Re Ithuta’ng ho Jesu
Ka Tšepo Bakeng sa Bafu?
E le ho bontša hore ho na le tšepo bakeng sa bafu, Jesu o ile a tsosa bonyane batho ba bararo. (Luka 7:11-17; 8:49-56; Johanne 11:1-45) E le hore re utloisise tšepo ena ka bafu, re lokela ho qala ka ho utloisisa hore na lefu le bakiloe ke eng le hore na le tsoa hokae.
Ke Hobane’ng ha re Kula re Bile re E-shoa?
Ha Jesu a ne a tšoarela batho libe tsa bona, ba ne ba fola. Ka mohlala, ha Jesu a tliselitsoe monna ea shoeleng litho, o ile a re: “‘Ke hofe ho bonolo, ho re, U tšoaretsoe libe tsa hao, kapa ho re, Ema ’me u tsamaee? Leha ho le joalo, e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng—’ joale a re ho motho ea shoeleng litho: ‘Ema, u nke bethe ea hao, ’me u ee lapeng la hao.’” (Matheu 9:2-6) Ka hona, sebe ke sona se bakileng ho kula le ho shoa. Re futsitse sebe ho motho oa pele, e leng Adama.—Luka 3:38; Baroma 5:12.
Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Shoa?
Jesu ha aa ka a etsa sebe. Ka hona, o ne a sa tšoaneloe ke lefu. Jesu o ile a lefella libe tsa rōna ka hore a re shoele. O ile a re mali a hae a ne a tla “tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Matheu 26:28.
Jesu o ile a boela a re: “Mor’a motho [ha aa] ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Jesu o ile a bitsa tefo eo a e lefileng “thekollo” kaha e lokolotse ba bang lefung. Jesu o ile a boela a re: “Ke tlile e le hore [ba] ka ba le bophelo le hore [ba] be le bona bo le bongata.” (Johanne 10:10) Hore re utloisise ka ho feletseng tšepo bakeng sa bafu, ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e tseba ke hore na hona joale boemo ba bona ke bofe.
Ho Etsahala’ng ha Motho a E-shoa?
Jesu o ile a hlakisa hore na ho etsahala’ng lefung ha motsoalle oa hae, Lazaro, a shoele. O ile a re ho barutuoa ba hae: “‘Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo [Bethani] ho mo tsosa borokong.’ . . . Ba ne ba nahana hore o bua ka ho phomola borokong. Ka hona, ka nako eo, Jesu a re ho bona ka ho toba: ‘Lazaro o shoele.’” Kahoo, Jesu o ile a hlakisa hore bafu ba robetse, ha ba utloe letho.—Johanne 11:1-14.
Ha Jesu a tsosa Lazaro, motsoalle eo oa hae o ne a se a e-na le matsatsi a mane a shoele. Leha ho le joalo, ha ho moo Bibele e tlalehileng hore Lazaro o ile a phetela batho lintho tse ileng tsa mo etsahalla ha a ntse a shoele. Ha Lazaro a shoele, o ne a sa utloe letho ebile ho se letho leo a le tsebang.—Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:17-44.
Ho na le Tšepo Efe Bakeng Bafu?
Bafu ba tla tsoha ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.
Tšepo ena e bontša lerato leo Molimo a nang le lona. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16; Tšenolo 21:4, 5.
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 6 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.