kea tšepa matla a ka, empa Molimo o mphile “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Ke ithutile hore le maemo a thata le a bohloko ka ho fetisisa a ka hlahisa lintho tse molemo. Ho ithuta ho mamella ho shoeloa ke monna oa ka, Ntate, le mora ho nthusitse hore ke se ke ka icheba bonna ’me ke utloisise boemo ba batho ba bang ba mahlomoleng. Ka holim’a tsohle, ho nkatamelitse ho Jehova. Ha ke tšabe se tla etsahala nakong e tlang hobane Ntate oa ka ea leholimong o ntse a nthusa. O sa ntsane a ntšoere ka letsoho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Saúl o ne a e-na le lymphoblastic leukemia, e leng kankere e kotsi ea mali e bolaeang lisele tse tšoeu tsa mali.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]

NA U KILE UA IPOTSA?

Mohlomong u utloile hore Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho tšeloa mali. Na u kile ua ipotsa hore na ke ka lebaka lefe?

Le hoja qeto ea tsona e thehiloe ka Bibeleng, hangata batho ba e nka hampe. Ka linako tse ling batho ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova ha li batle ho phekoloa kapa ha li nke bophelo e le ba bohlokoa. Ho hang sena hase ’nete. Lipaki Tsa Jehova li batla hore tsona le ba malapa a tsona ba phekoloe ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, li batla ho phekoloa ho sa sebelisoe mali. Hobane’ng?

Qeto ea tsona e thehiloe molaong oa motheo oo Molimo a o fileng batho. Hang ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, Molimo o ile a lumella Noe le lelapa la hae hore ba je nama ea liphoofolo. Molimo o ile a ba fa molao oa hore ba se ke ba ja mali. (Genese 9:3, 4) Batho ba merabe eohle ba tsoa lesikeng la Noe, kahoo, molao ona o tlama batho bohle. Ha oa ka oa felisoa. Lilemo tse fetang makholo a robeli hamorao, Molimo o ile a boela a bolella sechaba sa Iseraele molao oo, a se hlalosetsa hore mali aa halalela, a emela moea kapa bophelo. (Levitike 17:14) Lilemo tse fetang 1 500 hamorao, baapostola ba Bakreste ba ile ba laela Bakreste bohle hore ba ‘’ne ba ile mali.’​—Liketso 15:29.

Ho hang Lipaki Tsa Jehova li ke ke tsa bolela hore li ila mali ebe leha ho le joalo li a kenya ’meleng ka ho tšeloa mali. Ke ka lebaka leo li batlang hore li phekoloe ka mekhoa e meng ho e-na le ho tšeloa mali. Hangata qeto ena e thehiloeng ka Bibeleng e etsa hore li phekoloe ka mokhoa o molemo ka ho fetisisa. Hase feela le batho ba bangata bao e seng Lipaki Tsa Jehova ba batlang hore ba phekoloe ho sa sebelisoe mali.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke na le monna oa ka Felipe le mora oa rōna Saúl

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Batsoali ba ka José le Soledad

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Saúl khoeli pele a hlokahala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela