Kankere ea Matsoele—Seo Mokuli a ka se Lebellang, Seo a ka se Etsang
CONCHITA o ne a se na matšoao ao ka tloaelo a bontšang hore motho o kotsing ea ho tšoaroa ke kankere.a O ne a le lilemo li 40, a phetse hantle ebile ho se na mong ka eena ea kileng a tšoaroa ke kankere ea matsoele. Tlhahlobo ea matsoele eo a neng a tloaetse ho e etsa ka mochine oa X-ray, e ne e sa bontša letho le sa tloaelehang. Empa ka letsatsi le leng ha a ntse a hlapa ’me a itlhahloba matsoele, o ile a utloa hore o na le kotola letsoeleng. Ho ile ha fumaneha hore kotola eo ke kankere. Conchita le monna oa hae ba ile ba thethebala feela ha ngaka e ntse e ba hlalosetsa mekhoa e sa tšoaneng ea phekolo eo ba ka e sebelisang.
Nakong e fetileng, lingaka li ne li bolella basali ba nang le kankere ea matsoele hore ntho feela eo li ka e etsang ke hore li khaole letsoele—li etse opereishene eo li tlosang letsoele, li-lymph node tse sefubeng le tse ka lehafing hammoho le karolo e ’ngoe ea mosifa oa sefuba. Phekolo ea chemotherapy kapa ea radiation e atisa ho lelefatsa nako ea bokuli. Ka ho utloahalang, batho ba bangata ba tšaba “phekolo” ho feta bokuli.
Boiteko ba ho loantša kankere ea matsoele e ’nile ea e-ba ntoa e tsoelang pele pakeng tsa ho hlasela ’molai eo le ho qoba mekhoa ea phekolo e senyang motho sebōpeho e bileng e etsang hore a opeloe ho sa hlokahale. Joaloka tabeng ea Conchita, bakuli ba nang le kankere ea matsoele ba ka ’na ba khetha phekolo mekhoeng e sa tšoaneng e sebelisoang kajeno.b Liphuputso tse tsoelang pele tsa bongaka le litlaleho tsa mecha ea phatlalatso li fana ka tšepo ea hore mekhoa e mecha ea phekolo, ho etsa litlhahlobo esale pele ho bona hore na motho o kotsing ea ho tšoaroa ke kankere kapa che le ho ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng ho tla qetella ho felisitse boloetse bona.
Le hoja ho hatetsoe pele litabeng tsa bongaka, kankere ea matsoele e ntse e le sesosa se itlhommeng pele mefuteng ea kankere e bolaeang basali.c E tšoara basali ba bangata linaheng tse tsoetseng pele tsa Amerika Leboea le Europe Bophirimela, empa lenane la basali bao e ba tšoarang le ntse le eketseha linaheng tsa Asia le tsa Afrika, tseo nakong e fetileng li neng li e-na le lenane le tlaase. Ho feta moo, lenane la bao e ba bolaeang Asia le Afrika le holimo. Hobane’ng? Ngaka e ’ngoe ea Afrika e re: “Batho ba lieha ho e elelloa. Bakuli ba bangata ba tla ngakeng e se e namme.”
Ha motho a ntse a hōla, menyetla ea hore a tšoaroe ke kankere ea eketseha. Ho basali ba lekholo ba nang le eona ba ka bang 80 ke ba ka holimo ho lilemo tse 50. Empa ho thabisang ke hore kankere ea matsoele ke o mong oa mefuta e phekolehang ka ho fetisisa ea kankere. Ha e le hantle, basali ba 97 ho ba lekholo bao ho fumanoeng kapele hore ba na le kankere ea matsoele eaba e thibeloa ho nama, ba se ba qetile lilemo tse hlano ba phela ka mor’a hore e fumanoe. Conchita o sa tsoa feta lilemo tseo tse hlano.
Matšoao a Bontšang Hore Motho o na le Kankere ea Matsoele
Joaloka tabeng ea Conchita, batho ba atisa ho lemoha kankere ea matsoele ka hore ba utloe kotola e sa tloaelehang letsoeleng. Empa ka lehlohonolo, hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea likotola tseo ha e kotsi, tse ngata tsa tsona e mpa e le lihlahala feela tse tletseng metsi.
Kankere ea matsoele e qala e le sele e le ’ngoe feela e sa tloaelehang e ikatisang ka tsela e sa laoleheng, ’me butle-butle e iketsa kotola. Kotola eo e ba kotsi kapa e fetoha kankere ha lisele tsa eona li se li qala ho hlasela tse ling. Likotola tse ling li hōla ka potlako; ha tse ling tsona li ka ’na tsa nka lilemo tse isang ho tse leshome pele li fumanoa.
Ngaka ea Conchita e ile ea sebelisa ente e nyenyane hore e nke lisele tse seng kae kotoleng eo ho ea li hlahloba. Lisele tseo li ne li e-na le kankere. Kahoo, Conchita o ile a buuoa e le hore ho tlosoe kotola eo le lisele tse haufi le eona le hore lingaka li tsebe hore na e boemong bofe (boholo ba eona, ke ea mofuta ofe le hore na kankere e namme hakae) le hore na e hōla ka potlako hakae.
Ka mor’a hore ba buuoe, bakuli ba bangata ba tsoela pele ho fuoa phekolo e le ho thibela kankere ho khutla kapa ho namela libakeng tse ling. Lisele tsa kankere li ka khephoha kotoleng eaba li kena maling ’me tsa qala ho hōla hape. Ntho e etsang hore boloetse bona bo bolaee batho ke hore kankere e namela lithong tsa bohlokoa haholo—tse kang boko, sebete, moko kapa matšoafo.
Lingaka li ile tsa sebelisa radiation le chemotherapy ho Conchita, ho bolaea lisele tsa kankere tse haufi le moo e neng e qalile teng le likarolong tse ling tsa ’mele. Kaha kankere eo a neng a e-na le eona e ne e iphepa ka homone ea estrogen, li ile tsa boela tsa mo fa meriana e laolang homone eo, ho thibela lisele tse ncha tsa kankere ho hōla.
Mekhoa e meng e hatetseng pele eo ho phekoloang kankere ea matsoele ka eona, e phekola bakuli ho ea ka lilemo tsa bona, boemo ba bona ba bophelo, hore na ba kile ba ba le kankere kapa beng ka bona le hore na mokuli o na le kankere ea mofuta ofe. Ka mohlala, liteko li ile tsa bontša hore mosali e mong ea bitsoang Arlette o na le kankere le pele e tsoela ka ntle ho mothapo o ntšang lebese. Kahoo lingaka li ile tsa tlosa karoloana eo feela, e leng se ileng sa baballa letsoele la hae. Alice o ile a fuoa phekolo ea chemotherapy pele a buuoa, ho honyetsa kotola e neng e le letsoeleng la hae. Ngaka ea Janice e ile ea tlosa feela kotola le lymph node eo lero le tsoang kotoleng eo le neng le kena ho eona. Kaha lymph node eo e ne e se na lisele tsa kankere, ngaka e ile ea tlohela li-lymph node tse ling. Sena se ile sa fokotsa monyetla oa hore Janice a ruruhe mahafi, e leng se ka etsahalang haeba ho tlositsoe li-lymph node tse ngata.
Ho tsejoa ho hongata ka hore na kankere ea matsoele e nama joang, empa potso ea motheo eona e ntse e le hore, Ke hobane’ng ha batho ba ba le kankere ea matsoele, hona e qala joang?
E Bakoa ke Eng?
E ntse e le qaka hore na kankere ea matsoele e bakoa ke eng. Ba bang ba re ho fuputsoa haholo taba ea ho e phekola le ho e fumana—e leng se fanang ka phaello e ngata—ho fapana le ho batlisisa lisosa tsa eona le ho e thibela. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba sibolotse lintlha tse ling tsa bohlokoa. Ba bang ba lumela hore ho na le lintho tse ngata tse rarahaneng tse bakang kankere ea matsoele, tse qaloang ke phatsa ea lefutso e etsang hore lisele li itšoare ka tsela e sa tloaelehang—li ikatise ka potlako, li hlasele lisele tse ling, li qobe ho bolaoa ke tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung li be li hlasele litho tsa bohlokoa.
Liphatsa tsee tse mpe tsa lefutso li tsoa hokae? Ho basali ba lekholo, ba bahlano ho isa ho ba leshome ba hlaha ba e-na le liphatsa tsena tsa lefutso tse etsang hore ba be kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ea matsoele. Empa ho bonahala eka maemong a mangata, liphatsa tse ntseng li phela hantle li senngoa ke lintho tse ling—tse kang mahlaseli a kotsi le lik’hemik’hale. Liphuputso tse tla etsoa nakong e tlang li ka ’na tsa tiisa taba ena.
Homone ea estrogen eo ho bonahalang eka e fepela mefuta e meng ea kankere le eona ea ameha. Kahoo, mosali a ka ’na a ba kotsing le ho feta haeba a qalile ho ilela khoeli a sa le monyenyane haholo kapa a liehile ho khaotsa ho ilela khoeli, haeba a liehile ho ba le bana kapa a se na bona, kapa haeba a sebelisa meriana e nkelang homone eo sebaka. Kaha lisele tsa mafura li hlahisa homone ea estrogen, ho nona ho ka ’na ha eketsa monyetla oa hore basali ba seng ba khaolitse ho ilela khoeli, bao lipōpelo tsa bona li seng li sa hlahise homone eo, ba tšoaroe ke kankere. Ntho e ’ngoe e kotsi ke ha ba e-na le homone e ngata ea insulin le e tlaase ea melatonin e hlahisoang ke ’mele ha motho a robetse, e leng bothata bo atisang ho ama batho ba sebetsang bosiu.
Na haufinyane ho tla ba le mekhoa e atlehang ho phekola kankere ea matsoele, e sa sithabetseng mokuli haholo? Bafuputsi ba sebeletsa ho hlahisa mekhoa ea phekolo e sebelisang tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung le meriana e hlaselang limolek’hule tse thusang kankere ho hōla. Hajoale, mekhoa e tsoetseng pele ea ho nka litšoantšo e lokela ho thusa basebetsi ba litleliniki hore ba atlehe ho sebelisa radiation haholoanyane.
Bo-rasaense ba boetse ba leka ho loantša kankere ka litsela tse ling, tse kang ho ithuta tsela e rarahaneng eo kankere e namang ka eona, ho fenya lisele tsa kankere tse sa bolaoeng ke lik’hemik’hale, ho khina khōlo ea tsona le ho fa mokuli phekolo e etselitsoeng boemo ba hae ka ho khetheha.
Leha ho le joalo, maloetse a tla tsoela pele a le teng lefatšeng lena ’me batho ba tla ’ne ba shoe. (Baroma 5:12) Ke ’Mōpi oa rōna feela ea ka fetolang boemo bona bo utloisang bohloko. Empa na o tla bo fetola? Bibele e araba ka e! E re nako ea tla eo ka eona ‘ho se nang moahi ea tla re: “Kea kula.”’d (Esaia 33:24) Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta o itseng ka ho khetheha.
c Banna ba tšoaroang ke kankere ea matsoele baa fokola ha ba bapisoa le basali.
d Tšepiso ena e tšohloa ka ho pharaletseng bukeng e thusang batho ho ithuta Bibele ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 24, 25]
MATŠOAO AO U LOKELANG HO A ELA HLOKO
Ke habohlokoa hore kankere e fumanoe esale qalong, empa bafuputsi ba bang ba lemosa hore litlhahlobo tsa matsoele le tse etsoang ka mechine ea X-ray li ka ’na tsa fosahala basaling ba bacha, e leng se ka etsang hore ba fuoe phekolo e sa hlokahaleng le ho ba bakela ho tšoenyeha ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, litsebi li phehella basali hore ba shebe liphetoho tse bang teng matsoeleng le hore na ha a na likotola. A mang a matšoao ao ba lokelang ho a ela hloko ke a latelang:
● Ho ba le kotola ka lehafing kapa letsoeleng
● Ho tsoa lero leha e le lefe ntle ho lebese
● Ho fetoha ha letlalo la letsoele kapa ’mala oa lona
● Ho honyela ha tlhoko kapa ho nolofala ha eona
[Lebokose le leqepheng la 25]
HAEBA LINGAKA LI FUMANA HORE U NA LE KANKERE EA LETSOELE
● Lebella ho qeta selemo kapa nako e fetang eo u fuoa phekolo ebile u hlaphoheloa bokuling ba hao.
● Haeba ho khoneha, khetha lingaka tse nang le phihlelo tse bileng li hlomphang maikutlo le tumelo ea hao.
● Buisana le ba lelapa, ’me le etse qeto ea hore na le tla bolella bo-mang hona neng. Sena se tla fa metsoalle ea hao monyetla oa hore e rapele le uena ebe e u rapelle.—1 Johanne 3:18.
● E le hore u sebetsane le khatello ea maikutlo, bala Bibele, u rapele u be u thuise ka lintho tse hahang.—Baroma 15:4; Bafilipi 4:6, 7.
● Buisana le batho ba tla u khothatsa, ba kileng ba tšoaroa ke kankere ea matsoele.—2 Bakorinthe 1:7.
● Leka ho shebana le mathata a letsatsi ka leng, u se ke ua tšoenyeha ka a hosasane. Jesu o ile a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.”—Matheu 6:34.
● Ipaballe. U lokela ho phomola ka ho lekaneng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
BUA LE NGAKA EA HAO
● Ithute mantsoe ao lingaka li a sebelisang ha li hlalosa kankere ea matsoele.
● Pele u il’o bona ngaka, ngola lipotso tseo u batlang ho li botsa ’me u kōpe molekane oa hao kapa motsoalle hore a ee le uena e le hore a tle a u thuse ho ngola lintlha fatše.
● Haeba ngaka e bua ntho e itseng eo u sa e utloisiseng, e kōpe hore e u hlalosetse eona.
● Botsa ngaka hore na e thusitse batho ba bakae ba nang le kankere e kang eo u nang le eona.
● Haeba ho khoneha, batla maikutlo a ngaka e ’ngoe.
● Haeba lingaka tseo li hlalosa boemo ba hao ka litsela tse sa tšoaneng, sheba hore na li na le phihlelo e kae. Li kōpe hore li buisane ka taba eo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]
HO SEBETSANA LE MATHATA A TLISOANG KE HO FUOA PHEKOLO EA KANKERE
Mekhoa e meng e sebelisetsoang ho phekola kankere e ka ’na ea etsa hore motho a nyekeloe ke pelo, a hlothehe moriri, a lule a khathetse, a opeloa, a shoe bohatsu kapa a hlohlone matsoho le maoto le ho tsoa makhopho. Mehato e latelang e bonolo e ka ’na ea thusa ho fokotsa liphello tse tlisoang ke seo:
● E-ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng e le hore u matlafatse tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
● Boloka tlaleho ea hore na u ikutloa joang le hore na lijo tse itseng li u tšoara joang.
● Leka ho bona hore na meriana, phekolo ea ho hlajoa ka linalete, kapa ho sililoa ho ka fokotsa ho nyekeloa ke pelo le ho opeloa.
● Ikoetlise ka tsela e loketseng e le hore u be le matla, boloka boima ba ’mele bo le boemong bo loketseng ’me u matlafatse tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.e
● Phomola khafetsa, empa ela hloko hore ho robala nako e telele ho ka ’na ha u ekelletsa mokhathala.
● Boloka letlalo la hao le le mongobo. Apara liaparo tse sa u tšoareng. Hlapa ka metsi a futhumetseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Bakuli ba nang le kankere ba lokela ho buisana le ngaka pele ba qala lenaneo la ho ikoetlisa.
[Lebokose le leqepheng la 28]
HA EO U MO RATANG A E-NA LE KANKERE
U ka tšehetsa motho eo u mo ratang joang haeba a tšoeroe ke kankere? Latela molao-motheo ona oa Bibele: “Thabang le batho ba thabileng; llang le batho ba llang.” (Baroma 12:15) Mo letsetse u mo bolelle hore ua mo rata le hore u amehile ka eena, kapa u mo ngolle mangolo, likarete, u mo romele melaetsa ea e-mail le ho mo fapohela. Rapela le eena ’me u mo balle litemana tse khothatsang tsa Bibele. Mosali e mong ea bitsoang Beryl ea nyetsoeng ke molebeli ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova, o re: “U se ke ua bua ka batho ba bolailoeng ke kankere, empa u bue ka ba ntseng ba phela.” Janice ea kileng a tšoaroa ke kankere eena o re: “E-ea ho motsoalle oa hao, u fihle u mo hake. Haeba a batla ho bua ka taba eo, o tla bua ka eona.” Ka ho khetheha, banna ba lokela ho tiisetsa basali ba bona hore baa ba rata.
Geoff o re: “Ho na le matsatsi a mang ao re neng re a qeta re sa bue ka kankere. Mosali oa ka o ne a ipoleletse hore taba ea bokuli ba hae hase eona feela eo re tla shebana le eona. Kahoo re ile ra etsa qeto ea hore ka matsatsi a mang re tla qeta letsatsi lohle re sa bue ka kankere. Ho e-na le hoo, re tla tsepamisa maikutlo linthong tse ling tse hahang. Ho ne ho tšoana le ha re nkela boloetse boo khefu.”
[Lebokose le leqepheng la 28]
SEO BA BANG BA SE BOLETSENG
Ha ke Utloa Hore ke na le Kankere
Sharon o re: Bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. Ke ile ka re: “Ho felile ka ’na.”
Ha ho Nyolosetsa
Sandra o re: Ho tšoenyeha ho ne ho nthatafalletsa lintho ho feta phekolo ka boeona.
Margaret o re: Ka mor’a ho ea ngakeng lekhetlo la bobeli, u ipolella ho re, “Ha ke sa batla ho etsa ntho ena.” Empa leha ho le joalo ua e etsa.
Metsoalle
Arlette o re: Re ile ra bolella metsoalle ea rōna e le hore e re rapelle.
Jenny o re: Ke ne ke hlokomela motho e mong le e mong ea bososelang le ’na, kapa ea ntumelisang.
Tšehetso eo Banna ba Fanang ka Eona
Barbara o re: Ke ile ka etsa qeto ea ho kuta moriri pele o hlotheha. Colin o ile a re, “Hlooho ea hao e ntle!” Seo se ile sa ntšehisa.
Sandra o re: Re ile ra icheba ka seiponeng. Ha ke sheba Joe sefahlehong, o ne a khanya khotso.
Sasha o re: Karl o ne a re ho batho, “Re na le kankere.”
Jenny o re: Geoff o ne a mpontša lerato le se nang moeli, ’me bomoea ba hae bo nkhothatsa le ho ntšelisa.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lisele tsa kankere ha li latele tsela e tloaelehileng eo lisele li hōlang ka eona, tsona lia ikatisa ebile li hlasela lisele tse ling
[Setšoantšo se Qanollang]
Mothapo oa lebese o se nang lisele tsa kankere
Mothapo oa lebese o nang le lisele tsa kankere
Lisele tsa kankere li namela ka ntle ho mothapo oa lebese
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ntho ea bohlokoa phekolong ea kankere ke hore ba lelapa le metsoalle ba tšehetse mokuli ka lerato