Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/1 maq. 13-15
  • Bamaya ba Fumana Tokoloho ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bamaya ba Fumana Tokoloho ea Sebele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Maspanishe a Fihla
  • Ntoa ea Khethollo
  • E ne e se Tokoloho ea Sebele
  • Tokoloho ea Sebele Qetellong!
  • Jehova o fa Batho ba Hae Sebaka sa Phomolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/1 maq. 13-15

Bamaya ba Fumana Tokoloho ea Sebele

BATHO ba bangata ba kile ba utloela ka Bamaya. Selemo le selemo ho na le baeti ba eang Hloahloeng ea Yucatán Mexico ho ea boha liphiramide tse hlollang, tse kang tse Chichén Itzá le Cobá. Ntle le hore Bamaya ba ne ba le bohlale bo ikhethang litabeng tsa boenjiniere, ba ne ba boetse ba ipabola litabeng tsa bongoli, thuto ea lipalo le ho lepa linaleli. Ba ile ba qapa mongolo o tsoetseng pele haholo oa litšoantšo le matšoao, ke bona ba hlahileng ka palo ea noto, ebile ke bona ba qapileng k’halendara ea matsatsi a selemo a 365, le a 366.

Tabeng ea bolumeli teng, re bona boemo bo fapaneng ka ho feletseng le boo. Bamaya ba ne ba rapela melimo e mengata; har’a lintho tse ngata tseo ba neng ba li rapela, e ne e le molimo oa letsatsi, oa khoeli, oa pula le oa poone. Baprista ba bona e ne e le balepi ba chesehang ba linaleli. Borapeli ba bona bo ne bo akarelletsa mekubetso, ho rapela litšoantšo, ho intša kotsi, tloaelo ea ho tšolla mali le ho etsa mahlabelo ka batho—’me a ne a etsoa ka batšoaruoa le makhoba, empa haholo-holo ka bana.

Ha Maspanishe a Fihla

Maspanishe ha a fihla moo mathoasong a lilemo tsa bo-1500 C.E., a ile a fumana tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona e le e rarahaneng. Bo-ramalekelle ba Masepanishe, ba neng ba bitsoa bahlōli, ba ne ba tlile ka sepheo se habeli: ba ne ba batla ho fumana naha e ncha le matlotlo a eona, hape ba batla ho sokollela Bamaya Bok’hatholikeng e le hore ba furalle mekhoa ea bohetene e sehlōhō. Na bahlōli bao ba Maspanishe ba ile ba tlisetsa Bamaya tokoloho ea sebele, ebang ke ea bolumeli kapa tokoloho ea mofuta leha e le ofe?

Maspanishe a neng a akarelletsa baruti ba Kereke e K’hatholike, a ile a nka ka likhoka libaka tseo e neng e le khale haholo Bamaya ba li sebelisa bakeng sa mokhoa oa bona o tloaelehileng oa ho rema lifate le ho chesa hlaha e le ho lokisetsa temo. Sena se ile sa etsa hore Bamaya ba hule ka thata haholo ’me ba tlale lehloeo. Bo-ralikolone bana ba ile ba boela ba hapa liliba tsa tlhaho tse tebileng tseo ha e le hantle e neng e le eona feela mehloli ea metsi Hloahloeng ea Yucatán. Ho phaella lekhethong le neng le se le ntse le le boima leo ’muso o neng o le lefisa Bamaya, maemo a ile a mpefala le ho feta ha kereke e ba imetsa ka hore selemo le selemo monna e mong le e mong a lefe lekhetho la li-real tse 12 1⁄2 a le hore mosali e mong le e mong a lefe tse 9. Maspanishe a nang le masimo a ne a qhekella Bamaya ka ho ba lefella lekhetho leo la kereke, ebe a ba qobella hore ba sebeletse sekoloto seo, e leng se neng se ba etsa makhoba.

Baruti ba ne ba boetse ba lefisa batho bakeng sa litšebeletso tsa kereke tse kang ho kolobetsa, ho tiisa lenyalo le ho pata mofu. Kereke e ile ea ithuisa ka ho nkela Bamaya naha, ho ba lefisa lekhetho le ho ba lefisa bakeng sa litšebeletso tseo ba li etsetsoang. Batho ba sa rutehang ba ne ba nkoa ba lumela litumela-khoela ba bile ba nkoa ba le bothoto ka tlhaho. Ka hona, baruti le batho ba bang ba maemong a phahameng ba ne ba nka ho loketse ho shapa Bamaya ka sephali e le ho ba kenya tseleng le ho ba ntša litumela-khoela.

Ntoa ea Khethollo

Qalong, Bamaya ba ile ba iphetetsa ka ho hana ho lefa lekhetho la kereke, ba ntša bana ba bona likolong tsa kereke, ba qoba ho ea litlelaseng tse rutang katekisima ’me ba hana ho sebetsa masimong. Empa seo se ile sa etsa hore ba tšoaroe hampe le ho feta. Ka 1847, ka mor’a lilemo tse 300 eta ho lla sa Maspanishe, ho ile ha fihla moo Bamaya ba ileng ba re ba utloile ho lekane. Bamaya ba ile ba futuhela “makhooa” ntoeng e ileng ea bitsoa Ntoa ea Khethollo.

Ba etellang pele ntoeng ena ba ile ba sebelisa letšoao la bolumeli leo ba ileng ba le bitsa Sefapano se Buang ha ba etsa lipitso ’me sefapano seo se ne se sebelisoa eka sea bua e le ho hlohlelletsa batho hore ba loane ho fihlela ho khaoha moo ho khoehlang. Empa Bamaya ha baa ka ba o besa oa tuka. Ha ntoa eo e fela ka 1853, Bamaya ba ka etsang liphesente tse 40 ba Yucatán ba ne ba bolailoe. Leha ho le joalo, ka lilemo tse 55 ho ne ho ntse ho e-ba le likhohlano pakeng tsa lihlopha tsena tse peli. Qetellong, Bamaya ba ile ba lokoloha jokong ea Maspanishe ’me ba abeloa naha ea habo bona hape. Empa ho ile ha etsahala’ng ka tokoloho ea bolumeli?

E ne e se Tokoloho ea Sebele

Bok’hatholike bo tlisitsoeng ke Maspanishe ha a hapa naha ea Bamaya, hammoho le Ntoa ea Khethollo, ka bobeli ha lia ka tsa tlisetsa Bamaya tokoloho ea sebele. Kajeno ho setse bolumeli bo kopantseng tumelo ea Roma e K’hatholike le meetlo ea Bamaya ea pele Maspanishe a fihla.

Ha buka e reng The Mayas​—3000 Years of Civilization e bua ka Bamaya ba kajeno, e re: “Bamaya ba rapela melimo ea bona ea boholo-holo ea tlhaho hammoho le baholo-holo ba bona masimong, mahaheng le lithabeng . . . ka lehlakoreng le leng ba rapela bahalaleli likerekeng.” Ka hona, ba nka molimo oa bona ea bitsoang Quetzalcoatl, kapa Kukulcán, a lekana le Jesu ’me molimotsana oa bona oa letsatsi a lekana le Maria Mofereko. Ho phaella moo, ho rapela sefate se halalelang sa ceiba ho ile ha nkeloa sebaka ke ho rapela sefapano, seo batho ba ntseng ba se nosetsa joalokaha eka ke sefate se phelang. Ho e-na le hore lifapano tseo li bontše Jesu, li khabisoa ka lithunthung tsa sefate sa ceiba.

Tokoloho ea Sebele Qetellong!

Lilemong tsa morao tjena, Lipaki Tsa Jehova tse Mexico li ’nile tsa etsa mosebetsi o moholo oa ho ruta Bamaya Bibele. Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, tse kang makasine ena, li ile tsa hatisetsoa Bamaya ka puo ea habo bona e le ho ba thusa hore ba utloisise hore na morero oa Molimo ke ofe ka moloko oa batho. Liphello e bile life? Ha ho ne ho ngoloa sehlooho sena, ho ne ho e-na le baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba buang Semaya ba ka bang 6 600 ba kopanelang liphuthehong tse 241 tsa Lipaki Tsa Jehova sebakeng sena. Na ho bile bonolo hore Bamaya ba itokolle meetlong ea bona e le hore ba amohele ’nete ea Bibele?

Ho Bamaya ba bangata ba lipelo li ntle, sena ha sea ka sa e-ba bonolo. Marcelino le mosali oa hae Margarita ba ne ba inka e le Mak’hatholike a chesehang. Selemo se seng le se seng ba ne ba tlotlisa sefapano ka hore ba se jare ho tloha kerekeng ho ea lapeng, moo ba neng ba etsa mahlabelo a liphoofolo ’me ka mor’a moo ba je nama ea sehlabelo le beng ka bona le metsoalle. Joale ba ile ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova ’me tsa qala ho ithuta Bibele le bona. Ba re: “Re ne re lemoha hore seo re ithutang sona ke ’nete, empa re ne re tšaba hore ha re ka lahla litumelo tsa rōna, re tla hlaseloa ke meea e mebe.” Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho ithuta Bibele. Marcelino o re: “Butle-butle ’nete ea Bibele e ile ea ’na ea thopothela lipelong tsa rōna. Seo se ile sa re fa sebete sa hore re bue le beng ka rōna le metsoalle ka seo re ithutileng sona Bibeleng. Hona joale re thabile hore ebe re lokolohile litumela-khoeleng tseo re neng re le makhoba a tsona. Re ikoahlaela feela nako eo re e sentseng. Re batla ho lefa nako eo ka ho sebetsa ka thata ho bolella ba bang ’nete e babatsehang ea Bibele.”

Alfonso ea lilemo li 73 e ne e le Mok’hatholike ea chesehang. Motseng oa habo, o ne a tloaetse ho hlophisa mekete ea bolumeli, e neng e akarelletsa ’Misa, ho tantša hammoho le lijo le lino bakeng sa bohle ba teng. Batho ba ne ba boetse ba loana le lipoho. O re: “Mekete ena e ne e atisa ho fella ka meferefere e bakoang ke botahoa. Le hoja ke ne ke natefeloa ke mekete ena, ke ne ke utloa hore ho na le ntho e haellang bolumeling ba ka.” Ha Lipaki Tsa Jehova li bolella Alfonso litaba tse molemo, o ile a lumela ho ithuta Bibele. Le hoja a ne a fokolloa ke bophelo, o ile a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Hona joale o furaletse mekhoa eohle ea bolumeli ba hae ba pele ’me o sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella batho ba tl’o mo bona lintho tseo a sa tsoa ithuta tsona ka Jehova.

Ena ke mehlala e ’maloa feela ea Bamaya ba bangata ba lipelo li ntle ba fumaneng tokoloho ea sebele ea bolumeli. Ho ntse ho e-na le litloholo tsa batho ba ahileng liphiramide tse hlollang tsa Yucatán sebakeng sena. Ba ntse ba bua puo ea bona. Ba bangata ba phela ka tsela e tšoanang le eo baholo-holo ba bona ba neng ba phela ka eona, ba lula matlong a ruletsoeng ka makala a palema, a hahiloeng ka lehlaka a ntan’o pharoa ka seretse ’me a liloa. Ba lema poone le k’hothone ba ntse ba sebelisa mokhoa oa ho rema lifate le ho chesa hlaha pele. Empa hona joale ’nete ea Lentsoe la Molimo e lokolotse Bamaya ba bangata bokhobeng ba bolumeli ba bohata le ba litumela-khoela. Ba ananela ka pelo eohle mantsoe a matla a Jesu a reng: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”​—Johanne 8:32.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Real ke chelete ea khale ea Maspanishe.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Moo ho ntseng ho pheloa ka tsela ea Bamaya ba boholo-holo

Kou ea Mexico

MEXICO

Hloahloa ea Yucatán

Chichén Itzá

Cobá

BELIZE

GUATEMALA

HONDURAS

EL SALVADOR

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Lithako tsa Bamaya tse Chichén Itzá

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Marcelino le mosali oa hae, Margarita, ba bolela litaba tse molemo Yucatán

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela