Maikutlo a Babali
Tšebelisano—Ke ea Bohlokoa Bophelong (September 8, 2005) Ho bua ’nete ha ke bona sekoahelo sa makasine ena, ke ne ke sa nahane hore ke tla thahasella taba eo e buoang ka eona. Empa ke ile ka bala lihlooho tsohle, ’me ka li rata! Ha ke ntse ke li bala, ke ile ka khefutsa khafetsa ho leboha Jehova ka tsela e babatsehang eo a bōpileng lintho ka eona. E ne e le ho hlollang ho bona tsela eo liphoofolo li sebelisanang ka eona.
B. K., United States
Bacha Baa Botsa . . . Nka Qoba ho Tloaelana le Batho ba Fosahetseng Joang? (September 8, 2005) Ke ne ke rata motho e mong “ea fosahetseng” ea neng a sa tsitsa ’neteng ea Bibele. Sehlooho sena se nthusitse ho bona kotsi ea ho tloaelana le motho ea fokolang moeeng. Ke ho tšelisang ho tseba hore Jehova oa re tsotella. Kea leboha ka ho fana ka thuso eo e nakong.
A.B.K., Zambia
Sehlooho sena se ile sa nthusa ho bona hore ke lokela ho fetola metsoalle ea ka. Le hoja ho ne ho le thata, sehlooho sena—seo ke sa batleng ho arohana le sona—se tsoela pele ho ’matlafatsa. Kea le leboha ka thuso le khothatso eo le re fang eona.
L. R., United States
Pono ea Bibele—Na U Lokela ho Rapela Moroetsana Maria? (September 8, 2005) Kea le tsota Lipaki Tsa Jehova kaha le itšoere hantle le limakasine tsa lōna li ntsoetse molemo o moholo. Empa ho tla joang hore le re ha rea lokela ho kōpa Maria hore a re thuse? Ke eena ea re buellang ho Ntate, e le hore re ka ba khotsong.
E. R., Spain
Karabo ea “Tsoha!”: Joalokaha sehlooho seo se hlalositse, ha ho moo Bibele e re laelang hore re rapele motho e mong haese Molimo feela. Ho ea ka moruti oa K’hatholike ebile e le mongoli, Andrew Greeley, “setšoantšo sa Maria se amahanya Bokreste ka ho toba le malumeli a boholo-holo a molimotsana oa ’mè.” Kahoo, ho hlomphuoa ha Maria ka tsela ea borapeli ho qalile boheteneng, eseng Bokresteng. E ka ’na eaba taba ena e ncha ho babali ba rōna ba bangata, ’me re ba khothalletsa ho hlahloba Bibele ho utloa seo ha e le hantle e se rutang. Ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova e ne e kile ea e-ba Mak’hatholike, empa ha ba ntse ba ithuta Lentsoe la Molimo, ba ile ba hlokomela hore Molimo ha a batle hore re mo rapele ka motho leha e le ofe haese Jesu Kreste, eo e leng eena feela mokena-lipakeng. (Baheberu 7:25) Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona buka e reng “Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?”a Khaolo ea eona ea 15 e reng “Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang,” e tšohla bohlokoa ba ho lumellanya seo re se lumelang le se ka Mangolong a Halalelang.
Ho Itloaetsa ho Tšeha Lintho Tse Qabolang ha U Ntse U Kula (April 22, 2005)b Mosali oa ka o hlokahetse ka December 2002, a kula a tšoere ke sebete. O ne a qetile likhoeli tse ka bang tse robeli a kula. Leha ho le joalo, o ne a bua ka lintho tse khothatsang feela a bile a re phetela liphihlelo tse tšehisang. Ho fihlela motsotsong oa ho qetela, o ne a ntse a e-na le tšepo. Ke utloisisitse lebaka la seo ha ke bala sehlooho sena. Ho ne ho hlokahala hore a nahane lintho tse khothatsang, feela joalokaha ho ne ho hlokahala le ho rōna. E tlameha ebe seo se ne se etsa hore a ikutloe hamolemo, joaloka Conchi. Kea leboha ha le nthusitse ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mosali oa ka a ne a etsa lintho ka tsela eo a neng a li etsa ka eona.
D. H., United States
Maikutlo a Babali Ke lula ke lebeletse ho bala “Maikutlo a Babali.” Ka linako tse ling ha ke bala lengolo la motho ea itseng ke ee ke re ka pelong, ‘Le ’na ke kamoo ke ikutloang kateng!’ Ka linako tse ling ke ee ke ipotse, ‘Ke’ng ha eka ha kea bona ntlha eo tjee?’ Ebe ke pheta sehlooho seo, ’me hangata ke thabela seo ke se balang le ho khothatsoa ke sona.
M. T., Japane
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
b Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.