Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Kankere ea Matsoele—Seo Mokuli a ka se Lebellang, Seo a ka se Etsang
    Tsoha!—2011
  • Ha Ngoana a Tšoeroe ke Kankere
    Tsoha!—2011
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 leq. 30

Maikutlo a Babali

Litsela Tsa ho Fumana Mosebetsi le ho o Boloka (July 8, 2005) Ke ananetse tlhahiso eo le faneng ka eona ea hore motho a sale morao monyetla o mong le o mong oa mosebetsi, esita le haeba ho bonahala eka mosebetsi oo ke oa maemo a tlaase. Morao tjena ke ne ke batla ho tlohela mosebetsi oa nako e tletseng ke etse oa nakoana e le hore ke qete nako e eketsehileng ke le tšebeletsong ea Bokreste. Empa ke ne ke khetha mesebetsi e itseng feela eo nka e etsang. Ka mor’a moo ke ile ka fuoa mosebetsi o mong, oo ke ileng ka o amohela. Ke mosebetsi oa maemo a tlaase, empa ke leka ho o khotsofalla. Bonyane ha ke fihle hae ke khathetse kelellong, ebile ke khona ho tsepamisa kelello ho ithuteng Bibele.

M. I., Japane

May Day—E Bolela’ng ho Uena? (April 22, 2005)a Ke seithuti sekolong se phahameng, ’me sekolong ho ketekoa May Day selemo le selemo. Libapali li itlhakisetsa tšoantšiso li apere liaparo tsa tšoantšiso, ’me liithuti tsohle tsa sekolo se phahameng le se bohareng li kōpuoa hore li be teng li tl’o shebella. Pele ke ne ke e-ea moo, empa mokete oo o ne o etsa hore ausi oa ka a khathatsehe. Sehlooho sena se nthusitse ho bona hore o ne a nepile! Ke leboha haholo. Sehlooho sena se tlile ka nako e loketseng!

C. C., United States

Ho Itloaetsa ho Tšeha Lintho Tse Qabolang ha U Ntse U Kula (April 22, 2005)* Ke se ke qetile lilemo tse tšeletseng ke e-na le kankere karolong ea pōpelo e hlahisang mahe, ’me ke buuoe ka makhetlo a ’maloa ka ba ka phekoloa ka lik’hemik’hale tse loantšang kankere. Le ’na ho tšoana le Conchi, ke leka ho tšehetsa phutheho ea heso le ho ba teng libokeng tsohle le likopanong neng le neng ha ke khona. Ho thata ho sebetsana le boloetse ba kankere, kahoo ke ananela seo Conchi a se buileng tabeng ea ha motho a bolelloa litaba tse bohloko tseo ho bonahalang eka rōna batho ba nang le kankere, lingaka li lula li re bolella tsona. Ka sebele phihlelo ea Conchi e nkhothalitse!

B. F., United States

Ke tšoere ke lefu la lupus, ’me ka nako e ’ngoe ke ile ka ba ka lahleheloa ke mohopolo. Ha ke ntse ke hlaphoheloa, ke leka ho itloaetsa ho tšeha lintho tse qabolang. Haufinyane tjena, ha ke ne ke kene sepetlele ke e-na le bothata ba ka maleng, ke ile ka leka ho etsa se tšoanang. Ke lumellana le Conchi ha a re, “Ho kula hase papali, empa u lokela ho leka ho itloaetsa ho tšeha lintho tse qabolang.”

M. A., Venezuela

Tsa Mona le Mane (July 8, 2005)b Sehloohong se reng “Livithamine le Kankere,” ke rata ho bontša hore maikutlo a Dr. Sullivan ea qotsitsoeng moo a fapana le a litsebi tse ling tse ngata tsa phepo e nepahetseng. Litlaleho tse ngata tse phatlalalitsoeng libukeng tsa saense le liphuputso tse se nang palo li bontšitse hore tse ling tsa lintho tseo le li thathamisitseng moo li thusa ho thibela mefuta e itseng ea kankere—le ho e phekola. Ke nka hore ho hatisa boitsebiso bo sekametseng lehlakoreng le itseng joaloka boo ho ka ’na ha beha Tsoha! ka mosing kaha ha e tšehetse lehlakore le itseng feela.

A. B., Netherlands

Karabo ea “Tsoha!”: Ho latela seo ’mali enoa a se buang, ho hlakile hore liphuputso tse ling li bontšitse hore maemong a mang lintho tse boletsoeng sehloohong seo sa rōna li thusitse batho ba tšoeroeng ke kankere. Re masoabi haeba ho hatisa sehlooho sena e ka ’na eaba ho bakile pherekano e itseng. “Tsoha!” ha e nke lehlakore tabeng ea mekhoa ea phekolo. Taba ea hore re phatlalatsa boitsebiso bo amanang le litaba tsa bophelo bo botle ba ’mele hore babali ba rōna ba bo hlahlobe ha e bolele hore re lumellana le bona. Ka ho tšoanang, ha re qotsa khatiso e itseng kapa setsebi lefapheng le itseng, rea tseba hore likhatiso tse ling le litsebi tse ling li ka ’na tsa e-ba le maikutlo a fapaneng le ao—e leng se etsahalang hangata. Re siela babali ba rōna hore ba ikhethele seo ba batlang ho se etsa tabeng ea bophelo bo botle ’meleng ba etsa qeto eo motheong oa seo ba se tsebang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.

b Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela