Seo Basali ba Lokelang ho se Tseba ka Kankere ea Matsoele
PALO ea batho ba tšoeroeng ke kankere ea matsoele e ntse e eketseha k’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe. Ho latela likhakanyo tse ling, ka selemo sa 2000, ho tla be ho hlokometsoe batho ba bacha ba ka bang milione ba tšoeroeng ke kankere ea matsoele ho pholletsa le lefatše selemo ka seng.
Na ho na le mosali ea sireletsehileng khahlanong le ho tšoaroa ke lefu lee? Na ho na le se ka etsoang ho le phema? Hona ke matšeliso le tšehetso efe tse hlokoang ke ba loantšang sera see?
Boholo ba kankere ea letlalo bo bakoa ke mahlaseli a ultraviolet a tsoang letsatsing. Boholo ba kankere ea matšoafo bo bakoa ke ho tsuba. Empa ha ho sesosa se le seng se behiloeng e le sona se bakang kankere ea matsoele.
Leha ho le joalo, ho latela phuputso ea morao tjena, mabaka a liphatsa tsa lefutso, tikoloho, le maro a ka phetha karolo e itseng kankereng ea matsoele. Basali ba pepeselitsoeng mabaka ana ba ka ba kotsing e eketsehileng.
Histori ea Lelapa
Mosali ea nang le setho sa lelapa se tšoeroeng ke kankere ea matsoele, se kang ’mè, ngoan’abo, kapa esita le ’mangoan’ae moena oa ’mè oa hae kapa nkhono oa hae, o na le monyetla o moholo oa hore e ka mo tšoara. Haeba ba ’maloa ba bona ba ne ba tšoeroe ke lefu lena, o kotsing e khōloanyane.
Dr. Patricia Kelly, setsebi sa liphatsa tsa lefutso United States, o bolella Tsoha! hore le hoja mabaka a lefutso a ameha, a ka ’na a ikarabella bakeng sa karolo ea 5 ho ea ho ea 10 lekholong ea kankere eohle ea matsoele. Oa hlalosa: “Re nahana hore palo e ’ngoe e sa boleloang ea kankere ea matsoele e bakoa ke mabaka a seng matla a lefutso tšebelisanong-’moho le tikoloho.” Litho tsa lelapa tse nang le liphatsa tse tšoanang tsa lefutso li na le tšekamelo ea ho lula tikolohong e tšoanang.
Mabaka a Tikoloho
Ha setsebi Devra Davis se fana ka tlhaloso makasineng Science, se ile sa re: “Ka ho hlakileng ho na le mabaka a tikoloho, kamoo ho hopoloang ke ba bangata, a amehang” ho baka lefu lena. Kaha letsoele la ba batšehali ke e ’ngoe ea likarolo tsa ’mele tse tšabang mahlaseli a kotsi a tsamaeang ka maqhubu a moea, basali ba pepeselitsoeng ionizing radiation ba na le kotsi e eketsehileng ea kankere ea matsoele. Ho joalo le ka ba pepeselitsoeng lik’hemik’hale tse chefu.
Lebaka le leng le amanang le tikoloho ke lijo. Ba bang ba hlahisa hore kankere ea matsoele e ka ba lefu la khaello ea livithamine ’me ba supa khaello ea vithamine ea D. Vithamine ena e thusa ’mele ho monya k’halsiamo, eo ho ka etsahalang hore e thuse ho thibela khōlo e sa laoleheng ea lisele.
Lipatlisiso tse ling li supa mafura lijong, eseng e le sesosa, empa e le se ntšetsang pele kankere ea matsoele. Makasine FDA Consumer o ile oa bolela hore tekanyo ea mafu a bakoang ke kankere ea matsoele e ne e phahame ka ho fetisisa linaheng tse kang United States, moo ho ja mafura le lihaha-’mele tsa liphoofolo ho phahameng. O ile oa hlalosa: “Ho latela histori basali ba Majapane ba na le monyetla o fokolang oa hore ba tšoaroe ke kankere ea matsoele, empa monyetla oo o ntse o phahama ka tsela e hapang tlhokomelo, ho bapa le ho kenella ha mekhoa ea ho ja ea ‘Bophirimela’; ke hore, ho khaotsa ho ja lijo tse nang le mafura a fokolang le ho qala ho ja tse nang le a mangata.”
Patlisiso ea morao tjena e ile ea etsa tlhahiso ea hore palo e khōlō ea lik’halori tse jeoang lijong tse mafura a mangata e ka emela kotsi ea sebele. Science News e ile ea bolela: “K’halori e ’ngoe le e ’ngoe e ngata ho feta tekanyo e phahamisa monyetla oa kankere ea matsoele, ’me k’halori e ’ngoe le e ’ngoe e fetang tekanyo e bakoang ke mafura e hlahisa kotsi e ka etsang karolo ea 67 lekholong e eketsehileng ho feta lik’halori tse tsoang mehloling e meng.” Lik’halori tse ngata ho feta tekanyo li ka eketsa lik’hilogramo ho feta tekanyo, ’me basali ba batenya ho feta tekanyo ho nahanoa hore ba kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ea matsoele ka makhetlo a imenneng hararo, haholo-holo basali ba fetileng lilemo tsa ho ilela khoeli. Mafura a ’mele a hlahisa estrogen, lero la bosali le ka tšoarang linama tse bonojoana tsa letsoele hampe, ebe hoo ho baka kankere.
Histori ea Botho le Maro
Letsoeleng la mosali ho na le mohloli o nonneng oa maro o hlahisang liphetoho ka letsoeleng ho pholletsa le bophelo ba hae. Dr. Paul Crea, setsebi sa ho sebetsa hlahala, oa ngola ho Australian Dr Weekly: “Leha ho le joalo, basaling ba bang, ho pepeseha ha linama tse bonojoana tsa letsoele tšusumetsong ea maro e tsoelang pele . . . ho ka qala letoto la liphetoho tsa lisele tseo qetellong li ka fellang ka ho fetoha ho kotsi [ho bakang kankere].” Ka lebaka lena ho nahanoa hore basali ba qalileng ho ilela khoeli kapele, ha ba le lilemo li 12, kapa ba liehang ho khaotsa ho ilela khoeli, ha ba le lilemong tse bohareng tsa bo50, ba kotsing e khōloanyane.
Estrogen e eketsehileng e fumanoang ho ERT (estrogen replacement therapy [tšebetso ea puseletso ea estrogen]) e le ho ka bakang kankere ea matsoele e bile taba ea tseko e khōlō. Le hoja lipatlisiso tse ling li supa hore ERT ha e hlahise kotsi e eketsehileng, lipatlisiso tse ling li bontša kotsi e hlokomelehang ea ba e amohelang ka nako e telele. Mabapi le lipatlisiso tse hlahlobisitsoeng, British Medical Bulletin ea 1992 e ile ea bolela hore ho ka etsahala hore ebe “oestrogen e sa thibeleng kemolo e eketsa kotsi ea kankere ea matsoele ka 30-50%” ka mor’a ho sebelisoa nako e telele.
Litlaleho tsa hore lithibela-kemolo tse nooang le kankere ea matsoele lia amana li fana ka maikutlo a hore ho li sebelisa ho na le kotsi e fokolang. Leha ho le joalo, ho hlaha sehlotšoana se seng sa basali ba kotsing e khōloanyane. Basali ba bacha, basali ba e-s’o ka ba e-ba le bana, le basali ba sebelisitseng lipilisi tsa ho thibela pelehi ka nako e telele ba ka ba kotsing e khōloanyane ea karolo ea 20 lekholong ea ho tšoaroa ke kankere ea matsoele.
Leha ho le joalo, basali ba bararo ho basali ba bang le ba bang ba bane ba tšoeroeng ke kankere ea matsoele ba ke ke ba supa ntho e itseng ka ho khetheha e tlatselitseng hore ba tšoaroe ke lefu leo. Ka hona ho botsoa potso, Na ho na le mosali ea lokelang ho inka a sireletsehile khahlanong le kankere ea matsoele? FDA Consumer e ea tlaleha: “Ho tloha ponong ea lintho ea litsebi tsa lefu leo, basali bohle ba lokela ho talingoa e le bao ho ka etsahalang hore ba tšoaroe ke kankere ea matsoele.”
Kahoo, basali, haholo-holo ba hōlileng, ba ka hlaseloa habonolo ke lefu lena. Dr. Kelly o hlalosa hore le hoja lefu la kankere ea matsoele le bakoa ke lintho tse sa tšoaneng, ‘tse ling tsa tsona, kea belaela, li hlahisoa feela ke ho hōla, le hore ho na le ho arohana ho fosahetseng.’
Lebaka la ho Hlaseloa Habonolo
Ho hlahloba moetso oa letsoele la mosali ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha le hlaseloa habonolo ke kankere. Ka har’a lona ho na le masobana, litselana tse nyenyane, tse tsamaisang lebese ho tloha mekotlaneng e hlahisang lebese ho ea tlhōkōng. Masobana ao a alelitsoe ke lisele tse arohang le ho fetoha li sa khaotse ka lebaka la potoloho ea khoeli le khoeli, ho mo lokisetsa ho ima, ho hlahisa lebese, le ho hlokomela ngoana oa hae. Ke hona masobaneng ana moo kankere e ngata ea matsoele e qalang.
Bukeng Alternatives: New Developments in the War on Breast Cancer, mofuputsi Rose Kushner oa hlalosa: “Tloaelo leha e le efe e lulang e sitisoa ke tšitiso ea mofuta o mong o itseng—esita leha e le ea tlhaho ka ho feletseng . . .—e ka ba le kotsi e khōlō ea liphoso.” O tsoela pele ho re: “Sele ea letsoele e sebetsang ho feta tekanyo ka linako tsohle e pupetsoa ke lero le e laelang, ‘Khaotsa ho etsa seo. Qala ho etsa sena.’ Ha ho makatse ha lisele tse hlahisitsoeng ka ho arohana li tsoa taolong.”
Kankere ea matsoele e qala ha sele e sa phelang hantle e arohana, e lahleheloa ke taolo ea khōlo ea eona, ’me e qala ho hlahisa tse ling ka potlako. Lisele tse joalo ha li khaotse ho hlahisa tse ling, ’me ka mor’a nako li hlōla linama tse bonojoana tse potolohileng tse phetseng hantle, ebe li etsa hore setho se phetseng hantle ebe se nang le boloetse.
Tšoaetso
Ha kankere e feletse ka letsoeleng, ho ba kotsi ha eona ho bolaeang ho ka tlosoa. Ha kankere ea matsoele e atolohetse libakeng tse hōle tsa ’mele, e bitsoa kankere ea matsoele e tšoaetsang. Ho ka etsahala hore sena e be sesosa sa lefu ho bakuli ba kankere ea matsoele. Ha lisele tsa kankere li ata letsoeleng ’me hlahala e hōla, lisele tsa kankere li ka tsoa ka lenyele le ka lekunutu hlahaleng ea pele ’me tsa kena marakong a methapo ea mali le li-lymph node.
Nakong ena lisele tsa hlahala li ka ea libakeng tse hōle tsa ’mele. Haeba li ka phunyelletsa boitšireletso ba ’mele mafung, bo akarelletsang lisele tsa tlhaho tse bolaeang lisele tse mpe tse phallang maling le marong a lymph, lisele tsena tse kotsi li ka ikhahela lithong tsa bohlokoa, tse kang sebete, matšoafo, le boko. Moo li ka hlahisa tse ling le ho ata hape, ka mor’a ho tšoaetsa litho tsena kankere. Hang ha tšoaetso e se e qalile, bophelo ba mosali bo kotsing.
Ka hona, senotlolo sa ho pholoha ke ho hlokomela kankere ea matsoele kapele ha e sa ntse e hōla pele, e e-ba le monyetla oa ho ata. Mosali e mong le e mong a ka etsa eng ho ntlafatsa menyetla ea ho e hlokomela kapele? Na ho na le se ka etsoang ho thusa ho thibela kankere ea matsoele?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
K’halori e le ’ngoe = li-kilojoule tse 4,184.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Basali ba bararo ho basali ba bang le ba bang ba bane ba tšoeroeng ke kankere ea matsoele ba ke ke ba supa ntho e itseng ka ho khetheha e tlatselitseng hore ba tšoaroe ke lefu leo