Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 12-14
  • Ha Ngoana a Tšoeroe ke Kankere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Ngoana a Tšoeroe ke Kankere
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kankere ea Matsoele—Seo Mokuli a ka se Lebellang, Seo a ka se Etsang
    Tsoha!—2011
  • “Ke Bolokile Tumelo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Tobana le Boemo ba Tšohanyetso ba Phekolo ea Meriana
    Tsoha!—1996
  • Kamoo Tumelo e Nthusitseng ho Mamella Litsietsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 12-14

Ha Ngoana a Tšoeroe ke Kankere

“Ke ne ke feletsoe ke tšepo. Ke selebaletsoe. Eaba ke qala ho ikutloa ke siame joalokaha eka ngoan’a ka oa ngoanana o se a hlokahetse.”—Mantsoe ana a builoe ke Jaílton, ha a utloa hore morali oa hae o tšoeroe ke kankere.

U KA tšoha ua ba ua ikutloa u sithabetse ha u utloa hore ngoana oa hao o tšoeroe ke kankere. See se etsahala hangata hakae? Mokhatlo oa Machaba oa Toantšo ea Kankere o bontša hore le hoja “lipalo-palong tsa batho ba tšoaroang ke kankere palo ea bana e le tlaase haholo, selemo ka seng kankere e fumanoa baneng ba fetang 160 000 [lefatšeng lohle] ’me linaheng tse tsoetseng pele, kankere ke lefu la bobeli mafung a atisang ho bolaea bana, e latela likotsi tse ba hlahelang.” Ka mohlala Brazil, Mokhatlo oa Naha oa Kankere o re: “Ho na le bana ba ka bang 9 000 bao ho fumanoang hore ba tšoeroe ke kankere selemo le selemo.”

Buka ea À margem do leito—A mãe e o câncer infantil (Pel’a Bethe—’Mè le Ngoana ea Tšoeroeng ke Kankere) e bontša hore ha ngoana a tšoaroa ke kankere, “seo e ba lerumo le hlabang setho se seng le se seng sa lelapa habohloko, ha ho na ea sa ameheng.” Hang ha ho fumanoa hore ngoana o tšoeroe ke kankere, hangata ho hlokahala hore a buuoe, esita le ho phekoloa ka chemotherapy kapa ka radiation kapa ka mekhoa ena ka bobeli le hoja e boetse e e-na le liphello tse bohloko. Batsoali ba ikutloa ba tsitsipane, ba tšohile, ba le mahlomoleng, ba le molato, ba halefile ba bile ba sitoa ho amohela boemo boo. Batsoali ba ka sebetsana joang le boemo boo bo bohloko?

Ke ’nete hore basebetsi ba lipetlele ba lerato ba ka khatha tema e khōlō tabeng ea ho ba tšelisa. Ngaka e ’ngoe ea New York e ileng ea thusa bakuli ba bangata ba tšoeroeng ke lefu la kankere e itse: “Ba ka fana ka boitsebiso bo bong bo ka khothatsang, ba ba ba hlalosa hore na ho ka lebelloa liphello life tse bohloko nakong e tlang. Leseli la mofuta oo le ka etsa hore boemo bona e se ke ea e-ba bo sithabetsang haholo.” Batsoali bao ngoana oa bona a ileng a tšoaroa ke kankere le bona ba ka khatha tema e khōlō tabeng ea ho ba tšelisa. Ka lebaka leo, bangoli ba Tsoha! ba ile ba buisana le batsoali ba mofuta oo ba bahlano ba Brazil.

● Jaílton le Néia “Ha morali oa rōna a le lilemo li peli le halofo, re ile ra fumana hore o tšoeroe ke kankere ea mali ea bana.”

Ho ile ha nka nako e kae a ntse a sebetsoa ke lingaka?

“O ile a phekoloa ka chemotherapy ka lilemo tse ka bang peli le halofo.”

Phekolo ee e ile ea mo tšoara joang?

“O ne a hlatsa haholo ’me moriri oa hae o ile oa fela. Meno a hae a ile a ntšofala. ’Me ka makhetlo a mararo a tšoaroa ke nyumonia.”

See se ile sa le ama joang?

“Qalong re ne re tšohile haholo, re nahana hore o tla shoa. Empa ha re bona hore boemo ba hae boa ntlafala, re ile ra ba le tšepo ea hore o tla fola. Hona joale o tla tloha a tšoara selemo sa borobong.”

Ke eng e le thusitseng ho sebetsana le boemo boo bo sithabetsang?

“Ka sebele, re thusitsoe ke ho tšepa Jehova Molimo, ‘ea ileng a re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna,’ joalokaha Bibele e bolela ho 2 Bakorinthe 1:3, 4. Bara le barali babo rōna ba Bakreste le bona ba ile ba re tšehetsa ka tsela e tsotehang. Ba ne ba re ngolla mangolo a khothatsang, ba re founela, ba rapela le rōna ba bile ba re rapella; ba ile ba ba ba re thusa ka lichelete. Eitse joale ha morali oa rōna a lokela ho isoa sepetleleng se profinseng e ’ngoe, Lipaki tsa moo li ile tsa re fa marobalo tsa ba tsa chenchana ka ho re isa sepetlele. Ha re tsebe hore na re ka leboha ra re’ng ka thuso eohle eo re ileng ra e fuoa.”

● Luiz le Fabiana “Ka 1992, re ile ra fumana hore morali oa rōna o na le kankere karolong ea pōpelo e hlahisang mahe, ebile e le mofuta oa kankere e sa tloaelehang, e kotsi e bileng e atang ka potlako. O ne a le lilemo li 11.”

Ha le qala ho utloa seo, le ile la ikutloa joang?

“Re ne re sa kholoe. Re ne re sa lumele hore morali oa rōna o tšoeroe ke kankere.”

O ile a alafshoa joang?

“O ile a buuoa a ba a etsoa chemotherapy, ’me seo se ile sa re tetebetsa le ho re sulafalletsa bophelo. Morali oa rōna o ile a tšoaroa ke nyumonia ka makhetlo a mabeli. Lekhetlong la bobeli, o ile a batla a e-shoa. Ka mor’a moo, a haelloa ke likarolo tsa mali tse bitsoang liplatelete, e leng se ileng sa etsa hore a lule a tsoa mokola ’me letlalo la hae le lutle mali. O ile a fumana meriana e ileng ea kokobetsa boemo bona.”

Ho ile ha nka nako e kae a ntse a sebetsoa ke lingaka?

“Ho tloha ha a etsoa tlhahlobo ea pele ho fihlela a etsoa chemotherapy ka lekhetlo la ho qetela, ho ile ha nka hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng.”

Morali oa lōna o ile a ikutloa joang ha a bolelloa hore o tšoeroe ke lefu lee le hore na o tla alafshoa joang?

“Qalong o ne a sa tsebe hore na ho etsahala’ng. Ngaka e ile ea mo bolella hore ho na le ‘bolo e nyenyane ka mpeng ea hae eo ho hlokahalang hore e ntšoe.’ Qetellong o ile a lemoha hore o tšoeroe ke lefu le leng le sehlōhō. Eaba o re, ‘Ntate, na ke tšoeroe ke kankere?’ Ka ikutloa ke sa tsebe hore na ke tla re’ng.”

U ne u ikutloa joang ha u bona morali oa lōna a utloa bohloko joalo?

“Ho thata ho hlalosa bohloko boo re neng re bo utloa. Ka mohlala, ak’u inahanele u shebeletse moralinyana oa hao a thusa mooki ho fumana mothapo bakeng sa chemotherapy. E ne e re ha ho le boima ka ho fetisisa, ebe ke ea ka ntloaneng ho ea lla le ho rapela. Bosiung bo bong ke ile ka sithabela hoo ke ileng ka kōpa Jehova hore a mpe a ntlohele ke shoe, moralinyana oa ka a phele.”

Ke eng e ileng ea le thusa boemong boo?

“Ntho e khōlō e ileng ea re thusa ke tsela eo barab’abo rōna ba Bakreste ba ileng ba re tšehetsa ka eona; ba bang ba lulang likarolong tse ling tsa naha ba ne ba re founela. Mor’abo rōna e mong ea ratehang o ile a nkōpa hore ke late Bibele. Eaba ka lerato o mpalla litemana tse ling bukeng ea Lipesaleme. E ne e le tse ling tsa litemana tseo ’na le mosali oa ka re neng re li hloka, kaha lena e ne e le le leng la makhetlo ao re neng re tetebetse ka ho fetisisa ha morali oa rōna a ntse a alafshoa.”

● Rosimeri “Morali oa ka o ne a le lilemo li ’nè ha ho fumanoa hore o tšoeroe ke kankere ea mali.”

U ile ua ikutloa joang ha u utloa seo?

“Ke ne ke sa kholoe. Ke ne ke lla bosiu le motšehare ke kōpa hore Molimo a nthuse. Morali oa ka e moholo le eena o ile a tetebela maikutlo ha a bona hore na ngoan’abo o kula hakae. Ke ile ka ba ka tlameha ho mo isa ho ’Mè hore a e’o lula le eena ka nakoana.”

Phekolo e ile ea tšoara moralinyana oa hao joang?

“O ile a haelloa ke mali kaha letsatsi le letsatsi o ne a etsoa chemotherapy, kahoo lingaka li ile tsa mo fa lijo tse nang le tšepe le erythropoietin e le hore lisele tsa hae tse khubelu li ka eketseha. Boemo bona bo ne bo etsa hore ke lule ke tšoenyehile. O ne a bile a honyela mesifa.”

Ho ile ha nka nako e kae a ntse a sebetsoa ke lingaka?

“O ile a qeta lilemo tse peli le likhoeli tse ’nè a tsamaea chemotherapy khafetsa. Ka nako eo, moriri oa hae o ile oa fela ’me a theoha habohloko ’meleng. Ka lehlohonolo, kaha ke motho ea ratang ho soasoa, o ile a khona ho mamella. Ka mor’a hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng, lingaka li ile tsa re ha li sa bona matšoao a lefu lena.”

Ke eng e ileng ea u thusa ha ho ne ho hlile ho le thata?

“Ke ne ke rapela khafetsa le morali oa ka, ’me re nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng ea bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ileng ba mamella liteko tse sa tšoaneng. Re ne re boetse re nahana ka mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:34 a bontšang hore ha rea lokela ho eketsa mathata a rōna a kajeno ka ho tšoenyeha ka a letsatsi le hlahlamang. Re ile ra thusoa haholo ke Bakreste-’moho le rōna, ba akarelletsang barab’abo rōna ba Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ea sebakeng sa habo rōna; ho phaella moo, re ile ra thusoa ke basebetsi ba bang ba lerato ba sepetlele, ba atisang ho sebetsana le boemo ba mofuta ona.”

Na ho na le ngoana eo u mo tsebang ea tšoeroeng ke kankere, esita le haeba ke ngoana eo u amanang le eena? Haeba ho joalo, e se eka lipuisano tsena li ka u thusa ho utloisisa hore hase uena feela ea mahlomoleng. Joalokaha Bibele e bolela, ho na le “nako ea ho lla.” (Moeklesia 3:4) Ho feta moo, kholiseha hore Molimo oa ’nete, Jehova, eo Bibele e reng ke “Ea Utloang thapelo,” o tla tšelisa bohle ba kōpang thuso ho eena ka pelo eohle.—Pesaleme ea 65:2.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Litemana Tsa Bibele Tse Tšelisang

“Le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang. Tsa lona li tla bonahala ka nako eo. Ho na le lintho tse ngata haholo tseo le ka tšoenyehang ka tsona kajeno.”—Matheu 6:34, Contemporary English Version.

“Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.

‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho Molimo, hobane oa le tsotella.’—1 Petrose 5:7.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

Tokisetso e Lerato

Lipaki Tsa Jehova li na le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele tseo morero oa tsona e leng ho ntlafatsa litšebelisano pakeng tsa lipetlele le bakuli. E le hore li finyelle seo, li thusa bakuli ba Lipaki hore ba fumane lingaka tse nang le tsebo tse bileng li hlomphang takatso ea Lipaki ea ho mamela taelo ea Bibele e reng, ‘le ile mali.’—Liketso 15:20.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Néia, Sthefany le Jaílton

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Luiz, Aline le Fabiana

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Aline le Rosimeri

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela