Linotlolo tsa ho Pholoha
HAEBA u ile ua utloa tlaleho ea litaba ea hore ho na le ’molai ea tsamaeang a ikonka tikolohong ea heno, na u ne u tla nka mehato ea ho itšireletsa le lelapa la hao? Mohlomong u ne u tla notlela le ho tinketsa menyako ea hao e le hore ho se be bonolo ho kena lehaeng la hao. Hape u ne u tla sheba batho ba sa tloaelehang ba belaetsang ’me u ba tlalehe sepoleseng hang-hang.
Na basali ba lokela ho etsa se fapaneng ka lefu le bolaeang, kankere ea matsoele? Ba ka nka mehato efe ho itšireletsa le ho eketsa menyetla ea ho pholoha?
Thibelo le Lijo
Ho hakanngoa hore kankere e le ’ngoe ho tse tharo United States e bakoa ke mabaka a amanang le lijo. Lijo tse nepahetseng tse tla thusa tsamaiso ea ho itšireletsa ha ’mele mafung e ka ba tšireletso ea bohlokoahali. Le hoja ho se na lijo tse tsejoang tse ka phekolang kankere, ho ja lijo tse itseng le ho fokotsa tekanyo ea ho ja tse itseng e ka ba mehato ea tšireletso. Dr. Leonard Cohen oa Mokhatlo oa Bophelo oa Amerika o Valhalla, New York o ile a re: “Ho ja lijo tse nepahetseng ho ka fokotsa kotsi ea hore u tšoaroe ke kankere ea matsoele ka karolo ea ho isa ho mashome a mahlano lekholong.”
Lijo tse nang le litlheferetsi tse ngata, tse kang bohobe bo nang le koro e feletseng le lijo-thollo, li ka thusa ho fokotsa prolactin le estrogen, mohlomong ka ho kopana le maro ana le ho a ntša ’meleng. Ho latela makasine Nutrition and Cancer, “liphello tsena li ka hatella karolo e itseng ea ntho e bakang kankere.”
Ho fokotsa tekanyo ea ho ja mafura a mangata ho ka fokotsa kotsi. Makasine Prevention o ile oa etsa tlhahiso ea hore ho khaotsa ho sebelisa lebese le sa okoloang mafura bakeng sa ho qala ho sebelisa motsarane, ho fokotsa tsela ea ho ja mafura a bohobe, ho ja nama e otileng, le ho tlosa letlalo la khoho ho ka theolela tekanyo ea mafura a mangata boemong bo sireletsehileng haholoanyane.
Meroho e nang le vithamine ea A e ngata, e kang lihoete, mokopu, lipatata, le meroho e mahaba e botala bo lefifi, joaloka sepineche le k’habeche le mosetareda, e ka ba thuso. Ho nahanoa hore vithamine ea A e thibela ho qaleha ha liphetoho tse bakang kankere. ’Me meroho e kang broccoli, ’mela, cauliflower, k’habeche, eie e kotola e sa hōlang ka ho feletseng li na le lik’hemik’hale tse eketsang mesebetsi ea metsoako e sireletsang.
Bukeng Breast Cancer—What Every Woman Should Know, Dr. Paul Rodriguez o re tsamaiso ea ho itšireletsa ha ’mele mafung, e hlokomelang le ho timetsa lisele tse sa phelang hantle, e ka matlafatsoa ka lijo. O etsa tlhahiso ea ho ja lijo tse nang le tšepe e ngata, joaloka nama e otileng, meroho e metala e mahaba, shellfish, le litholoana le meroho e nang le vithamine ea C e ngata. Litholoana le meroho e nang le vithamine ea C e ngata li fokotsa kotsi ea ho tšoaroa ke kankere ea matsoele, ho tlaleha Journal of the National Cancer Institute. Linaoa tse tšehla le lijo tse sa lomosoang tse nkiloeng linaoeng tseo li na le genistein, e tsebahalang ka ho hatella ho hōla ha hlahala litekong tsa lilaboratori, empa tšebetso ea eona bathong e sa ntse e tla lekoa.
Ho Hlokomela Kapele
Buka Radiologic Clinics of North America e re: “Ho sibolloa ha kankere ea matsoele kapele e ntse e le mohato oa bohlokoahali oa ho thiba tsela ea kankere ea matsoele.” Tabeng ena mehato e meraro ea sehlooho ea tšireletso ke ho itlhahloba matsoele ka mehla, ho hlahlojoa ke ngaka selemo le selemo, le ho etsa X ray ea matsoele.
Ho itlhahloba matsoele ho lokela ho etsoa ka mehla khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, kaha basali ba lokela ho ba seli ho fumana ntho leha e le efe e belaetsang kamoo matsoele a shebahalang kapa ho utloahala kateng, joaloka ho thatafala kapa kotopa. Ho sa tsotellehe hore na seo a se fumaneng se fokola hakae, o lokela ho bona ngaka ea hae hang-hang. Ha kotopa e fumanoa e sa qala, o na le taolo e eketsehileng bokamosong ba hae. Tlaleho e tsoang Sweden e ile ea bontša hore haeba kankere ea matsoele e sa tšoaetseng libaka tse ling e ne e le boholo bo batlang bo feta limilimithara tse 15 kapa e le nyenyane ho feta ’me e ne ka tlosoa ka ho sebetsoa ka thipa, ho ba le tebello ea ho phela lilemo tse 12 ho ne ho ka etsahala ka karolo ea 94 lekholong.
Dr. Patricia Kelly o re: “Haeba u e-s’o be le matšoao a kankere ea matsoele ka lilemo tse 12 1/2, ho ka etsahala hore e se khutle. . . . ’Me basali ba ka rutoa ho fumana kankere ea matsoele e ka tlaase ho senthimithara [1/3 in.] ka boholo ka ho sebelisa menoana ea bona.”
Ho etsoa tlhahiso ea hore tlhahlobo ea ’mele ke setsebi sa lefu leo kapa ngaka e lokela ho etsoa e le tloaelo selemo le selemo, haholo-holo ka mor’a hore mosali a fete lilemo tse 40. Ha ho ka fumanoa kotopa, ho ka ba molemo ho fumana maikutlo a bobeli ho setsebi kapa ngaka ea mafu a matsoele.
Setsi sa Sechaba sa Kankere sa United States se re sebetsa se molemo khahlanong le kankere ea matsoele ke ho etsa X ray ea matsoele ka mehla. Mofuta ona oa X ray o ka hlokomela hlahala ho ka etsang lilemo tse peli le pele e ka utluoa. Tšebetso eo e khothalletsoa bakeng sa basali ba lilemo tse ka holimo ho 40. Leha ho le joalo, Dr. Daniel Kopans o re bolella sena: “Ho hang ha e ea phethahala.” E ke ke ea hlokomela likankere tsohle tsa matsoele.
Dr. Wende Logan-Young oa tleleniki ea matsoele e New York State o bolella Tsoha! hore haeba mosali kapa ngaka ea hae ba fumana ho sa tloaelehang empa X ray ea matsoele e sa bontše letšoao la hona, tšekamelo e ka ba ho hlokomoloha se fumanoeng ke bona le ho kholoa X ray. O re sena “ke phoso e khōlō ka ho fetisisa eo re e bonang mehleng ena.” O eletsa basali ho se itšetlehe ka ho feletseng ka matla a X ray ea matsoele a ho hlokomela kankere le hore ba itšetlehe haholo le ka tlhahlobo ea matsoele.
Le hoja X ray ea matsoele e ka hlokomela hlahala, ha e le hantle e ke ke ea hlokomela hore na ha e kotsi (ha e bake kankere) kapa e kotsi (e baka kankere). Seo se ka etsoa feela ka thuso ea tlhahlobo ea linama tse bonojoana. Nka mohlala oa Irene, ea ileng a etsa X ray ea matsoele. E itšetlehile ka setšoantšo sa X ray, ngaka ea hae e ile ea bolela hore kotopa ea hae ke lefu le seng kotsi la matsoele ’me ea re: “Ke kholisehile ka ho feletseng hore ha u na kankere.” Mooki ea ileng a etsa X ray eo ea matsoele o ne a khathatsehile, empa Irene o ile a re: “Ke ile ka ba le boikutlo ba hore haeba ngaka e kholisehile, mohlomong ke ne ke mpa ke tšohile feela.” Ka mor’a nakoana kotopa eo e ile ea hōla, kahoo Irene o ile a ea ho ngaka e ’ngoe. Ho ile ha etsoa tlhahlobo ea linama tse bonojoana e ileng ea hlahisa hore o na le hlahala e ruruhang ea linama tse kaholimo tsa lisele tsa letlalo, kankere e hōlang ka potlako. Ho fumana hore na hlahala ha e kotsi (joalokaha ho ka etsahala ka tse 8 ho tse 10) kapa e kotsi bo bolaeang, ho tlameha ho etsoa tlhahlobo ea linama tse bonojoana. Haeba kotopa e shebahala kapa e utloahala e belaetsa motheong oa matšoao a hlokometsoeng kapa e hōla, ho lokela ho etsoa tlhahlobo ea linama tse bonojoana.
Phekolo
Hajoale, tšebetso ea thipa, radiation, le phekolo ea lithethefatsi ke phekolo e tloaelehileng ea kankere ea matsoele. Boitsebiso ka mofuta oa hlahala, boholo ba eona, mokhoa oa eona oa ho ata, hore na e atetse ho li-lymph node, le boemo ba hao ba ho khaotsa ho ilela khoeli li ka u thusa le ngaka ea hao ho lekanyetsa mofuta oa phekolo.
Tšebetso ea Thipa. Ka mashome a lilemo tšebetso ea thipa eo ho eona mesifa e meholo ea sefuba e sa tlosoeng, ho tlosoa ha letsoele le mesifa e le alelitseng le li-lymph node, li ’nile tsa sebelisoa haholo. Empa lilemong tsa morao tjena phekolo ea poloko ea matsoele e akarelletsang feela ho tlosa hlahala le li-lymph node, hammoho le radiation, e ’nile ea sebelisoa ’me ha e-ba le tekanyo ea katleho e lekanang le ea tšebetso ea thipa eo ho eona mesifa e meholo ea sefuba e sa tlosoeng. Sena se file basali ba bang phomolo moeeng ha ba etsa qeto ea hore ho tlosoe hlahala e nyenyane, seo se sa fetole sebōpeho sa bona hakaalo. Empa British Journal of Surgery e re basali ba bacha, ba nang le kankere libakeng tse fapaneng letsoeleng le le leng kapa ba nang le hlahala e khōlō ho feta lisenthimithara tse tharo, ba kotsing e phahameng ea ho boela ba tšoaroa ke kankere ha ho sebelisoa phekolo ea poloko ea matsoele.
Taba ea bohlokoa ea ho lula u sireletsehile kankereng ’me e ke ke ea boela ea khutla e suptjoa ke Cleveland Clinic Journal of Medicine: “Tšelo ea mali e na le phello e mpe tekanyong ea ho sireletseha le ho hlaha hape .. . ka mor’a hore ho etsoe tšebetso ea thipa eo ho eona mesifa e meholo ea sefuba e sa tlosoeng.” Tlaleho e ile ea bontša hore tekanyo ea ho pholoha lilemo tse hlano e ne e le karolo ea 53 lekholong ho sehlopha se ileng sa amohela tšelo ea mali, ha e bapisoa le karolo ea 93 lekholong ho sehlopha se sa amohelang mali.
Thuso e ’ngoe ea ho pholoha e tlalehiloe ho The Lancet, moo Dr. R. A. Badwe a ileng a re: “Ho lekanyetsa nako ea ho sebetsoa ka thipa kamanong le nako ea ho ilela khoeli e ka ba le tšusumetso e khōlō ka phello ea nako e telele ho bakuli ba e-s’o ho khaotse ho ilela khoeli ba nang le kankere ea matsoele.” Tlaleho e ile ea re basali ba bileng ba tlosoa hlahala nakong ea ho nyoloha ha estrogen ba ne ba ba le mathata ho feta ba sebelitsoeng ka thipa nakong e ’ngoe ea linako tsa ho ilela khoeli—karolo ea 54 lekholong e ile ea pholoha lilemo tse leshome ha ho bapisoa le karolo ea 84 lekholong ea sehlopha se boletsoeng morao. Nako e loketseng ea tšebetso ea thipa bakeng sa basali ba e-s’o khaotse ho ilela khoeli ba nang le kankere ea matsoele ho ile ha boleloa hore bonyane ke matsatsi a 12 ka mor’a lekhetlo la ho qetela la ho ilela khoeli.
Phekolo ea “Radiation.” Phekolo ea radiation e bolaea lisele tsa kankere. Tabeng ea phekolo ea poloko ea matsoele, lihlahala tse nyenyane li ka phonyoha thipa ea ngaka ha e leka ho boloka letsoele. Phekolo ea radiation e ka timetsa lisele tse ntseng li lika-lika. Empa ka radiation ho na le kotsi e itseng ea ho tšoaroa ke kankere hape letsoeleng le leng. Dr. Benedick Fraass o etsa tlhahiso ea ho fokotsa ho pepesehela radiation ha letsoele le leng. O re: “Ka mehato e ’maloa e bonolo ho ka khoneha hore ho fokotsoe haholo tekanyo e fumanoang ke letsoele le leng nakong ea ho sebetsoa ka radiation ha la pele le tšoeroeng ke kankere.” O etsa tlhahiso ea hore ho behoe tšireletso ea loto e botenya ba lisenthimithara tse 2,5 ka holim’a letsoele le leng.
Phekolo ea Lithethefatsi. Ho sa tsotellehe boiteko ba ho felisa kankere ea matsoele ka tšebetso ea thipa, karolo ea 25 ho isa ho 30 lekholong ea basali ba sa tsoa fumanoa ba e-na le kankere ea matsoele ba tla ba le tšoaetso e nyenyane haholo ho ka hlahisa matšoao qalong. Phekolo ea lik’hemik’hale ke phekolo eo ho sebelisoang lik’hemik’hale ho leka ho bolaea lisele tse hlaselang likarolo tse ling tsa ’mele.
Phello ea phekolo ea lik’hemik’hale e ea fokola hobane lihlahala tse nang le kankere li na le mefuta e fapaneng ea lisele eo kaofela e angoang ke lithethefatsi ka litsela tse fapaneng. Lisele tse pholohang phekolo li ka hlahisa moloko o mocha oa lihlahala tseo lithethefatsi li sa sebetseng ho tsona. Empa tokollo ea January 1992 ea The Lancet e ile ea fana ka bopaki ba hore phekolo ea lik’hemik’hale e eketsa ka karolo ea 5 ho isa ho 10 lekholong ea monyetla oa hore mosali a ka lula a phela lilemo tse eketsehileng tse leshome, ho itšetlehile ka lilemo tsa hae.
Liphello tse mpe tse bakoang ke phekolo ea lik’hemik’hale e ka ba ho nyekeloa ke pelo, ho hlatsa, ho hlotheha moriri, ho tsoa mali, ho tsoa kotsi ha pelo, ho hatelleha ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, ho felloa ke matla a ho beleha bana, le kankere ea mali. Ha John Cairns a ngola ho Scientific American, o ile a re: “Likotsi tsena li ka bonahala li fokola ho mokuli ea nang le kankere e tsoetseng pele le e hōlang ka potlako, empa li ka ba boima ho mosali ea nang le kankere ea letsoele e nyenyane [1/3 inch (senthimithara e le ’ngoe)] ’me ho bonahala e le kankere ea letsoele e sebakeng se le seng. Monyetla oa hore a ka bolaoa ke kanke-re ea hae nakong ea lilemo tse hlano ke feela karolo ea 10 lekholong esita le haeba a sa fumane phekolo e eketsehileng ka mor’a ho sebetsoa ka thipa.”
Phekolo ea Maro. Phekolo e khahlanong le estrogen e felisa liphello tsa estrogen tse susumetsang khōlo. Sena se finyelloa ka ho fokotsa tekanyo ea estrogen basaling ba e-s’o khaotse ho ilela khoeli ka ho tlosoa ka ho sebetsoa ka thipa ha polokelo ea mahe a bosali kapa ka lithethefatsi. The Lancet e ile ea tlaleha ka tekanyo ea ho phela lilemo tse leshome ho basali ba bang le ba bang ba 8 ho isa ho ba 12 ho ba 100 ba phekoloang ka o mong oa mekhoa eo.
Tlhokomelo e tsoelang pele ho mosali ofe kapa ofe ea tšoeroeng ke kankere ea matsoele ke boiteko ba bophelo kaofela. Ho lokela ho luloa ho behiloe leihlo ka linako tsohle, hobane haeba phekolo ena e ka hlōleha ’me lefu la khutla, mefuta e meng ea phekolo e ka fana ka sebetsa se hlokahalang.
Mofuta o mong oa phekolo ea kankere o sebetsang ka tsela e fapaneng o likoloha matšoaong a itseng a bitsoang cachexia. Makasine Cancer Research o hlalosa hore likarolo tse peli ho tse tharo tsa mafu ’ohle a kankere a bakiloe ke cachexia, lentsoe le sebelisetsoang ho hlalosa ho fokola ha litšutšu le linama tse ling tse bonojoana. Dr. Joseph Gold, oa Setsi sa Phuputso ea Kankere sa Syracuse, United States, o bolella Tsoha!: “Re na le boikutlo ba hore khōlo ea kankere e ke ke ea intšetsa pele ’meleng ntle leha litselana tsa cachexia tsa tšebetso linthong tse phelang li bulehile.” Phuputso e ’ngoe ea tleliniki, ha e sebelisa sethethefatsi se se nang chefu hydrazine sulfate, e ile ea bontša hore tse ling tsa litselana tsena li ka koaloa. Botsitso bo ile ba fihleloa ka karolo ea 50 lekholong ea bakuli ba kankere ea matsoele e tsoetseng pele haholo.
Basali ba bang ba ’nile ba khetha mekhoa e sa tloaelehang ea phekolo e sa ameng tšebetso ea thipa kapa e seng kotsi bakeng sa kankere ea matsoele. Phekolo e ea fapana, tse ling li sebelisa lijo le litlama, joaloka phekolo ea Hoxsey. Empa lipatlisiso tse hatisitsoeng tse thusang motho ho lekanyetsa tšebetso ea phekolo ena lia fokola.
Le hoja sehlooho sena se reretsoe ho hlahisa linotlolo tsa hore motho a lule a phela, ha se leano la Tsoha! ho chaella monoana phekolo leha e le efe. Re khothalletsa bohle ho sheba ka bohlale mahlakore ’ohle a mekhoa ena e sa tšoaneng ea phekolo ea lefu lena.—Liproverbia 14:15.
Khatello Kelellong le Kankere ea Matsoele
Makasineng Acta neurologica, Dr. H. Baltrusch o hlalosa hore khatello e feteletseng kelellong kapa e tsoelang pele nako e telele e ka fokotsa matla a tšireletso e khahlanong le ho hōla ha hlahala tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Basali ba soahlamaneng ke mokhathala, ba tlas’a khatello ea maikutlo, kapa ba hlokang tšehetso ea maikutlo, tsamaiso ea ’mele ea bona ea ho itšireletsa mafung e ka ba kotsing ka ho ka etsang karolo ea 50 lekholong.
Kahoo, ha Dr. Basil Stoll a ngola ho Mind and Cancer Prognosis, o ile a hatisa: “Ho lokela ho etsoa boiteko bohle ho fokotsa kotsi e ke keng e qojoa ea ’mele le kelello ea bakuli ba kankere nakong ea ho phekoloa ha lefu leo le ka morao.”
Na u ka nahana ka lefatše le se nang kankere ea matsoele, ha e le hantle, le se nang ho kula ho hang? Ena ke tšepiso e entsoeng ke Molimo oa matšeliso ’ohle, Jehova. Esaia 33:24 (NW) e bua ka nako eo ho se nang motho lefatšeng ea tla re oa kula. Tšepo eo e tla phethahala haufinyane ha ’Muso oa Molimo matsohong a Mora oa hae, Kreste Jesu, o tla busa lefatše ka ho feletseng, o felisa sohle se bakang ho kula, masoabi, le lefu! Ke hobane’ng ha u sa bale ka tšepiso ee e hlollang ho Tšenolo 21:3 ho isa ho 5? E-ba sebete ho talimana le bokamoso ka tšehetso e fanang ka matšeliso a sebele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Le hoja ho se na lijo tse itseng tse ka phekolang kankere, ho ja lijo tse itseng le ho fokotsa tekanyo ea ho ja tse itseng e ka ba mehato ea tšireletso. Dr. Leonard Cohen o ile a re: ‘Ho ja lijo tse nepahetseng ho ka fokotsa monyetla oa hore u tšoaroe ke kankere ea matsoele ka karolo e ka fihlang ho mashome a mahlano lekholong’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Buka “Rad̀iologic Clinics of North America” e re: “Ho hlokomela kankere ea matsoele kapele e ntse e le mohato oa bohlokoahali oa ho thiba tsela ea kankere ea matsoele.” Tabeng ena mehato e meraro ea sehlooho ea tšireletso ke: ho itlhahloba matsoele ka mehla, ho hlahlojoa ke ngaka selemo le selemo, le ho etsa X ray ea matsoele
[Lebokose le leqepheng la 9]
Ho Itlhahloba—Tlhahlobo ea Khoeli le Khoeli
HO ITLHAHLOBA matsoele ho lokela ho etsoa matsatsi a mane ho isa ho a supileng ka mor’a ho ilela khoeli. Basali ba seng ba sa ilele khoeli ba lokela ho hlahloba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka letsatsi le tšoanang.
Matšoao a Lokelang ho Batloa Khoeli e ’Ngoe le ’Ngoe ka Letsatsi le Tšoanang
• Kotopa ea boholo bofe kapa bofe (e khōlō kapa e nyenyane) kapa ho tiea letsoeleng.
• Ho soebana, ho ba le liboche, kapa ho fetoha ’mala ha letlalo la letsoele.
• Ho khohlela kapa ho honyela ha tlhōkō.
• Ho khophoha kapa ho khakhapeha ha tlhōkō kapa ho tsoa metsi.
• Ho ruruha litšoelesa ka mahafing.
• Ho fetoha ha boholo kapa leqeba la letsoele.
• Ho fetoha ha boholo ho hlokomelehang hoo e leng ho fapana le ho tloaelehileng.
Ho Itlhahloba
Ha u eme, phahamisa letsoho le letšehali. U sebelisa letsoho le letona ’me u qala ntlheng e ka thōko ea letsoele, hatella ka likarolo tse sephara tse menoana u silila, u potoloha letsoele butle ho leba tlhōkōng. Lebisa tlhokomelo le sebakeng se lipakeng tsa lehafi le letsoele.
U kakaletse, beha mosamo ka tlas’a lehetla le letšehali, ebe u beha letsoho le letšehali ka holimo kapa ka mor’a hlooho. Sebelisa mokhoa o tšoanang oa ho silila o hlalositsoeng ka holimo. Etsa se tšoanang bakeng sa lehlakore le letona.
Pepeta tlhōkō ka bonolo ho bona hore na ho na le se tsoang. Etsa se tšoanang bakeng sa letsoele la lehlakore le letona.