Maikutlo a Babali
Lithaba—Ke Tsa Bohlokoa Bakeng sa Bophelo Lefatšeng (April 8, 2005) Ho etela mokoloko oa lithaba tsa Grand Teton e bile e ’ngoe ea liketsahalo tse hlollang ka ho fetisisa bophelong ba ka. Empa ke ile ka tsota ha ke bala kamoo lithaba e leng tsa bohlokoa kateng. Hona joale ke na le kananelo e khōloanyane bakeng sa lithaba tse teng lefatšeng le ka ’Mōpi oa tsona ea babatsehang.
J. G., United States
Ha ke bona botle ba pōpo ea Jehova, ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa hore na ke ikutloa joang. Ho sa tsotellehe mabifi a batho le ho silafala ha tikoloho, motho o ntse a ka ananela le ho thabela lithaba. Ke thabela ho bolella ba bang hore na ho tla etsahala eng haufinyane, joalokaha ho tšepisitsoe ho Pesaleme ea 72:16.
R. C., United States
Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mosebetsi oa Matsoho? (April 8, 2005) Ke sebetsa k’hamphaning ea ho penta e ikarabelang ka Ntate, empa motho e mong o ile a mpolella hore mosebetsing oa mofuta ona, ha ho hlokahale hore u sebelise hlooho. Leha ho le joalo, sehlooho sena se bontšitse hore Jesu le Pauluse ba ile ba sebetsa ka matsoho a bona. Hona joale ke khothetse le ho feta hore ke etse mosebetsi oa ka ka cheseho. Ke batla ho ikitlaetsa ka matla e le hore ke tle ke sebelise tsebo ena kahong ea Liholo Tsa Kopano le Tsa ’Muso.
M. Y., Japane
Ka sebele sehlooho sena se nkhothalitse haholo! Se nkhopolitse hore morero oa rōna o ka sehloohong bophelong ke ho sebeletsa Jehova Molimo le hore mosebetsi oo ke o khethang o lokela ho lumellana le morero ona. Sehlooho sena se babatsehang se ntšusumellelitse hore ke ntlafatse tabeng ea ho ikhanna ho etsa mesebetsi e hlokahalang lapeng. Habohlokoa le ho feta, sehlooho seo se nthusitse ho fumana pono ea Jehova ka mosebetsi oa matsoho.
Y. K., Russia
Bophelo—Kopano e Hlollang ea Letoto la Lintho (January 22, 2005)a Ke lilemo li 15. Tlelaseng ea rōna ea baeloji sekolong, re ithuta sehloohong se bitsoang tlhahiso ea matla ’meleng. Ha ke e-ea le makasine ena sekolong tichere ea ka ea baeloji e ile ea sebelisa sehlooho seo ho ruta tlelase, e bontša litšoantšo tse ho eona. Ha tlelase e tsoa, e mong le e mong o ile a bolela hore o lakatsa ho ba le makasine ena. Ho hlakile ka sehlooho sena feela hore na Jehova o na le bohlale bo bokae. Kantle ho pelaelo o lokeloa ke ho rorisoa. Ke letetse nako eo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e tlang ho rorisa Jehova!
Y. B., Russia
“Hoja Feela Batho ba ne ba Tseba!” (January 8, 2005) Ke lilemo li 17, ’me hangata ke ’nile ka nahana ho fallela sebakeng seo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso. Mohlala oa David o matlafalitse boikemisetso ba ka ba ho fallela tšimong e joalo hang feela ha ke qeta sekolong. Ka kōpo tsoelang pele le hatisa mehlala e joalo e khothatsang. Bacha ba lilemong tsa ka ba hloka ho lula ba khothatsoa joalo hore ba tsoele pele tšebeletsong ea ho bolela.
K. O., Poland
Ke lilemo li 20, ’me ke ile ka lla ha ke bala sehlooho sena. Ke ile ka nahana, ‘Nke ke ka rata ho ba le pelaelo leha e le efe ea hore ha kea sebeletsa Jehova ka hohle kamoo nka khonang haeba ho ka etsahala hore ke shoe ke sa le mocha.’ Pakane ea ka ke hore haufinyane ke be ’moleli oa nako e tletseng. Ke tl’o foreima sehlooho sena ’me ke se fanyehe leboteng e le hore ke se ke ka lebala maikutlo ao ke bileng le ’ona ha ke se bala. Kea le leboha ka ho hatisa liphihlelo tse monate joaloka ka ena.
N. N., Japane
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena ha sea fetoleloa ka Sesotho.