Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/06 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Bamaya ba Fumana Tokoloho ea Sebele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 4/06 leq. 30

Maikutlo a Babali

Ho Thusa Bacha ba Khathatsong (April 8, 2005) Letoto la lihlooho tsena le ne le e-na le boitsebiso bo molemo haholo. Ka linako tse ling, ho ba mocha ho thata, empa ho bala lihlooho tse kang tsena ho etsa hore ho se ke ha sithabetsa hakaalo. Bona ke bona boitsebiso bo hlokahalang ho re khothatsa ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Likhopotso tse fanoeng lihloohong tsena li tla re thusa hore re se ke ra tšoasoa ke “maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) Kea le leboha ka ho fana ka lijo tsena tsa moea ka nako e loketseng.

K. S., United States

Lehae le Hloekileng—Tema eo Kaofela re e Khathang (June 8, 2005) Ha ke sa hōla, batsoali ba ka ba ne ba sebetsa ka bobeli ’me ’na le banab’eso ba babeli re bapalla ka tlung. Ntlo e ne e lula e hlekemane. Le ka lena le holimo ke ntse ke sa rate ho hloekisa. Empa ha ke bala sehlooho sena ke ile ka utloa eka ’Mè o nthuta ka mosa hore ke tsebe ho hloekisa. Hona joale ke na le bana ba seng ba hōlile, ’me ha ba rate ho hloekisa. Ho na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho ba ruta tsona. Sehlooho sena se nkhothalitse.

Y. E., Japane

Se ka Tšohloang ke Lelapa (May 8, 2005)a Ke ile ka seka meokho ha ke bona sehlooho sena. Ke ile ka se bontša morali oa ka. O ile a mpolella hore o se a balile sehlooho se buang ka serobele se lemetseng le hore o se a bile a arabile lipotso tse peli tse hlahang ho “Se ka Tšohloang ke Lelapa.”

L. S., United States

Lilaebrari—Moo Tsebo e Fumanehang Teng (May 22, 2005)* Ka mosa ke kōpa ho le hlokomelisa phoso setšoantšong se leqepheng la 18 hore ho itsoe ke sa Morena Asnapare oa Assyria. Empa ha e le hantle setšoantšo seo ke sa Morena Esare-hadone oa Assyria.

A. W., Jeremane

Karabo ea “Tsoha!”: Rea leboha ha u re hlokomelisitse seo. Joalokaha ho bontšitsoe bukeng ea litšupiso tsa Bibele ea “Insight on the Scriptures,” Volume 1, leqepheng la 757, Esare-hadone e ne e le mora e monyenyane oa Morena Sankeribe oa Assyria ebile e le mohlahlami oa hae.b

K’halendara ea Maya e Hlollang (April 8, 2005)c Sehlooho sena se ile sa etsa hore ke batlisise boitsebiso bo eketsehileng Inthaneteng. Ke ile ka fumana hore k’halendara ea Maya e amana haufi le bonohe ba linaleli. Ke nahana hore ho hatisa lihlooho tse kang sena ho ka ’na ha khothalletsa babali ho thahasella litaba tsa bonohe ba linaleli le mefuta e meng ea bonohe.

J. K., Poland

Karabo ea “Tsoha!”: Joalokaha ho boletsoe leqepheng la 4 la “Tsoha!” makasine ena “e tlaleha litaba, e bua ka batho ba linaha tse ngata, e hlahloba litaba tsa bolumeli le tsa saense.” Sena hase bolele hore re hlile re lumellana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehoang ka seo. Sehloohong se sekhutšoaane seo u buang ka sona, re ne re bua ka batho ba boholo-holo ba Maya, bao tsebo ea bona ea ho bala nako e thusitseng ho hlahisa k’halendara e nepahetseng ka tsela e ikhethang. Taba ea hore k’halendara eo e ne e sebelisetsoa bonohe—e leng se boletsoeng sehloohong seo—ha ea lokela hore ka tsela leha e le efe e khothalletse babali ba rōna ho thahasella ho ithuta bonohe ba linaleli.

Ka linako tse ling re fumana lipotso tse kang ena ka litšoantšo tse hlahang likhatisong tsa rōna. Ha ho hlahisoa litšoantšo tse rapeloang, matšoao a bolumeli, kapa lintho tse amanang le ho sebelisana le meea hase hobane morero e le ho tsosa thahasello ea babali ba rōna empa e le ka sepheo sa ho senola liphiri tse amahanngoang le lintho tseo le ho lemosa babali ba rōna hore ba se ke ba ikamahanya ka letho le tsona. Litlhaloso tse ngata tseo re li fumaneng li bontšitse hore lihlooho le litšoantšo tseo re li hlahisang li bile le phello eo e molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

c Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela