Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 12/1 leq. 8
  • Jehova o fa Batho ba Hae Sebaka sa Phomolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o fa Batho ba Hae Sebaka sa Phomolo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bamaya ba Fumana Tokoloho ea Sebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ba Ile ba Kholiseha ha ba le Kathmandu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 12/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Jehova o fa Batho ba Hae Sebaka sa Phomolo

SEBAKA se nang le moriti tseleng e thabeng ke pono e thabisang ka ho fetisisa ho motsamai ea khathetseng. Nepal, libaka tse joalo tsa phomolo li bitsoa chautara. Chautara ea sebele e ka fumanoa haufi le sefate se seholo sa banyan, e le sebaka se nang le moriti sa ho lula le ho phomola. Ho hloma chautara ke ketso e mosa, ’me ba bangata ba etsang ketso ena e molemo ba lula sa ba tsejoe.

Liphihlelo tse tsoang Nepal li bontša kamoo Jehova Molimo a fetohileng Mohloli oa thabo le khatholoho ea moea kateng ho “batsamai” ba bangata ba khathetseng tsamaisong ena ea lintho.—Pesaleme ea 23:2.

• Lil Kumari o lula motseng o motle oa Pokhara, moo ho nang le pono e hlollang ea Lithaba tsa Himalaya tse koahetsoeng ke lehloa. Empa a tšoenyehile ka boemo ba lelapa ba lichelete, Lil Kumari o ne a ikutloa hore ha ho letho le lekaalo leo a neng a ka le lebella. Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo etela, o ile a susumetsoa ke tšepo e khanyang ea Bibele ’me hang-hang a kōpa thuto ea lehae ea Bibele.

Le hoja Lil Kumari a ne a thabela thuto eo, ho ne ho se bonolo ho tsoela pele ka lebaka la khanyetso e matla ea lelapa. Empa ha aa ka a inehela. O ne a kopanela libokeng tsa Bokreste kamehla ’me a sebelisa seo a ithutang sona, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea boikokobetso ba basali. Ka lebaka leo, ’mè oa hae le monna oa hae ba ile ba lemoha hore thuto ea Lil Kumari ea Bibele e ne e ruisa lelapa lohle molemo.

Monna oa hae le beng ka eena joale ba ithuta Lentsoe la Molimo. Kopanong ea morao tjena e neng e tšoaretsoe Pokhara, Lil Kumari o ile a thabela lenaneo hammoho le beng ka eena ba 15. O re: “Lehae la ka le fetohile sebaka sa phomolo hobane lelapa la rōna le momahane borapeling ba ’nete, ’me ke fumane khotso ea ’nete ea kelello.”

• Le hoja ho khethollana ka maemo ho sa lumelloa ka molao Nepal, ho sa ntsane ho e-na le tšusumetso e matla tseleng eo batho ba phelang ka eona. Kahoo, ba bangata ba khahlehela ho tseba hore na Bibele e re’ng ka ho lekana le ka ho hloka leeme. Ho ithuta hore “Molimo ha a leeme” ho ile ha fetola bophelo ba Surya Maya hammoho le lelapa la hae haholo.—Liketso 10:34.

Surya Maya o ne a utloisitsoe bohloko ke ho hloka toka ho bakoang ke ho khethollana ka maemo le moroalo oa lineano le meetlo tse metseng ka metso. Kaha e ne e le mosali ea inehetseng, Surya Maya o ile a kōpa thuso ho melimo ea hae ea litšoantšo ka lilemo tse ngata. Empa lithapelo tsa hae ha lia ka tsa arabeloa. Ka letsatsi le leng ha a ntse a hooa a batla thuso, setloholo sa hae sa ngoanana se lilemo li tšeletseng, Babita, se ile sa mo atamela ’me sa re: “Ke hobane’ng ha u batla thuso ho melimo ea litšoantšo e sa khoneng ho etsa letho?”

Ho ile ha fumaneha hore ’mè oa Babita o ne a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka cheseho Babita o ile a memela nkhono oa hae libokeng tsa Bokreste. Ha Surya Maya a e-ba teng ho tsona, o ile a makatsoa ke ho bona batho ba maemo a sa tšoaneng ba thabetseng ho kopana ’moho ho se leeme. Hang-hang o ile a kōpa thuto ea lehae ea Bibele. Le hoja sena se ile sa baka hore a khetholloe ke baahelani ba hae, ha aa ka a nyahama; ’me ho se tsebe ha hae ho bala le ho ngola hantle ha hoa ka ha mo thibela ho etsa tsoelo-pele moeeng.

Ho se ho fetile lilemo tse robeli, ’me litho tse tšeletseng tsa lelapa la hae, ho kopanyelletsa le monna oa hae le bana ba bararo, li fetohile Lipaki tsa Jehova. Joale Surya Maya e se e le mosebeletsi oa nako e tletseng, pula-maliboho oa kamehla, eo ka thabo a thusang ba bang ho jarolla meroalo ea bona e boima sebakeng sa sebele sa phomolo seo e leng Jehova feela ea ka fanang ka sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela